Buka ea Bobeli ea Likronike 34:1-33

  • Josiase, morena oa Juda (1, 2)

  • Josiase o etsa liphetoho (3-13)

  • Buka ea Molao ea fumanoa (14-21)

  • Hulda o profeta ka tlokotsi e tlang (22-28)

  • Josiase o balla batho buka ea Molao (29-33)

34  Josiase+ o ne a le lilemo li robeli ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 31.+ 2  O ile a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka moholo-holo oa hae Davida. Ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali. 3  Ha a e-na le lilemo tse robeli a busa, e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.+ Ha a e-na le lilemo tse 12 a busa, a hloekisa Juda le Jerusalema+ ka hore a tlose libaka tse phahameng+ le lipalo tse halalelang,* litšoantšo tse rapeloang+ le litšoantšo tsa tšepe.* 4  Hape ba heletsa lialetare tsa melimo ea Baale a ntse a shebile ’me a liha liluloana tsa libano tse neng li le holim’a tsona. A boela a thuha lipalo tse halalelang,* litšoantšo tse rapeloang le litšoantšo tsa tšepe,* a li etsa hore ebe phofo eaba o e fafatsa holim’a mabitla a ba neng ba li etsetsa mahlabelo.+ 5  A chesetsa masapo a baprista lialetareng tsa bona.+ Kahoo, a hloekisa Juda le Jerusalema. 6  Metseng ea Manase, Efraime,+ Simeone le ho ea fihla Nefthali le libakeng tsohle tse sentsoeng, 7  a heletsa lialetare, a thuha lipalo tse halalelang* le litšoantšo tse rapeloang+ ho fihlela e e-ba phofo. A liha liluloana tsohle tsa libano naheng eohle ea Iseraele.+ Ka mor’a moo, a khutlela Jerusalema. 8  Ha a e-na le lilemo tse 18 a busa, a se a hloekisitse naha le tempele,* a roma Shafane+ mora oa Azalia, Maseia molaoli oa motse le Jooa mora oa motlalehi Joakaze ho ea lokisa ntlo ea Jehova Molimo oa hae.+ 9  Ba tla ho Hilkia moprista ea phahameng ’me ba mo fa chelete e neng e tlisitsoe ntlong ea Molimo, eo Balevi ba sebeletsang e le balebeli ba menyako ba neng ba e bokelletse ho tsoa ho Manase, Efraime le Baiseraele bohle+ le ho tsoa ho Juda, Benjamine le baahi ba Jerusalema. 10  Ba e fa ba hlokomelang mosebetsi o etsoang ntlong ea Jehova, ba sebetsang ntlong ea Jehova ba e sebelisetsa ho e lokisa. 11  Ba e fa litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le lihahi hore li reke majoe a betliloeng le mapolanka bakeng sa lintho tse kopanyang le ho haha ka libalaka matlo ao marena a Juda a neng a a tlohetse hore a senyehe.+ 12  Banna bao ba ne ba sebetsa ka botšepehi.+ Balevi ba neng ba khethiloe hore e be balebeli ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, ba tsoang ho Bamerari,+ le Zakaria le Meshulame, ba tsoang ho Bakohathe.+ Balevi bohle ba neng ba tseba ho bapala liletsa,+ 13  ba ne ba okametse batho ba jarang meroalo,* hape e le balebeli ba bohle ba etsang mosebetsi oa mofuta leha e le ofe. Balevi ba bang e ne e le bangoli, balaoli le balebeli ba likeiti.+ 14  Ha ba ntse ba ntša chelete e tlisitsoeng ntlong ea Jehova,+ moprista Hilkia a fumana buka ea Molao oa Jehova+ oo a neng a fane ka oona a sebelisa* Moshe.+ 15  Hilkia a re ho mongoli Shafane: “Ke fumane buka ea Molao ka tlung ea Jehova.” Kahoo, Hilkia a fa Shafane buka eo. 16  Shafane a tlisa buka eo ho morena ’me a re ho eena: “Bahlanka ba hao ba ntse ba etsa mosebetsi oohle oo ba o fuoeng. 17  Ba ntšitse chelete e fumanoeng ka tlung ea Jehova ’me ba e file banna ba khethiloeng le basebetsi.” 