BUKA EA BIBELE EA BO26
Ezekiele
NTLHA-KHOLO: Lipono le boprofeta bo mabapi le ho oa ha Jerusalema le ho khutla ha Bajuda botlamuoeng
BUKA EE E AMANA JOANG LE MOLAETSA OA BIBELE?: E hatisa ntlha ea hore ho halaletsa lebitso la Jehova kapa botumo ba hae ho bohlokoa ho feta ntho leha e le efe
MONGOLI: Ezekiele
SEBAKA SEO E NGOLLETSOENG HO SONA: Babilona
HO NGOLOA HO PHETHILOE: Hoo e ka bang ka 591 B.C.E.
NAKO E AKARELITSOENG: 613 ho ea ho hoo e ka bang ka 591 B.C.E. (lilemo tse ka bang 22)
Buka ee e re Ruta Eng ka Jehova?
1, 2. Buka ea Ezekiele e senola eng ka lebitso la Jehova?
“U TLA tseba hore ke ’na Jehova.” (36:11) Jehova o ile a susumetsa Ezekiele hore a ngole mantsoe ana ka makhetlo a fetang 60 bukeng ena. Poleloana e reng “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle,” eona e hlaha ka makhetlo a fetang 200. Jehova o sebelisa buka ena ho feta libuka tse ling ho hatisa bohlokoa ba lebitso la hae kapa botumo ba hae. O boetse o senola morero oa hae oa ho tlosa thohako lebitsong la hae. (36:22; 39:7) Ha Jehova a halaletsa lebitso la hae, barapeli ba hae ba tšepahalang ba tla rua molemo haholo.—34:25-28; 39:25.
2 Jehova o bolela’ng ha a re: “U tla tseba hore ke ’na Jehova”? Polelo ena e bolela hore batho ba tla tlameha ho hlokomela bobusi ba Jehova le seo lebitso la hae le se bolelang. Bajuda ba sa mameleng ba mehleng ea Ezekiele ba ile ba tseba hore Jehova o phethahatsa seo a se buileng ha a ne a ba khalemela. (6:9, 10) Nakong e tlang, lichaba li “tla tseba” Jehova e le Moahloli ha a iphetetsa. (25:17) Leha ho le joalo, barapeli ba ’nete le bona ba tla tseba Jehova e le Mophethahatsi oa litšepiso ha a ba putsa ka khotso le thabo e sa feleng.—28:26.
Poleloana e reng “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle” e hlaha ka makhetlo a fetang 200 bukeng ea Ezekiele
3. Ke lintlha life tse mabapi le Mesia ea tšepisitsoeng tseo ho buuoang ka tsona bukeng ea Ezekiele?
3 Buka ea Ezekiele e na le lintlha tse buang ka Mesia ea tšepisitsoeng, ea neng a tla tsoa lelokong la Morena Davida. Ka mohlala, le hoja terone ea Davida e ne e tla qeta nako e telele e se na morena, Jehova o ile a hlapanya hore qetellong ’Muso o ne o tla fuoa ea nang le tokelo ea molao, e leng Mesia. (21:27) Jehova o ile a boela a re: “Ke tla li fa molisa a le mong e leng mohlanka oa ka Davida.” (34:23, 24) Jesu, e leng setloholo sa Davida, o ile a phethahatsa boprofeta bona. (Lu 1:32, 33; Joh 10:11) Buka ea Ezekiele e akarelletsa boprofeta bo bong bo bongata bo matlafatsang tumelo ea rona.—Sheba Lebokose la 26-A.
4. Lipono tsa Ezekiele li senola hore ho joang leholimong?
4 Jehova o sebelisa lipono tsa Ezekiele ho re bontša hanyenyane feela hore na leholimong ho joang. Ka mohlala, o ile a bontša moprofeta enoa koloi e mabaibai e neng e bontša hore leholimong hoa hlolla ebile ho hlophisehile. (1:15-28) O ile a boela a senola lintlha tse ling ka mosebetsi o etsoang ke mangeloi, ka ho khetheha likerubime.—1:4-14; 10:3-22; 11:22.
5. Buka ea Ezekiele e re ruta eng ka Jehova?
5 Bukeng ea Ezekiele, re bona kamoo Jehova a nang le mosa le mohau kateng. Ka mohlala, e ne e le ho utloahalang hore a halefele Baiseraele hobane ba ne ba sa phele ka melao ea hae e lokileng ea boitšoaro. (22:26, 31) Leha ho le joalo, ka mosa o ile a lemosa Baiseraele bao ba sa mameleng ka litla-morao tsa liketso tsa bona a ba a ba tšepisa hore ha ba ka baka o tla ba tšoarela. (3:17; 33:14-16) Le hoja Jehova a ile a lumella hore batho ba hae ba isoe botlamuoeng, o ne a ntse a ba tsotella. Ha e le hantle, o ile a tšepisa hore o tla otla lichaba tse neng li ba tšoara hampe. (25:6, 7) Jehova o ile a boela a tšepisa hore o tla khutlisetsa batho ba hae Jerusalema le ho ba hlohonolofatsa.—36:37, 38.
6. Ke lithuto life tsa bohlokoa tseo re li fumanang bukeng ea Ezekiele?
6 Bukeng ena Jehova o totobatsa lithuto tsa bohlokoa bakeng sa barapeli bohle ba hae. Motho e mong le e mong o tla ikarabella ho Jehova ka lintho tseo a li etsang. a (18:30) Liketso tsa rona li ama Jehova le lebitso la hae. (6:9; 20:39) Haeba re hlompha lebitso la Jehova ebile re mo rapela ka tsela eo a e batlang, re tla tsoela pele re phela.—18:5-9.
