Buka ea Pele ea Samuele 20:1-42

  • Jonathane o tšepahalla Davida (1-42)

20  Davida a tloha Najothe e Rama, a baleha. A tla ho Jonathane ’me a re: “Ke entse’ng?+ Phoso ea ka ke efe? Ke sitetsoe ntate oa hao ka eng ha e le moo a batla ho mpolaea?”  Eaba Jonathane o re ho eena: “Ha se ntho e ka etsahalang eo!+ U ke ke oa bolaoa. Ntate oa ka a ke ke a etsa letho a sa mpolella ebang ke ntho e nyenyane kapa e kholo. Ke hobane’ng ha ntate oa ka a ka mpatela taba ee? Ntho eo e ke ke ea etsahala.”  Ho ekelletsa moo Davida a ikana a re: “Ntate oa hao oa tseba hore ’na le uena re metsoalle+ ’me a ka ’na a re, ‘Le se ke la bolella Jonathane taba ena hobane o tla utloa bohloko.’ Empa ke u hlapanyetsa ka Jehova Molimo ea phelang le ka uena hore ke haufi le ho bolaoa.”+  Eaba Jonathane o re ho Davida: “Ke tla u etsetsa ntho leha e le efe eo u reng ke e etse.”  Davida a re ho Jonathane: “Hosane ke mokete oa ha khoeli e qala+ ’me ho lebeletsoe hore ke e’o lula le morena re je. E-re ke tsamaee ’me ke tla ipata naheng ho fihlela letsatsing la boraro mantsiboea.  Haeba ntate oa hao a ka mpatla, u re ho eena, ‘Davida o nkopile hore ke mo lumelle ho ea motseng oa habo Bethlehema+ kapele hobane lelapa lohle labo le e’o etsa sehlabelo sa selemo le selemo.’+  Haeba a ka re, ‘Ho lokile,’ ’na mohlanka oa hao nke ke ka tšoha letho. Empa haeba a ka halefa, u tsebe hore o ikemiselitse ho ntematsa.  U ntšepahalle*+ hobane u entse tumellano* le ’na mohlanka oa hao ka pel’a Jehova.+ Empa haeba ke le molato,+ u mpolaee ka bouena. Ke hobane’ng ha u ka nkisa ho ntate oa hao?”  Eaba Jonathane o re: “U se ke oa e nahana le ho e nahana ntho e joalo. Haeba nka utloa hore ntate oa ka o rerile ho u ntša kotsi, kannete ke tla u bolella.”+ 10  Eaba Davida o re ho Jonathane: “Ke mang ea tla mpolella haeba ntate oa hao a ka u araba a halefile?” 11  Jonathane a re ho Davida: “Tloo re ee naheng.” Kahoo, ba ea naheng ba le babeli. 12  Eaba Jonathane o re ho Davida: “Jehova Molimo oa Iseraele e ke e be paki hore hoo e ka bang ka nako ena hosane kapa ka letsatsi la boraro ke tla botsa Ntate ka taba ena. Haeba a se na bothata le uena* ke tla u bolella. 13  Empa haeba Ntate a rerile ho u lematsa, e se eka Jehova a ka mpha* kotlo e bohloko haeba ke sa u bolelle ’me ke sa u tlohele hore u tsamaee ka khotso. E se eka Jehova a ka ba le uena+ feela joalokaha a ne a e-na le Ntate.+ 14  E se eka u ka mpontša lerato* le kang la Jehova ha ke ntse ke phela leha ke se ke shoele.+ 15  U se ke oa tlohela ho rata* ba lelapa la ka+ leha Jehova a ka felisa lira tsohle tsa hao.”* 16  Kahoo, Jonathane a etsa tumellano* le ba ntlo ea Davida a re, “Jehova o tla etsa hore lira tsa Davida li ikarabelle.” 17  Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla lula a mo rata. Jonathane o ne a rata Davida joalokaha a ithata.+ 18  Eaba Jonathane o re ho eena: “Hosane ke mokete oa ha khoeli e qala+ ’me ntate o tla u batla hobane setulo sa hao se tla be se se na motho. 19  Ka letsatsi la boraro, joang kapa joang o tla botsa hore na u hokae. Joale u tle mona moo u kileng oa ipata teng ka letsatsi le leng* ’me u lule pel’a lejoe lena. 20  Ke tla betsa metsu e meraro ka lehlakoreng le leng la lona joalokaha eka ke betsa ntho e itseng. 21  Ha ke romela mohlanka ke tla re, ‘Tsamaea u e’o batla metsu.’ Haeba nka re ho mohlanka, ‘Bona, metsu e pel’a hao, e late,’ u ka ’na oa khutla hobane ke u hlapanyetsa ka Jehova Molimo ea phelang hore khotso e tla be e le teng ’me u ke ke oa tsoa kotsi. 22  Empa haeba nka re ho moshanyana eo, ‘Bona, metsu e holenyana le uena,’ u tsamaee hobane Jehova o batla hore u tsamaee. 23  Ha e le tšepiso eo re e entseng,+ e se eka Jehova e ka ba paki ea eona ka ho sa feleng.”+ 24  Kahoo, Davida a ipata naheng. Ka nako ea mokete oa ha khoeli e qala, morena a lula setulong sa hae hore a je.