Buka ea Bobeli ea Likronike 6:1-42

  • Solomone o bua le sechaba (1-11)

  • Thapelo ea Solomone ha ho khakoloa tempele (12-42)

6  Solomone a re: “Jehova, u ile oa re u tla lula lefifing le letšo.+ 2  Joale ke u hahetse ntlo eo u tla lula ho eona ka ho sa feleng.”+ 3  Batho bohle ba Iseraele ba ne ba ntse ba eme ka pel’a morena eaba o sheba ka ho bona oa ba hlohonolofatsa.+ 4  A re: “Ho rorisoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea phethahalitseng seo a se tšepisitseng ntate oa ka Davida ha a re: 5  ‘Ho tloha letsatsing leo ke ntšitseng sechaba sa ka naheng ea Egepeta, ha ke e-s’o khethe motse malokong ’ohle a Iseraele oo ke tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ha ho na motho eo ke mo khethileng hore a etelle pele sechaba sa ka sa Iseraele. 6  Empa ke khethile Jerusalema+ hore lebitso la ka le be moo ’me ke khethile Davida hore a etelle pele sechaba sa ka sa Iseraele.’+ 7  Ntate oa ka Davida o ne a batla ho hahela Jehova Molimo oa Iseraele ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la hae.+ 8  Empa Jehova a re ho ntate oa ka Davida: ‘Ke hantle hore ebe u batla ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka. 9  Leha ho le joalo, u ke ke oa haha ntlo eo empa mora eo u tla ba le eena* ke eena ea tla e haha.’+ 10  Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae hobane ke ’na morena ea hlahlamang ntate oa ka Davida ’me ke lutse teroneng ea Iseraele+ feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse.+ Hape ke hahile ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa Iseraele. 11  Ntlong eo, ke behile Areka e nang le selekane+ seo Jehova a ileng a se etsa le sechaba sa Iseraele.” 12  Solomone a ema ka pel’a aletare ea Jehova ka pel’a sechaba sohle sa Iseraele ’me a phahamisa matsoho.+ 13  (Solomone o ne a entse sethala sa koporo ’me a se behile bohareng ba lebala.+ Bolelele ba sona e ne e le limithara tse ka holimonyana ho tse peli,* bophara ba sona e le limithara tse ka holimonyana ho tse peli* ’me bophahamo ba sona e le bo ka holimonyana ho mithara* eaba o ema holim’a sona.) A khumama ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele a phahamiselitse matsoho maholimong+ 14  a re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ha ho na Molimo ea tšoanang le uena leholimong kapa lefatšeng. U boloka selekane sa hao ebile u rata* bahlanka ba hao ba u sebeletsang ka lipelo+ tsohle tsa bona. 15  U phethahalitse tšepiso eo u ileng oa e etsetsa ntate oa ka Davida.+ U entse tšepiso ’me letsatsing lena u e phethahalitse.+ 16  Jehova Molimo oa Iseraele, phethahatsa tšepiso eo u e entseng ho ntate oa ka Davida ha u ne u re: ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea tla lula teroneng ea Iseraele haeba feela bara ba hao ba ka lula ba ntšepahalla+ joaloka uena.’+ 17  Jehova Molimo oa Iseraele, e se eka u ka phethahatsa tšepiso eo u e etselitseng Davida mohlanka oa hao. 18  Empa na kannete Molimo o tla lula le batho lefatšeng?+ Maholimo a maholimo ha a u lekane.+ Joale ntlo ee eo ke u hahetseng eona e tla u lekana joang?+ 19  Jehova Molimo oa ka, mamela thapelo eo ke e etsang ho uena le kopo ea ka. ’Mamele ha ke lla ke kopa thuso. 20  E se eka u ka sheba ntlo ena bosiu le motšehare ’me u mamele thapelo eo ’na mohlanka oa hao ke e etsang ka sebaka sena, seo u itseng lebitso la hao le tla ba ho sona.+ 21  U mamele kopo ea ka le kopo eo sechaba sa hao sa Iseraele se e etsang se shebile sebakeng sena,+ u utloe u le maholimong+ moo u lulang teng ’me u re tšoarele.+ 22  Haeba motho a fosetsa oa habo ’me oa habo a mo laela hore a ikane* hore ha a molato, ha motho eo ea ikanneng a tla ka pel’a aletare ea hao ntlong ena,+ 23  e se eka u ka utloa u le maholimong, oa ahlola bahlanka ba hao ka ho fa ea khopo kotlo ’me u etse hore a ikarabelle ka ntho eo a e entseng+ le ka ho phatlalatsa hore ea lokileng ha a na molato* ’me u mo fe moputso ho ea ka lintho tse ntle tseo a li entseng.