Jeremia 31:1-40

  • Baiseraele ba setseng ba tla boela ba lule naheng (1-30)

    • Ragele o llela bana ba hae (15)

  • Selekane se secha (31-40)

31  Jehova o re: “Ka nako eo, ke tla ba Molimo oa malapa ’ohle a Iseraele ’me ’ona e tla ba sechaba sa ka.”+  2  Jehova o re: “Batho ba phonyohileng sabole ba ile ba hauheloa ke Molimo lefeelleng. Baiseraele ba ea moo ba tla fumana phomolo.”  3  Jehova a hlaha ho ’na a le hole a re: “Ke u ratile ka lerato le sa feleng. Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka u tšepahalla le ho u hulela ho ’na.+  4  Ke tla boela ke u hahe ’me u tla ba sechaba hape.+ Uena moroetsana oa Iseraele, u tla boela u nke meropa ea hao e menyenyaneU tjeke u thabile.*+  5  U tla boela u leme lirapa tsa morara lithabeng tsa Samaria.+ Balemi ba tla lema ’me ba je litholoana.+  6  Ho tla tla letsatsi leo balebeli lithabeng tsa Efraime ba tla hoeletsa ba re: ‘Emang, re nyoloheleng Sione ho Jehova Molimo oa rona.’”+  7  Etsoe Jehova o re: “Binelang Jakobo le thabile,Hoeletsang le thabile hobane le phahametse lichaba.+ Phatlalatsang molaetsa, le rorise Molimo le re: ‘Jehova, pholosa sechaba sa hao, Baiseraele ba setseng.’+  8  Ke tla ba lata ho tsoa naheng ea leboea.+ Ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse hole-hole tsa lefatše.+ Har’a bona ho tla ba le lifofu le ba holofetseng,+Mosali oa moimana le ea pepang, kaofela ha bona. Ba tla khutlela mona e le phutheho e kholo.+  9  Ba tla khutla ba ntse ba lla.+ Ke tla ba etella pele ba ntse ba kopa mohau. Ke tla ba tataisetsa melatsoaneng,+Tseleng e pharaletseng moo ba ke keng ba khoptjoa. Ke ’na Ntate oa Iseraele, Efraime ke letsibolo la ka.”+ 10  Utloang lentsoe la Jehova, lona lichaba,Le le phatlalatse har’a lihlekehleke tse hole le re:+ “Ea hasantseng Iseraele o tla mo bokella,O tla mo lisa joalokaha molisa a lisa mohlape oa hae.+ 11  Jehova o tla lopolla Jakobo,+A mo pholose* letsohong la ea matla ho mo feta.+ 12  Ba* tla tla, ba hoeletse ka thabo holim’a thaba ea Sione,+Ba tlale thabo ka lebaka la melemo e tsoang ho Jehova,Ka lebaka la lijo,* veine e ncha,+ oli,Likonyana, lipotsanyane le manamane.+ Ba tla ba joaloka serapa se nosetsoang hantle,+Ha ba sa tla hlola ba omella hape.”+ 13  “Ka nako eo, moroetsana o tla tjeka a thabileHammoho le bahlankana le bo-ntate-moholo.+ Ke tla fetola masoabi a bona thabo e khaphatsehang,+Ke tla ba tšelisa, ke etse hore ba thabe ho e-na le ho sareloa.+ 14  Ke tla khotsofatsa baprista ka lijo tse ngata.* Sechaba sa ka se tla khotsofatsoa ke melemo e tsoang ho ’na,”+ ke Jehova ea chong. 15  “Jehova o re: ‘Lentsoe le utloahala Rama,+ seboko le sello se bohloko. Ragele o llela bana ba hae.+ O hanne ho tšelisehaHobane bara ba hae ha ba sa le eo.’”+ 16  Jehova o re: “‘Thola u se ke oa lla le mahlo a hao a se ke a tsoa meokhoHobane ho na le moputso bakeng sa mosebetsi oa hao,’ ke Jehova ea chong. ‘Bara ba hao ba tla khutla naheng ea sera.’+ 17  ‘Tšepo e teng bakeng sa hao,’+ ke Jehova ea chong. ‘Bara ba hao ba tla khutlela habo bona.’”+ 18  “Ruri ke utloile sello sa Efraime ha a re: ‘Ke ne ke le joaloka pohoana e sa koetlisoang,U nkhalemetse, ka khalemeleha. Nkhutlisetse tseleng ’me hang-hang ke tla khutlaKaha u Jehova Molimo oa ka. 19  Ke ile ka ikoahlaea eaba kea khutla,+Ka mor’a hore u etse hore ke utloisise, ke ile ka utloa bohloko haholo.* Ke ile ka hlajoa ke lihlong, ka soaba+Ka lebaka la lintho tseo ke li entseng ha ke sa le mocha.’” 20  Jehova o re: “Na Efraime ha se mora oa ka oa bohlokoa, ngoana eo ke mo ratang?+ Le hoja ke mo khalemetse ka makhetlo a mangata, ke ntse ke mo hopola. Ke kahoo ke mo hlolohetsoeng.*+ Ruri ke tla mo hauhela.+ 21  Itlhomele matšoao a tsela,U behe matšoao.+ U ele hloko tsela e kholo, tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.