Jeremia 10:1-25

  • Melimo ea lichaba e bapisoa le Molimo ea phelang (1-16)

  • Naha e tl’o felisoa ebe batho baa hapuoa (17, 18)

  • Jeremia oa lla (19-22)

  • Thapelo ea moprofeta Jeremia (23-25)

    • Motho ha a khone ho laola mehato ea hae (23)

10  Utloang mantsoe ao Jehova a le boleletseng ’ona lona ba ntlo ea Iseraele.  Jehova o re: “Le se ke la ithuta meetlo ea lichaba+Hape le se ke la tšosoa ke lipontšo tsa maholimoHobane feela lichaba li li tšaba.+   Etsoe meetlo ea lichaba ha e na thuso. Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se rema sefate morungEbe ka sona se etsa setšoantšo.+   Ba se khabisa ka silevera le khauta+Ebe ba se kokotela ka hamore le lipekere e le hore se se ke sa oa.+   Litšoantšo tse joalo li tšoana le setšosa se tšimong ea likomkomere, ha li tsebe ho bua.+ Li hloka ho kakasoa hobane ha li tsebe ho tsamaea.+ Le se ke la li tšaba hobane li ke ke tsa baka kotsiKapa tsa etsa letho le molemo.”+   Ha ho ea tšoanang le uena Jehova.+ U moholo le lebitso la hao le leholo ebile le matla.   Ke mang ea sa lokelang ho u tšaba, uena Morena oa lichaba?+ U lokela ho tšajoa. Har’a batho bohle ba bohlale ba lichaba le har’a mebuso eohle ea bona,Ho hang ha ho ea tšoanang le uena.+   Kaofela ha bona ha ba nahane ’me ha ba na kelello.+ Thuto e fanoang ke litšoantšo tse entsoeng ka sefate ha e na thuso ho hang.+   Makapa a silevera a rekoa Tarshishe+ le khauta e rekoa Ufaze,Li entsoe ke setsebi sa mesebetsi ea matsoho le matsoho a ea sebetsang ka tšepe. Liaparo tsa bona li entsoe ka khoele e putsoa le boea bo pherese. Kaofela li entsoe ke basebetsi ba hloahloa. 10  Empa kannete Jehova ke Molimo. Ke Molimo ea phelang+ ebile ke Morena oa bosafeleng.+ Lefatše le tla reketla ka lebaka la khalefo ea hae+Ebile ha ho na lichaba tse ka mamellang khalefo ea hae. 11  * U lokela ho re ho lichaba tseo: “Melimo e sa kang ea etsa maholimo le lefatšeE tla timela lefatšeng le ka tlas’a maholimo ana.”+ 12  Ke eena Molimo ea entseng lefatše ka matla a hae,Ka bohlale ba hae o entse lefatše,+O otlolotse maholimo ka bohlale* ba hae.+ 13  Lentsoe la hae le etsa horeMetsi a maholimong a loebehlane,+O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše.+ O etsa lehalima* bakeng sa pula’Me o bulela moea moo a o koaletseng teng.*+ 14  Motho e mong le e mong o etsa lintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo. Motho e mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng,+Etsoe litšoantšo* tsa hae tse entsoeng ka tšepe lia thetsaHape ha ho na moea* ho tsona.+ 15  Ha li na thuso, li lokeloa ke ho songoa.+ Ha letsatsi la kahlolo le fihla, li tla timela. 16  Empa Molimo oa Jakobo ha a tšoane le tsona,Ke eena ea entseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe’Me Iseraele ke lere la lefa la hae.+ Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+ 17  Phutha thoto ea hao fatše,Uena mosali* ea lulang har’a mahlomola. 18  Etsoe Jehova o re: “Ke lahlela* baahi ka ntle ho naha ena,+Ke tla etsa hore ba be le mahlomola.” 19  Ke malimabe ka lebaka la ho sithabela ha ka.*+ Leqeba la ka ha le fole. Ke itse: “Kannete bona ke boloetse ba ka ’me ke lokela ho bo mamella. 20  Tente ea ka e sentsoe, lithapo tsa tente ea ka kaofela li khaotsoe.+ Bana ba ka ba ntšiile ’me ha ba sa le eo.+ Ha ho na ea setseng ho phutholla tente ea ka kapa ho e hloma. 21  Etsoe balisa ba entse lintho tse se nang kelello,+Ha baa botsa Jehova.+ Ke ka lebaka leo ba sa kang ba e-ba bohlale’Me mehlape eohle ea bona e hasane.”+ 22  Mamelang tlaleho. Morusu o moholo o hlaha naheng ea leboea.+ O tl’o etsa hore metse ea Juda e se ke ea e-ba le baahi, e be selao sa liphokojoe.*+ 23  Jehova, ke tseba hantle hore motho ha a fuoa matla a ho laola tsela ea hae. Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.+ 24  Jehova, nkhalemele kamoo u bonang ho loketseEmpa eseng u halefile+ esere oa mphelisa.+ 25  Ntšetsa bohale ba hao ho lichaba tse iphapanyetsang uena+Le holim’a malapa a sa hlompheng lebitso la hao. Etsoe a hlasetse Jakobo,+A mo hlasetse ebile a batlile ho mo felisa+Hape a sentse naha ea hae.+

Linaletsana

Temana ea 11 e ne e ngotsoe ka Searame.
Kapa: “kutloisiso.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa mohlomong: “mekoallo ea metsi.”
Kapa: “moholi.”
Kapa: “liemahale.”
Kapa: “phefumoloho.”
E leng Jerusalema.
Kapa: “tjekeletsa.”
Kapa: “robeha.”
E leng moo liphokojoe li lulang.