Buka ea Pele ea Samuele 8:1-22

  • Baiseraele ba batla morena (1-9)

  • Samuele o lemosa batho (10-18)

  • Jehova o lumella Baiseraele ho ba le morena (19-22)

8  Ha Samuele a se a tsofetse, o ile a khetha bara ba hae hore e be baahloli ba Iseraele.  Lebitso la mora oa hae oa pele e ne e le Joele ’me lebitso la oa bobeli e le Abija.+ E ne e le baahloli Beersheba.  Empa bara ba hae ha baa ka ba latela mohlala oa hae. Ba ne ba fumana chelete ka bolotsana,+ ba amohela tjotjo+ ba bile ba sa ahlole ka toka.+  Ka mor’a nako, baholo bohle ba Iseraele ba phutheha ’me ba tla ho Samuele Rama.  Ba re ho eena: “Bona, u se u tsofetse empa bara ba hao ha ba latele mohlala oa hao. Joale re khethele morena eo e tla ba moahloli oa rona joaloka lichaba tse ling tsohle.”+  Empa Samuele ha aa ka a thabela* ho utloa ha ba re: “Re fe morena eo e tla ba moahloli oa rona.” Eaba Samuele o rapela Jehova  ’me Jehova a re ho Samuele: “Mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo sechaba seo se u bolellang eona hobane ha sea lahla uena empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa sona.+  Ntho eo ba e etsang e tšoana hantle le eo ba ileng ba e etsa ho tloha letsatsing leo ke neng ke ba ntša Egepeta ka lona ho tla fihlela letsatsing lena. Ba lula ba ntlohela+ ’me ba sebeletsa melimo e meng+ ’me ke seo ba se etsang ho uena.  Joale ba mamele. Leha ho le joalo, o ba lemose ka thata ka litla-morao tsa taba eo. U ba bolelle hore na morena ea tla ba busa o tla ba le tokelo ea ho ba batla lintho life.” 10  Kahoo, Samuele a bolella batho ba neng ba mo kopa hore a ba fe morena sohle seo Jehova a se buileng. 11  A re: “Lintho tsena ke tseo morena ea tla le busa a tla ba le tokelo ea ho li batla ho lona:+ O tla nka bara ba lona,+ a ba palamise likariking tsa hae+ ’me a ba etse banna ba hae ba palamang lipere.+ Ba bang ba tla matha ka pel’a likariki tsa hae. 12  O tla ikhethela balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba mashome a mahlano.+ Ba bang ba tla lema masimo a hae+ ba be ba a kotule+ ’me ba tla etsa libetsa tsa hae tsa ntoa le lithulusi tsa likariki tsa hae.+ 13  O tla nka barali ba lona hore e be ba tsoakang litlolo,* ba phehang le ba bakang mahobe.+ 14  O tla nka masimo a lona le lirapa tsa lona tsa morara tse ntlehali hammoho le meru ea lona ea mohloaare+ ’me a li fe bahlanka ba hae. 15  O tla nka karolo ea leshome ea lijo tsa lona tse kotutsoeng masimong le ea lirapa tsa lona tsa morara ’me a e fe balaoli ba hae ba lekhotla le bahlanka ba hae. 16  O tla nka makhoba a lona a banna le a basali, likhomo tsa lona tse ntle ka ho fetisisa le litonki tsa lona ’me a li sebelisetse mosebetsi oa hae.+ 17  O tla nka karolo ea leshome mehlapeng ea lona ea linku le lipoli+ ’me le tla ba bahlanka ba hae. 18  Ka letsatsi le leng le tla hoeletsa ho Molimo ka lebaka la morena eo le ikhethetseng eena+ empa Jehova a ke ke a le araba letsatsing leo.” 19  Leha ho le joalo, sechaba sa hana ho mamela Samuele ’me sa re: “Ha ho na taba, re batla morena ea tla re busa. 20  Joale le rona re tla tšoana le lichaba tse ling tsohle ’me morena oa rona o tla re ahlola, a re etelle pele a be a re loanele ho lira tsa rona.” 21  Ha Samuele a qeta ho utloa mantsoe ’ohle a sechaba, a a bolella Jehova. 22  Jehova a re ho Samuele: “Ba mamele ’me u khethe morena ea tla ba busa.”+ Eaba Samuele o re ho banna ba Iseraele: “kaofela ha lona khutlelang metseng ea habo lona.”

Linaletsana

Ka Seheberu: “e ne e le ntho e mpe mahlong a.”
Kapa: “ba etsang linkhisa-monate.”