Buka ea Bobeli ea Likronike 3:1-17
3 Solomone a hahela Jehova ntlo+ Jerusalema Thabeng ea Moria+ moo Jehova a ileng a hlaha ho ntate oa hae Davida,+ sebakeng seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane+ oa Mojebuse.
2 A qala ho haha ka letsatsi la bobeli la khoeli ea bobeli, ha a ne a e-na le lilemo tse ’nè a busa.
3 Motheo oo Solomone a ileng a o etsa bakeng sa ho haha ntlo ea Molimo oa ’nete o ne o le bolelele ba limithara tse ka bang 27* ’me o le bophara ba limithara tse ka bang robong,*+ ho ea ka tsela ea khale ea ho lekanya.*
4 Foranta e ka pele e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang robong,* e lekana le bophara ba ntlo ’me bophahamo ba eona e le 120.* A e koahela ka khauta e hloekileng ka hare.+
5 A koahela ntlo e kholo ka lepolanka la junipere. Ka mor’a moo, a e koahela ka khauta ea boleng bo botle+ ’me a e khabisa ka litšoantšo tsa sefate sa palema+ le ka liketane.+
6 Ho feta moo, a khabisa ntlo ka majoe a matle a bohlokoa.+ Khauta+ eo a neng a e sebelisa e ne e tsoa Parevaime.
7 A koahela ntlo, mapolanka, mabota a eona le mamati a eona ka khauta+ ’me a fata litšoantšo tsa likerubime maboteng.+
8 A etsa kamore* ea Sehalalelisiso.+ Bolelele ba eona bo ne bo lekana le bophara ba ntlo, e le limithara tse ka bang robong* ’me bophara ba eona e le limithara tse ka bang robong.* A e koahela ka khauta ea boleng bo botle e boima ba lik’hilokramo tse 20 520.*+
9 Boima ba khauta ea lipekere e ne e le likramo tse 570.* A koahela likamore tse ka holimo ka khauta.
10 A etsa litšoantšo tse peli tsa likerubime ka kamoreng* ea Sehalalelisiso ’me a li koahela ka khauta.+
11 Bolelele ba mapheo ’ohle a likerubime+ e ne e le limithara tse ka bang robong.* Lepheo le leng la kerubime ea pele le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli* ’me le thetsa lebota la ntlo. Lepheo le leng le lona le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli* ’me le thetsa lepheo la kerubime e ’ngoe.
12 Lepheo le leng la kerubime e ’ngoe le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli* ’me le thetsa lebota le leng la ntlo. Lepheo le leng la eona le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli* ’me le thetsa lepheo la kerubime ea pele.
13 Ha mapheo a likerubime tsena a phukalletse a ne a etsa limithara tse ka bang robong.* Li ne li eme ka maoto ’me li shebile ka Sehalalelong.
14 A boela a etsa kharetene+ ka khoele e putsoa, ulu e pherese, e khubelu le ka lesela la boleng bo botle ’me a e khabisa ka likerubime.+
15 Ka mor’a moo, a etsa lipilara tse peli+ ka pel’a ntlo tse bolelele ba limithara tse ka bang 16.* Hlooho e ka holim’a pilara e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le limithara tse ka bang peli.*+
16 A etsa liketane tse kang lifaha ’me a li beha karolong e holimo ea lipilara. A etsa le likharenate tse 100 ’me a li beha holim’a liketane.
17 A hloma lipilara tseo ka pel’a tempele. E ’ngoe ka letsohong le letona* ’me a e reha Jakine,* e ’ngoe ka ho le letšehali* ’me a e reha Boase.*
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 60.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5 empa ba bang ba nahana hore “tsela ea khale ea ho lekanya” e bolela setsoe se selelele se lekanang le lisenthimithara tse 51,8. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Tekanyo ea eona ha e tsejoe hantle.
^ Ka Seheberu: “litalenta tse 600.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “ntlo.”
^ Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “ntlong.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 35.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Kapa: “boroa.”
^ E bolelang “E se Eka [Jehova] a ka Tiisa ka Thata.”
^ Kapa: “leboea.”
^ Mohlomong e bolela “Ka Matla.”

