Buka ea Pele ea Samuele 4:1-22

  • Bafilista ba hapa Areka (1-11)

  • Eli le bara ba hae baa shoa (12-22)

4  Samuele a bua le Baiseraele bohle. Eaba Baiseraele baa tsoa ho ea loantša Bafilista. Ba hloma litente tsa bona haufi le Ebenezere ’me Bafilista ba hloma litente tsa bona Afeke.  Bafilista ba tsamaea ba itokiselitse ho ea loantša Baiseraele empa ntoa e ne e le boima ’me Bafilista ba hlola Baiseraele, ba bolaea banna ba ka bang 4 000 ntoeng eo.  Ha batho ba khutla ntoeng, baholo ba Iseraele ba re: “Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore Bafilista ba re hlole kajeno?*+ A re tsamaeeng ka areka ea selekane sa Jehova e Shilo+ e le hore e be le rona ’me e re pholose ho lira tsa rona.”  Kahoo, batho ba romela banna Shilo, ba fihla ba nka areka ea selekane ea Jehova oa mabotho ea lutseng teroneng holim’a* likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease+ le bona ba ne ba le moo le areka ea selekane ea Molimo oa ’nete.  Hang ha areka ea selekane sa Jehova e fihla litenteng tsa Baiseraele, kaofela ha bona ba hoeletsa haholo ba etsa lerata hoo lefatše le ileng la thothomela.  Ha Bafilista ba utloa lerata leo ba re: “Ke hobane’ng ha ho e-na le lerata le lekaale litenteng tsa Baheberu?” Qetellong ba utloela hore Areka ea Jehova e tlile litenteng tsa Baiseraele.  Bafilista ba tšoha ’me ba re: “Molimo o tlile litenteng tsa bona.”+ Kahoo, ba re: “Re malimabe hobane ntho e tjena ha e e-s’o ka e etsahala.  Re malimabe. Ke mang ea tla re pholosa letsohong la Molimo eo ea phahameng? Enoa ke Molimo eane ea ileng a bolaea Baegepeta ba bangata lefeelleng.+  E-bang sebete joaloka banna lona Bafilista e le hore le se ke la sebeletsa Baheberu joalokaha ba le sebelelitse.+ Le be banna ’me le loane.” 10  Kahoo, Bafilista ba loana ’me ba hlola Baiseraele+ eaba kaofela ba balehela litenteng tsa bona. Ho ile ha bolaoa batho ba bangata. Ka lehlakoreng la Baiseraele ho ile ha shoa masole a 30 000. 11  Ho ekelletsa moo, Areka ea Molimo e ile ea haptjoa ’me bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease ba shoa.+ 12  Monna oa leloko la Benjamine a tloha moleng oa ntoa ’me a mathela Shilo, liaparo tsa hae li tabohile a bile a le mobu hloohong.+ 13  Ha monna eo a fihla, Eli o ne a lutse setulong ka thoko ho tsela a letile hobane o ne a tšoenyehile haholo ka Areka ea Molimo oa ’nete.+ Monna eo a kena motseng ho ea bolella batho se etsahetseng ’me batho bohle ba motseng ba qala ho lla. 14  Ha Eli a utloa sello seo a re: “Moferefere oo ke o utloang ke oa eng?” Monna eo a potlakela ho Eli ’me a mo bolella se etsahetseng. 15  (Eli o ne a le lilemo li 98, a se a sa bone.)+ 16  Monna eo a re ho Eli: “Ke balehile moleng oa ntoa. Kajeno ke balehile ntoeng.” Ha a utloa seo a re: “Ho etsahetse’ng mora oa ka?” 17  Monna eo ea tlisitseng litaba a re: “Baiseraele ba balehile Bafilista hobane ba hlotsoe ’me ba bangata ba bona ba bolauoe.+ Hape bara ba hao ba babeli e leng Hofni le Finease ba shoele+ ’me Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+ 18  Hang ha a bua ka Areka ea Molimo oa ’nete, Eli a oa ka mokokotlo a le setulong sa hae se pel’a keiti. Molala oa hae oa robeha eaba oa shoa hobane o ne a se a tsofetse ebile a nonne. O ne a qetile lilemo tse 40 e le moahloli oa Iseraele. 19  Ngoetsi ea hae, mosali oa Finease, e ne e le moimana ’me a le haufi le ho beleha. Ha a utloa hore Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe le hore ntate matsale oa hae le monna oa hae ba shoele, a inama eaba o beleha ka tšohanyetso. 20  Ha a le makhatheng a lefu, basali ba emeng pel’a hae ba re: “U se ke oa tšoha hobane u tsoetse mora.” Ha aa ka a araba kapa a re letho ho bona.* 21  Empa a reha moshanyana eo Ikabode*+ a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile botlamuoeng.”+ O ne a bua ka Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoeng le ka se etsahetseng ka ntate matsale oa hae le monna oa hae.+ 22  Mosali eo o ile a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile botlamuoeng hobane Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+

Linaletsana

Ka Seheberu: “Ke hobane’ng ha Jehova a re hlotse kajeno?”
Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”
Kapa: “ha aa ka a ba nkela hloohong.”
E bolelang “Khanya e Hokae?”