+ Khutla, uena moroetsana oa Iseraele, u khutlele metseng ena ea hao. 22  Uena morali ea sa tšepahaleng, u tla ’ne u ee koana le koana ho fihlela neng? Jehova o entse ntho e ncha lefatšeng: Mosali o tla batla monna.” 23  Jehova oa mabotho e leng Molimo oa Iseraele o re: “Nakong eo ke bokellang batho ba bona ba hapuoeng, ba tla boela ba bue mantsoe ana naheng ea Juda le metseng ea eona: ‘E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa, uena sebaka seo ba lokileng ba lulang ho sona,+ uena thaba e halalelang.’+ 24  Juda le metse eohle ea eona e tla ba le baahi, lihoai le balisa ba tla lula teng.+ 25  Etsoe ke tla khatholla motho ea khathetseng ’me ke khorise e mong le e mong ea fokotseng ke tlala.”+ 26  Eaba kea phaphama ke bula mahlo, boroko ba ka bo ne bo ’natefetse. 27  Jehova o re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla atisa ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda. Ke tla atisa le liphoofolo tsa bona.”+ 28  Jehova o re: “Feela joalokaha ke ne ke itokiselitse ho ba fothola, ho ba ripitla, ho ba senya,+ ho ba ntša kotsi le ho ba felisa, ke tla itokisetsa ho ba haha le ho ba tsitsisa.+ 29  Matsatsing ao, ha ba sa tla hlola ba re: ‘Bo-ntate ba jele morara o bolila empa bara ke bona ba utloang bolila boo.’+ 30  Empa motho leha e le ofe ea jang morara o bolila, ke eena ea tla utloa bolila boo. Motho e mong le e mong o tla shoela phoso ea hae.” 31  Jehova o re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla etsa selekane se secha le ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda.”+ 32  Hape Jehova o re: “Se ke ke sa tšoana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholo-holo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tšoere ka letsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta+ ‘e leng selekane sa ka seo ba ileng ba se fetohela,+ le hoja ke ne ke le mong’a bona.’”* 33  Jehova o re: “Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona,+ ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona ’me bona e tla ba batho ba ka.”+ 34  Jehova o re: “Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: ‘Tsebang Jehova’+ hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui.+ Ke tla tšoarela liphoso tsa bona ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.”+ 35  Ana ke mantsoe a Jehova,Ea fanang ka letsatsi bakeng sa ho khantša motšehareLe ka melao ea khoeli le linaleli bakeng sa ho khantša bosiu,Ea fuluhang leoatle le ea etsang hore maqhubu a lona a loebehlane,Eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho. O re:+ 36  Jehova o re: “‘Melao ena e tla hloleha ho sebetsaMohla bana ba Iseraele ba khaotsang ho ba sechaba ka pel’a ka.’”+ 37  Jehova o re: “‘Feela joalokaha maholimo a ke ke a methoa le metheo ea lefatše e ke ke ea tsejoa hantle, nke ke ka lahla bana bohle ba Iseraele ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo ba li entseng,’ ke Jehova ea chong.”+ 38  Jehova o re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona Jehova a tla haheloa motse+ ho tloha Toreng ea Hananiele+ ho ea Keiting e K’honeng.+ 39  Khoele e methang+ e tla toba pele ho ea leralleng la Garebe ebe e tjekela Gooa. 40  Khohlo* eo ho lahleloang litopo le molora* ho eona le masimo ’ohle ho ea fihla Khohlong ea Kidrone+ le ho ea fihla sekhutlong sa Keiti ea Lipere+ ho elella bochabela, e tla ba ntho e halalelang ho Jehova.+ E ke ke ea felisoa kapa ea senngoa hape le ka mohla.”

Linaletsana

^ Kapa: “U tjeke le ba tšehang.”
^ Kapa: “lopolle.”
^ E leng Baiseraele.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “monono.”
^ Kapa: “otla serope sa ka.”
^ Ka Seheberu: “mala a ka a lubehileng ka lebaka la hae.”
^ Kapa mohlomong: “monna oa bona.”
^ Kapa: “Phula.”
^ Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.