Buka ea Bobeli ea Likronike 23:1-21

  • Jehojada o etsa selekane, Joase o etsoa morena (1-11)

  • Athalia oa bolaoa (12-15)

  • Jehojada o etsa liphetoho (16-21)

23  Ka selemo sa bosupa Jehojada a ba sebete ’me a etsa tumellano* le balaoli ba ba makholo+ e leng Azaria mora oa Jerohame, Ishmaele mora oa Johanane, Azaria mora oa Obede, Maseia mora oa Adaia le Elishafate mora oa Zikri. 2  Ba tsamaea metseng eohle ea Juda, ba bokella Balevi+ ho tsoa ho eona le lihlooho tsa malapa a Iseraele. Ha ba fihla Jerusalema, 3  phutheho eohle ea etsa selekane+ le morena ka tlung ea Molimo oa ’nete eaba Jehojada o re ho bona: “Mora oa morena o tla busa feela joalokaha Jehova a tšepisitse mabapi le bara ba Davida.+ 4  Le etse tjena: Le arole baprista le Balevi ba sebetsang+ ka letsatsi la Sabatha hore e be lihlopha tse tharo. Sehlopha sa pele e tla ba balebeli ba menyako,+ 5  sa bobeli se tla ba ntlong ea morena*+ ’me sa boraro se be Keiting ea Motheo. Batho bohle ba tla ba mabaleng a ntlo ea Jehova.+ 6  Le se ke la lumella motho leha e le ofe ho kena ka tlung ea Jehova ntle le baprista le Balevi ba sebeletsang.+ Ke bona ba ka kenang hobane ke sehlopha se halalelang ’me batho bohle ba tla etsa ho ea kamoo ba itlammeng kateng ho Jehova. 7  Balevi ba sireletse morena ka mahlakoreng ’ohle ’me kaofela ba nke libetsa. Motho ea tla kena ka tlung a bolaoe. Le tsamaee le morena hohle moo a eang teng.”* 8  Balevi le Bajuda bohle ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaoli e mong le e mong a ea ho moprista Jehojada le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha+ le ba sa sebetseng hobane moprista Jehojada o ne a sa lokolla lihlopha+ mosebetsing oa tsona. 9  Moprista Jehojada a fa balaoli ba ba makholo+ marumo, lithebe tse nyenyane* le lithebe tse selika-likoe tsa Morena Davida,+ tse neng li le ka tlung ea Molimo oa ’nete.+ 10  A beha batho bohle moo ba lokelang ho ema teng, e mong le e mong a tšoere sebetsa* sa hae, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea ka ho le letšehali haufi le aletare le ntlo, ba potolohile morena. 11  Ba tlisa mora oa morena,+ ba mo roesa korone ’me ba beha Buka ea Molao*+ hloohong ea hae eaba ba mo tlotsa hore e be morena. Kahoo, Jehojada le bara ba hae ba re: “Morena a ke a phele!”+ 12  Ha Athalia a utloa batho ba mathang le ba rorisang morena, hang-hang a tla ntlong ea Jehova.+ 13  A bona morena a eme pel’a pilara ea hae e monyako. Likhosana+ le ba letsang literompeta ba ne ba le moo le morena ’me batho bohle ba ne ba thabile+ ba bile ba letsa literompeta. Libini li ne li tšoere liletsa tsa tsona li etelletse ’mino pele. Athalia a tabola liaparo tsa hae ’me a hoeletsa a re: “Borabele! Borabele!” 14  Empa moprista Jehojada a romela balaoli ba ba makholo e leng baokameli ba masole a re ho bona: “Mo tloseng har’a masole. Ha ho ka ba le motho ea mo latelang le mo bolaee ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaeloa ka har’a ntlo ea Jehova. 15  Ba mo tšoara ’me ha ba fihla monyako oa Keiti ea Lipere oa ntlo ea morena,* ba mo bolaela moo hang-hang. 16  Jehojada a etsa selekane pakeng tsa hae le batho bohle le morena e leng selekane sa hore e tla lula e le batho ba Jehova.+ 17  Ka mor’a moo, batho bohle ba ea tempeleng* ea Baale, ba e liha,+ ba pshatla lialetare le litšoantšo tsa hae+ ’me ba bolaela Matane moprista oa Baale+ ka pel’a lialetare. 18  Jehojada a beha baprista le Balevi hore ba okamele ntlo ea Jehova e leng bao Davida a neng a ba behile ka lihlopha hore ba okamele ntlo ea Jehova le ho nyehela mahlabelo a secheso a Jehova+ ho ea ka se ngotsoeng Molaong oa Moshe+ ’me ba etse seo ba thabile ebile ba bina joalokaha Davida a laetse. 19  Hape a beha balebeli likeiting+ tsa ntlo ea Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea sa hloekang ka tsela leha e le efe ea ka kenang. 20  A tsamaea le balaoli ba ba makholo,+ bahlomphehi, babusi ba sechaba le sechaba sohle ’me ba felehetsa morena ho tsoa ntlong ea Jehova. Ba kena ka keiti e ka holimo ba ea ntlong ea morena* ’me ba mo beha teroneng+ ea ’muso.+ 21  Batho bohle ba thaba ’me motse oa e-ba le khotso kaha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole.

Linaletsana

^ Kapa: “selekane.”
^ Kapa: “phaleising.”
^ Ka Seheberu: “ha a kena le ha a tsoa.”
^ Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.
^ Kapa: “lerumo.”
^ Kapa: “Bopaki.” Ho ka etsahala hore ho buuoa ka moqolo o neng o e-na le Molao oa Molimo.
^ Kapa: “phaleisi.”
^ Kapa: “ntlong.”
^ Kapa: “phaleising.”