+ 24  Haeba sechaba sa hao sa Iseraele se hloloa ke lira tsa sona hobane se ile sa u fosetsa+ ’me se boela se khutlela ho uena se rorisa lebitso la hao,+ se u rapela+ ebile se kopa u se hauhele ka tlung ena,+ 25  e se eka u ka utloa u le maholimong,+ oa tšoarela libe tsa sona ’me oa se khutlisetsa naheng eo u e fileng sona le baholo-holo ba sona.+ 26  Ha pula e sa ne+ hobane sechaba se u etselitse sebe+ ’me se rapela se shebile sebaka sena, se tlotlisa lebitso la hao se bile se tlohela ho etsa sebe hobane u entse hore se ikokobetse,*+ 27  e se eka u ka utloa u le maholimong ’me oa tšoarela libe tsa bahlanka ba hao e leng sechaba sa hao sa Iseraele hobane u tla se tataisa hore se tsamaee tseleng e nepahetseng+ u be u nese pula+ naheng eo u se fileng eona e le lefa. 28  Haeba ho e-ba le tlala naheng,+ lefu la seoa,+ limela li cha, ho e-ba le phori,*+ litsie* tse ngata kapa litsie tse senyang,+ sechaba se hlaseloa ke lira motseng*+ leha e le ofe, ho e-ba le kotlo ea mofuta leha e le ofe le boloetse,+ 29  ha motho kapa Baiseraele bohle ba etsa thapelo+ kapa kopo+ ba shebile ntlong ena+ (kaha motho e mong le e mong o tseba ntho e mo utloisang bohloko),+ 30  e se eka u ka utloa u le maholimong moo u lulang teng+ ’me oa ba tšoarela.+ U hlohonolofatse e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae hobane u tseba lipelo tsa bona (ke uena feela ea tsebang pelo ea motho),+ 31  e le hore ba ka u tšaba le ho u hlompha ’me ba tsamaee litseleng tsa hao bophelo bohle ba bona ha ba ntse ba lula naheng eo u e fileng baholo-holo ba rona. 32  Leha molichaba ea tsoang naheng e hole ka lebaka la lebitso* la hao le leholo+ le matla a hao a tla mona ho tla rapela a shebile ntlong ena,+ 33  e se eka u ka utloa u le maholimong moo u lulang teng. U etse sohle seo molichaba a se kopang e le hore batho bohle lefatšeng ba ka tseba lebitso la hao+ ’me ba u tšaba le ho u hlompha joaloka sechaba sa hao sa Iseraele. Hape ba tsebe hore ntlong ena eo ke e hahileng ke moo ho rorisoang lebitso la hao. 34  Haeba u roma batho ba hao ho ea loantša lira tsa bona sebakeng leha e le sefe+ ’me ba u rapela+ ba shebile motse ona oo u o khethileng le ntlo eo ke u hahetseng eona,+ 35  u utloe thapelo le kopo ea bona u le maholimong ’me u fane ka kahlolo bakeng sa bona.+ 36  Haeba ba etsa sebe (kaha ha ho na motho ea sa etseng sebe)+ ebe oa ba halefela ebile u ba tlohela hore ba hloloe ke lira tsa bona ’me li ba isa botlamuoeng naheng e hole kapa e haufi,+ 37  haeba ha ba le moo ba bakela libe tsa bona ’me ba khutlela ho uena ebile ba kopa hore u ba hauhele ba re: ‘Re u foselitse ebile re entse sebe,’+ 38  haeba ba khutlela ho uena ka lipelo tsohle tsa bona+ le ka moea* oohle oa bona ba le botlamuoeng+ ’me ba rapela ba shebile naha ea bona eo u e fileng baholo-holo ba bona le motse oo u o khethileng hammoho+ le ntlo eo ke u hahetseng eona, 39  u utloe thapelo le kopo ea bona u le maholimong sebakeng seo u lulang ho sona ’me u fane ka kahlolo bakeng sa bona.+ U tšoarele batho ba hao liphoso tseo ba u etselitseng tsona. 40  Molimo oa ka, e se eka u ka utloa thapelo e etsoang* sebakeng sena.+ 41  Jehova Molimo, nyolohela sebakeng sa hao seo u tla phomola ho sona,+ uena le Areka ea matla a hao. Jehova Molimo, baprista ba hao ba ke ba bontše hore ke uena ea pholosang* ’me ba u tšepahallang ba ke ba thabe ka lebaka la lintho tse molemo tseo u li etsang.+ 42  Jehova Molimo, u se ke oa lahla* motlotsuoa oa hao.+ E se eka u ka hopola kamoo u neng u rata* mohlanka oa hao Davida kateng.”+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “mora oa hao ea tsoang lethekeng la hao.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “u bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.
^ E leng kano eo haeba motho a e etsa ka ho bua leshano kapa a sa e tšepahalle a neng a tla rohakoa.
^ Ka Seheberu: “o lokile.”
^ Kapa: “o se file kotlo.”
^ Kapa: “marutle.”
^ Ka Seheberu: “naheng ea likeiti tsa hae.”
^ Kapa: “botumo.”
^ Kapa: “e mabapi le.”
^ Ka Seheberu: “baprista ba hao ba ke ba apare poloko.”
^ Ka Seheberu: “oa reteletsa sefahleho sa.”
^ Kapa: “u e-na le lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.