+ 25  Morena o ne a lutse setulong sa hae seo a tloaetseng ho lula ho sona se pel’a lebota. Jonathane o ne a lutse setulong se shebaneng le eena ’me Abnere+ o ne a lutse pel’a Saule empa setulo sa Davida se ne se se na motho. 26  Saule ha aa ka a bua letho letsatsing leo kaha o ile a re ka pelong: ‘Ho na le ntho e etsahetseng e entseng hore a se ke a hloeka.+ E tlameha ebe ha a hloeka.’ 27  Letsatsi ka mor’a mokete oa ha khoeli e qala, ka letsatsi la bobeli, setulo sa Davida sa ’na sa lula se se na motho. Eaba Saule o re ho mora oa hae Jonathane: “Ke hobane’ng ha mora oa Jese+ a sa tla lijong maobane le kajeno?” 28  Jonathane a re ho Saule: “Davida o kopile hore ke mo lumelle hore a ee Bethlehema.+ 29  O ile a re, ‘Ke kopa u ntumelle hore ke tsamaee hobane lelapa leso le e’o etsa sehlabelo motseng ’me abuti oa ka o itse ke tle. Haeba u ntumella, ke kopa ho tsamaea kapele ke e’o bona bo-abuti ba ka.’ Ke ka lebaka leo a sa tlang tafoleng ea morena.” 30  Saule a halefela Jonathane haholo ’me a re ho eena: “Uena mora oa mosali ea manganga, u nahana hore ha ke tsebe hore u khethile ho ba ka lehlakoreng la mora oa Jese? E le hore u batla ho itlotlolla u be u tlotlolle le ’mè oa hao?* 31  Hafeela mora oa Jese a ntse a phela lefatšeng, u ke ke oa ba morena ebile borena ba hao e ke ke ea e-ba ba nako e telele.+ Kahoo, roma motho hore a mo tlise ho ’na kaha o lokela ho shoa.”+ 32  Leha ho le joalo, Jonathane a re ho ntate oa hae Saule: “Ke hobane’ng ha a lokela ho bolaoa?+ O entse’ng?” 33  Saule a betsa Jonathane ka lerumo hore a mo hlabe.+ Jonathane a bona hore kannete ntate oa hae o batla ho bolaea Davida.+ 34  Hang-hang Jonathane a phahama tafoleng a halefile haholo. Eaba ha a je letho ka letsatsi la bobeli ka mor’a mokete oa ha khoeli e qala. O ne a utloile bohloko ka lebaka la Davida+ ’me ntate oa hae o ne a mo tlotlolotse. 35  Hoseng Jonathane a tsoa a ea naheng ho ea kopana le Davida, a tsamaea le mohlanka e monyenyane.+ 36  A re ho mohlanka oa hae: “Ke kopa u mathe u batle metsu eo ke tla e betsa.” Mohlanka eo a matha ’me Jonathane a betsetsa metsu holenyana le eena. 37  Ha mohlanka eo a fihla sebakeng seo Jonathane a betselitseng motsu ho sona, Jonathane a hoeletsa a re ho eena: “Na metsu ha e holenyana le uena?” 38  Jonathane a hoeletsa a re ho mohlanka eo: “Potlaka! Etsa kapele! U se ke oa lieha!” Eaba mohlanka oa Jonathane o nka metsu ’me o khutlela ho mong’a hae. 39  Mohlanka eo o ne a sa utloisise hore na ho etsahala’ng. Jonathane le Davida ke bona feela ba neng ba tseba hore na seo se bolela’ng. 40  Ka mor’a moo, Jonathane a fa mohlanka oa hae libetsa tsa hae ’me a re ho eena: “Tsamaea u li ise motseng.” 41  Ha mohlanka eo a tsamaea, Davida a tloha sebakeng se haufinyane se neng se le ka boroa. Eaba o itihela fatše ka mangole ’me a inama ka makhetlo a mararo. Ba hakana* ’me ba llelana empa Davida a lla le ho feta. 42  Jonathane a re ho Davida: “Tsamaea ka khotso hobane re le babeli re ikanne+ ka lebitso la Jehova ra re, ‘E se eka Jehova e ka ba paki pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa litloholo* tsa ka le litloholo* tsa hao ka ho sa feleng.’”+ Eaba Davida oa tsamaea ’me Jonathane a khutlela motseng.

Linaletsana

Kapa: “U bontše lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “selekane.”
Ka Seheberu: “Davida.”
Ka Seheberu: “Jonathane.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ho bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Davida.”
Kapa: “selekane.”
Kapa: “ka letsatsi la ho sebetsa.”
Ka Seheberu: “bakeng sa ho tlotlolla bofeela ba ’me oa hao?”
Ka Seheberu: “e mong a suna e mong.” Mehleng ea Bibele motho o ne a suna e mong ho bontša hore ke metsoalle.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”