Buka ea Bobeli ea Likronike 18:1-34
18 Josafate o ne a e-na le maruo le khanya e ngata+ empa a etsa selekane sa lenyalo le Akabe.+
2 Lilemo hamorao a theohela Samaria ho Akabe+ ’me Akabe a etsetsa Josafate le batho ba neng ba e-na le eena sehlabelo ka linku le likhomo tse ngata. A mo khothaletsa* hore a hlasele Ramothe-gileade.+
3 Morena Akabe oa Iseraele a re ho Morena Josafate oa Juda: “Na u tla ea le ’na motseng oa Ramothe-gileade?” A re ho eena: “Ke tla ea le uena le sechaba sa ka ’me re tla u tšehetsa ntoeng.”
4 Empa Josafate a re ho morena oa Iseraele: “Ke kopa u botse Jehova pele ka taba ena.”+
5 Morena oa Iseraele a bokella baprofeta ba 400 ’me a re ho bona: “Na re ka e’o loantša motse oa Ramothe-gileade kapa ke o tlohele?” Ba re: “Tsamaea ’me Molimo oa ’nete o tla u thusa hore u hlole.”
6 Josafate a re: “Na ho na le moprofeta e mong oa Jehova moo?+ Le eena a re mo botseng.”+
7 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong+ eo re ka mo botsang hore na Jehova o re’ng ka taba ena. Empa ke mo hloile hobane ha ho mohla a profetang lintho tse ntle ka ’na, o lula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora oa Imla.” Josafate a re: “Morena a se ke a bua ka tsela ena.”
8 Morena oa Iseraele a bitsa molaoli oa lekhotla a re: “Potlaka u tle le Mikaia mora oa Imla.”+
9 Morena oa Iseraele o ne a lutse teroneng ea hae le Josafate morena oa Juda a lutse teroneng ea hae, ba apere liaparo tsa bona tsa borena. Ba ne ba lutse seotlong* keiting ea Samaria ’me baprofeta bohle ba profeta ka pel’a bona.
10 Tsedekia mora oa Kenana a iketsetsa manaka a tšepe ’me a re: “Jehova o re, ‘U tla hlaba* Basiria ka manaka ana ho fihlela u ba felisitse.’”
11 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta se tšoanang ba re: “Tsamaea u e’o loantša Ramothe-gileade ’me Jehova o tla u thusa hore u e hlole.”+
12 Moromuoa ea neng a il’o bitsa Mikaia a re ho eena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le uena ke kopa u bue lintho tse ntle.”+
13 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang hore ke tla bua seo Molimo oa ka a tla mpolella sona.”+
14 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho eena: “Mikaia, re loantše Ramothe-gileade kapa ke e tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaea u e’o e loantša ’me le tla e hlola.”
15 Morena a re ho eena: “Ke tla etsa hore u hlapanye ka makhetlo a makae e le hore u bue ’nete ’me u bue feela seo Jehova a u boleletseng sona?”*
16 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane lithabeng joaloka linku tse se nang molisa.+ Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”
17 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha kea u bolella hore a ke ke a profeta lintho tse ntle ka ’na empa o tla profeta tse mpe feela?”+
18 Mikaia a re: “Utloa lentsoe la Jehova: Ke bone Jehova a lutse teroneng+ ea hae ’me mangeloi* ’ohle+ a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letšehali.+
19 Jehova a re, ‘Ke mang ea tla thetsa Morena Akabe oa Iseraele e le hore a ee Ramothe-gileade ’me a shoelle teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena ’me le leng le re tjena.
20 Lengeloi+ le leng la tla ka pel’a Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘U tla mo thetsa joang?’
21 La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’ A re ho lona, ‘Tsamaea u e’o mo thetsa hobane u tla atleha.’
22 Jehova o entse hore baprofeta bana ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova eena o ikemiselitse ho u fa kotlo.”
23 Tsedekia+ mora oa Kenana a atamela ho Mikaia+ ’me a mo otla lerameng+ a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile joang ’me la bua le uena?”+
24 Mikaia a re: “U tla bona hore na le u fetile joang mohlang u e’o ipata kamoreng e ka hare-hare.”
25 Morena oa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora oa morena.
26 U re ho bona, ‘Morena o re: “Koallang monna enoa teronkong+ ’me le fokotse metsi le lijo tseo a lokelang ho li fuoa ho fihlela ke khutla ke ntse ke phela.”’”
27 Empa Mikaia a re: “Haeba u ka khutla u ntse u phela, e tla ba Jehova ha aa bua le ’na.”+ A boela a re: “Lona sechaba, le hopole mantsoe ana.”
28 Morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba ea Ramothe-gileade.+
29 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla apara liaparo tse ling ebe ke kena ntoeng empa uena u apare liaparo tsa hao tsa borena.” Morena oa Iseraele a apara liaparo tse ling eaba ba kena ntoeng.
30 Morena oa Siria o ne a itse ho balaoli ba likariki tsa hae tsa ntoa: “Le se ke la loantša motho ofe kapa ofe empa le loantše morena oa Iseraele feela.”
31 Ha balaoli ba likariki tsa ntoa ba bona Josafate ba re: “Enoa ke eena morena oa Iseraele.” Ba ea ho eena ba mo loantša eaba Josafate oa hoeletsa o kopa thuso.+ Jehova a mo thusa ’me a etsa hore ba mo tlohele.
32 Ha balaoli ba likariki tsa ntoa ba bona hore ha se morena oa Iseraele, hang-hang ba khutla.
33 Monna e mong a betsa motsu oa seqha sa hae, ha etsahala* hore motsu oo o kene seaparong sa tšepe sa morena oa Iseraele ’me o mo hlabe. Morena a re ho mokhanni oa kariki ea hae ea ntoa: “Ke kopa u ntlose ntoeng* hobane ke lemetse haholo.”+
34 Ntoa ea tsoela pele letsatsi lohle. Morena oa Iseraele a tlameha ho ema a tšehelitsoe kariking ea hae ea ntoa, a shebile Basiria ho fihlela mantsiboea, a shoa ha letsatsi le likela.+

