Buka ea Pele ea Samuele 21:1-15

  • Ha Davida a le Nobe o ja bohobe ba pontšo (1-9)

  • Davida o iketsa lehlanya Gathe (10-15)

21  Hamorao Davida a tla Nobe+ ho moprista Akimeleke. Akimeleke a thothomela ha a kopana le Davida ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u tsamaea u le mong?”+  Davida a araba moprista Akimeleke a re: “Morena o ntaetse hore ke etse ntho e itseng empa o itse ke se ke ka bolella motho leha e le ofe ka ntho eo a itseng ke e’o e etsa le ka litaelo tseo a mphileng tsona. Ke hlophisitse le bahlanka ba ka hore re kopane sebakeng se itseng.  Joale haeba ho e-na le mahobe a mahlano ao u ka fanang ka ’ona, mphe ’ona kapa u mphe ntho leha e le efe e teng.”  Empa moprista a re ho Davida: “Ha ho na bohobe mona boo nka fanang ka bona, bohobe bo teng ke bohobe bo halalelang.+ Bahlanka ba hao ba ka bo ja haeba ba ile ba ba hole le basali.”*+  Davida a araba moprista a re: “E se e le nako re sa kopane le basali joaloka linakong tse fetileng ha ke ne ke ea ntoeng.+ Haeba bahlanka bao ba lula ba halalela esita leha ba ronngoe mesebetsing e tloaelehileng, kajeno e tlameha ebe ba halalela le ho feta mosebetsing ona o khethehileng.”  Kahoo, moprista a mo fa bohobe bo halalelang+ hobane ho ne ho se na bohobe bo bong ntle le bohobe ba pontšo, bo neng bo tlositsoe ka tabernakeleng ea Jehova mohla ho neng ho behoa bo bocha.  E mong oa bahlanka ba Saule o ne a le moo ka letsatsi leo hobane o ne a tlamehile ho ba ka pel’a Jehova. Lebitso la hae e ne e le Doege+ oa Moedomo,+ molaoli oa balisa ba Saule.  Davida a re ho Akimeleke: “Na ho na le lerumo kapa sabole moo? Ha kea nka sabole kapa libetsa tsa ka hobane taba ea morena e ne e potlakile.”  Eaba moprista o re: “Sabole ea Goliathe+ oa Mofilista eo u mo bolaileng Khohlong* ea Ela+ e teng mona, e thatetsoe ka lesela ka mor’a efoda.+ Haeba u batla ho inkela eona e nke hobane ke eona feela e teng mona.” Davida a re: “Ha ho na e tšoanang le eona. Mphe eona.” 10  Davida a tsamaea letsatsing leo ’me a ’na a baleha+ Saule. Qetellong a fihla ho Morena Akishe oa Gathe.+ 11  Bahlanka ba Akishe ba re ho eena: “Na eo ha se Davida morena oa naha ea Iseraele? Na ha se eloa eo ha ba ntse ba tantša ba neng ba bina ka eena ba re,‘Saule o bolaile ba likete,Davida o bolaile ba likete tse mashome’?”+ 12  Davida a nahana ka mantsoe ana eaba o qala ho tšaba+ Akishe morena oa Gathe haholo. 13  Kahoo, a iketsa eka oa hlanya+ ka pel’a bona.* O ne a ntse a ngoapa mamati a keiti ’me a tloheletse liqhenqhe hore li theohele litelung tsa hae. 14  Qetellong Akishe a re ho bahlanka ba hae: “Le ntse le bona hore monna enoa oa hlanya. Ke hobane’ng ha le mo tlisitse ho ’na? 15  Na batho ba hlanyang ha baa lekana hoo le tlisitseng le eo hore a tl’o hlanyetsa ho ’na? Ke hobane’ng ha le tlisa monna eo ka tlung ea ka?”

Linaletsana

Kapa: “haeba ba sa robala le basali.”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “matsohong a bona.”