Buka ea Pele ea Samuele 26:1-25
26 Ka mor’a nako, banna ba Zife+ ba tla ho Saule Gibea+ ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila le shebaneng le Jeshimone.”*+
2 Kahoo, Saule a tloha ’me a theohela lefeelleng la Zife le banna ba Iseraele ba khethiloeng ba 3 000 hore ba e’o batla Davida lefeelleng la Zife.+
3 Saule a hloma litente leralleng la Hakila le shebaneng le Jeshimone, haufi le tsela. Ka nako eo, Davida o ne a lula lefeelleng eaba oa utloa hore Saule o tlile lefeelleng ho tla mo batla.
4 Kahoo, Davida a romela lihloela hore li e’o sheba hore na kannete Saule o tlile.
5 Hamorao Davida a ea sebakeng seo Saule a neng a hlomme litente ho sona ’me Davida a bona moo Saule a robetseng teng hammoho le Abnere+ mora oa Nere e leng molaoli oa lebotho la hae. Saule o ne a robetse, a pota-potiloe ke masole a hae.
6 Eaba Davida o re ho Akimeleke oa Mohethe+ le ho Abishai+ mora oa Tseruja,+ abuti oa Joabe: “Ke mang ea tla theohela le ’na litenteng ho Saule?” Abishai a araba a re: “Ke tla tsamaea le uena.”
7 Davida a tsamaea le Abishai ’me ba ea litenteng tsa masole ao bosiu. Ba fumana Saule a robetse bohareng ba litente, lerumo la hae le hlonngoe fatše pel’a hlooho ea hae. Abnere le masole a mang ba ne ba robetse ba mo pota-potile.
8 Abishai a re ho Davida: “Kajeno Molimo o nehelane ka sera sa hao letsohong la hao.+ Ke kopa u ntumelle hore ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela. Ho ke ke ha hlokahala hore ke mo phete.”
9 Leha ho le joalo, Davida a re ho Abishai: “U se ke oa mo lematsa kaha ha ho na motho ea ka lematsang motlotsuoa oa Jehova+ ebe o lula a se na molato.”+
10 Davida a tsoela pele ho re: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang hore Jehova ka boeena o tla mo bolaea+ kapa hore ka le leng+ o tla shoa joaloka batho ba bang bohle kapa o tla ea ntoeng ’me a bolaoe.+
11 Ho hang Jehova a ke ke a lumela hore ke ntše motlotsuoa oa Jehova+ kotsi. Ke kopa u nke lerumo le pel’a hlooho ea hae le jeke ea metsi ’me re tsamaee.”
12 Kahoo, Davida a nka lerumo le jeke ea metsi e neng e le pel’a hlooho ea Saule ’me ba tsamaea. Ha ho na motho ea ileng a ba bona,+ a ba hlokomela kapa a tsoha hobane kaofela ba ne ba khalehile kaha Jehova o ne a entse hore ba be le boroko bo tebileng.
13 Joale Davida a tšelela ka lehlakoreng le leng ’me a ema holim’a thaba holenyana, ho ne ho setse sebaka se seholo pakeng tsa bona.
14 Davida a hoeletsa masole hammoho le Abnere+ mora oa Nere a re: “Abnere, ha u arabe ke’ng?” Abnere a re: “U mang uena ea hoeletsang morena?”
15 Davida a re ho Abnere: “Ke ne ke nahana hore u monna ea sebete le hore ha ho na monna ea tšoanang le uena Iseraele. Joale ke hobane’ng ha u sa lebela morena oa hao? Le leng la masole le ne le tlile ho tla bolaea morena oa hao.+
16 Ntho eo u e entseng ha e ntle. Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore le tšoaneloa ke ho shoa hobane ha lea ka la lebela khosi ea lona e leng motlotsuoa oa Jehova.+ Shebang pel’a lona. Le kae lerumo la morena le jeke ea metsi+ tse neng li le pel’a hlooho ea hae?”
17 Saule a utloa lentsoe la Davida ’me a re: “Davida mora oa ka, na ke uena ea buang?”+ Davida a re: “Ke ’na ea buang moren’a ka.”
18 A boela a re: “Ke hobane’ng ha moren’a ka a lelekisa mohlanka oa hae?+ Ke entse’ng ’me ke na le molato ofe?+
19 Moren’a ka, ke kopa u mamele mantsoe a mohlanka oa hao: Haeba ke Jehova ea u susumelitseng hore u ntoantše, e se eka a ka amohela* nyehelo ea ka ea lijo.* Empa haeba u susumelitsoe ke batho,+ ba rohakiloe ka pel’a Jehova hobane kajeno ba ntelekile har’a batho* ba Jehova+ ba re, ‘Tsamaea u e’o sebeletsa melimo e meng.’
20 U se ke oa tlohela mali a ka hore a tšolohele fatše hole le sefahleho sa Jehova hobane morena oa Iseraele o batlana le letsetse le le leng+ joalokaha eka o lelekisa nonyana ea naheng lithabeng.”
21 Eaba Saule o re: “Ke entse sebe.+ Khutla Davida mora oa ka hobane ha ke sa tla hlola ke u ntša kotsi kaha kajeno u ile oa nka bophelo ba ka e le ba bohlokoa.+ Kannete ke entse booatla ebile ke entse phoso e kholo.”
22 Davida a re: “Lerumo la morena ke lena. E-re e mong oa bahlanka a tle a tl’o le nka.
23 Jehova ke eena ea tla putsa motho e mong le e mong ho latela liketso tsa hae tse lokileng+ le ho latela botšepehi ba hae hobane kajeno Jehova o nehelane ka uena letsohong la ka empa ke ne ke sa batle ho ntša motlotsuoa oa Jehova kotsi.+
24 Feela joalokaha ke ile ka nka bophelo ba hao e le ba bohlokoa kajeno, e se eka bophelo ba ka e ka ba ba bohlokoa mahlong a Jehova ’me e se eka a ka ntopolla mahlomoleng ’ohle.”+
25 Saule a araba Davida a re: “E se eka u ka hlohonolofatsoa, Davida mora oa ka. U tla etsa lintho tse ngata ’me u tla atleha.”+ Ka mor’a moo, Davida a tsamaea eaba Saule o khutlela ha hae.+
Linaletsana
^ Kapa mohlomong: “lehoatata; lefeella.”
^ Ka Seheberu: “lefa.” E ka ’na eaba ho buuoa ka batho le naha eo ba e filoeng e le lefa.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “fofonela.”