18  Mongoli Shafane a boela a re ho morena: “Ho na le buka eo moprista Hilkia a mphileng eona”+ eaba Shafane o e balla morena.+ 19  Ha morena a utloa mantsoe a Molao, a tabola liaparo tsa hae.+ 20  Morena a re ho Hilkia, Akikame+ mora oa Shafane, Abdone mora oa Mikea, mongoli Shafane le Asaia mohlanka oa morena: 21  “Tsamaeang le e’o mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho ba setseng Iseraele le Bajuda mabapi le mantsoe a buka ena e fumanoeng. Jehova o tla re halefela haholo hobane baholo-holo ba rona ha baa mamela mantsoe a Jehova ’me ha baa etsa lintho tsohle tse ngotsoeng bukeng ena.”+ 22  Hilkia le ba neng ba ronngoe ke morena ba ea ho moprofeta Hulda.+ E ne e le mosali oa Shalume mora oa Tikva e leng mora oa Harhase ea neng a ikarabella ka liaparo. O ne a lula Karolong ea Bobeli ea Jerusalema ’me ba ile ba bua le eena moo.+ 23  A re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele o itse ke bolelle monna ea le rommeng ho ’na hore 24  Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona,+ ke tlise le bomalimabe bohle bo ngotsoeng bukeng+ eo ba e balletseng morena oa Juda 25  hobane ba ntahlile+ ’me ba etsetsa melimo e meng mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutloisa bohloko ka lintho tseo ba li etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena ’me ha ho na motho ea tla nthiba.’”+ 26  Empa le bolelle morena oa Juda ea itseng le tl’o botsa Jehova le re, “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ho latela mantsoe ao u a utloileng,+ 27  u ile oa mamela* ’me oa ikokobelletsa Molimo ha u utloa seo a se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. U ile oa ikokobelletsa ’na, oa tabola liaparo tsa hao, oa lla oa kopa thuso ho ’na ’me ke u utloile,+ ke Jehova ea chong. 28  Ka lebaka leo u tla shoa* ’me u patoe ka khotso. U ke ke oa bona tlokotsi eo ke tla e tlisa sebakeng sena le ho baahi ba sona.’”’”+ Ke eona karabo eo ba ileng ba e isa ho morena. 29  Morena a romela molaetsa oa hore ho bitsoe baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.+ 30  Ka mor’a moo, morena a ea ntlong ea Jehova le batho bohle ho tloha ho ngoana ho ea fihla ho motho e moholo, banna bohle ba Juda, baahi ba Jerusalema, baprista le Balevi. A ba balla mantsoe ’ohle a ka bukeng ea selekane e fumanoeng ka tlung ea Jehova.+ 31  Morena a ema sebakeng sa hae ’me a etsa selekane*+ ka pel’a Jehova sa hore o tla mamela Jehova, litaelo tsa hae, melao ea hae le likhopotso tsa hae ka pelo eohle le moea*+ oohle oa hae ka hore a phethe mantsoe a ngotsoeng bukeng ea selekane.+ 32  Hape a etsa hore batho bohle ba Jerusalema le Benjamine ba lumellane le selekane seo. Baahi ba Jerusalema ba etsa lintho ho ea ka selekane sa Molimo oa baholo-holo ba bona.+ 33  Josiase a tlosa lintho tsohle tse nyonyehang* linaheng tsohle tsa Baiseraele+ ’me a etsa hore batho bohle ba Iseraele ba sebeletse Jehova Molimo oa bona. Ha a ntse a phela, ha baa ka ba tlohela ho sebeletsa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.

Linaletsana

^ Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
^ Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
^ Ka Seheberu: “ntlo.”
^ Kapa: “basebetsi ba tloaelehileng.”
^ Ka Seheberu: “ka letsoho la.”
^ Ka Seheberu: “pelo ea hao e ile ea e-ba bonolo.”
^ Ka Seheberu: “patoa joaloka baholo-holo ba hao.”
^ Ka seheberu: “nchafatsa selekane.”
^ Kapa: “litšoantšo.”