Lintlha Tseo u Lokelang ho li Tseba Pele u Bala Buka Ena
7. Re tseba eng ka moprofeta Ezekiele?
7 Mongoli: Moprofeta Ezekiele ke eena ea ngotseng buka ena. Lebitso la hae le bolela “Molimo oa Matlafatsa.” Ho ka etsahala hore Ezekiele o hlahile ka selemo sa 643 B.C.E., ha ntate oa hae e ne e le moprista Jerusalema. (1:3) Ka 617 B.C.E. ha Ezekiele a le lilemo li ka bang 26, o ile a isoa Babilona ha Morena Jojakine a inehela ho Nebukadnezare. (2Ma 24:11-15) Ka 613 B.C.E. ha Ezekiele a le lilemo li ka bang 30, Jehova o ile a mo etsa moprofeta. (1:1, 2; 2:3) Ezekiele e bile moprofeta nakong eo Obadia le Jeremia e neng e le baprofeta Juda ’me Daniele e le moprofeta Babilona.
8. Boprofeta ba Ezekiele bo ne bo lebisitsoe ho bo-mang?
8 Lintlha tse potolohileng taba: Boprofeta ba Ezekiele bo lumellanang le ba Jeremia le ba Daniele, bo ne bo lebisitsoe ho Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona. (3:4, 5; sheba Lebokose la 26-B.) Ba bang ba batho ba neng ba le botlamuoeng ho akarelletsa le Ezekiele, ba ile ba fihla Babilona pele Jerusalema e felisoa, ha ba bang ba fihlile ka mor’a hore e felisoe.
9. Ezekiele o ile a thusa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng joang?
9 Jehova o ile a laela Ezekiele hore a thuse batho ba botlamuoeng hore ba amohele khalemelo. Jehova o ile a sebelisa Ezekiele ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba ne ba le botlamuoeng. E ne e le hobane ba hlomphollotse lebitso la Jehova ka ho rapela melimo e meng. Ba ne ba lokela ho utloisisa hore o ne a tšoaneloa ke ho mameloa le ho rapeloa ka tsela eo a e amohelang. Ha Ezekiele a qala ho ba moprofeta, Jehova o ile a re a bolelle batho hore liketso tsa bona li mo halefisitse le hore Jerusalema e tl’o felisoa. Empa hang ha Jerusalema e oa, Jehova o ile a fetola molaetsa oa hae hore e be o fanang ka tšepo. Bajuda ba bang ba ne ba soma molaetsa oo, empa ba bang ba o mamela.
10. Buka ea Ezekiele e ngotsoe joang?
10 Lintlha tse ling: Buka ea Ezekiele e ngotsoe ho ea ka lihlooho le tatellano ea liketsahalo. Ka mor’a hore buka ena e hlalose ho khethoa ha Ezekiele e le moprofeta, e tsoela pele ho hlahisa boprofeta le lipono tse arotsoeng ka mekhahlelo e meraro: (1) Ho felisoa ha Jerusalema, (2) likahlolo tse lebisitsoeng ho lichaba tse ling le (3) ho tsosolosoa ha Iseraele. Ha Ezekiele a ngola boprofeta ba hae o kenyelletsa selemo, khoeli le letsatsi leo Jehova a mo bolelletseng bona ’me o qala ho bala linako ho tloha ka 617 B.C.E. ha Morena Jojakine a ne a isoa botlamuoeng.—2Kr 36:9, 10, nal.; Eze 1:2; sheba Lebokose la 26-C.
11. Ezekiele o ile a lokela ho etsa eng, hona hobane’ng?
11 Hangata Jehova o ne a kopa Ezekiele hore a tšoantšetse molaetsa oa Hae oa boprofeta ka liketso. Ka mohlala, ka makhetlo a fapaneng, Ezekiele o ile a lokela ho paqama ka lehlakore ka pel’a setene, a kute hlooho le litelu, a pake le ho jara thoto a be a kopanye lithupa tse peli. (4:1-4; 5:1-4; 12:3-7; 37:15-17) Ha ho pelaelo hore liketso tsena tse sa tloaelehang tsa Ezekiele li ne li tla etsa hore batho ba botlamuoeng ba batle ho tseba hore na ke hobane’ng ha a ne a li etsa.—2:5.
Lintlha Tse Bukeng Ena
12. Ezekiele o bona eng ha e-ba moprofeta?
12 Jehova o khetha Ezekiele hore e be moprofeta. (1:1–3:27) Ka 613 B.C.E., maholimo a buleha ’me Ezekiele a “bona lipono tse tsoang ho Molimo.” (1:1) Ezekiele o bona libopuoa tse hlollang, tseo hamorao ho thoeng ke likerubime. (10:20) O bona koloi ea Molimo le khanya e neng “e shebahala joaloka khanya ea Jehova.” (1:28) Jehova o khetha Ezekiele hore e be molebeli le moprofeta. (2:3) Ho sa tsotellehe hore na batho ba mo mamela kapa che, Ezekiele o lokela ho ba lemosa. Ho seng joalo, o tla shoa.—3:17-19.
13. Ezekiele o etsa eng e bontšang se tl’o etsahalla batho ba Jerusalema le motse oa bona?
13 Ezekiele o profeta hore Jehova o tl’o ahlola batho ba sa tšepahaleng ba Jerusalema le ho felisa motse oa bona. (4:1–24:27) Jehova o re Ezekiele a nke setene ho bontša hore masole a tla lika-liketsa Jerusalema le ho e hapa le hore baahi ba eona ba tla bolaoa ke tlala. (4:1-3, 10) O re Ezekiele a kute moriri le litelu, ’me o mo bolella hore na a etse eng ka tsona. Liketso tsena li bontša se neng se tla etsahalla Jerusalema le baahi ba eona ha e felisoa. (5:1, 2) Ka mor’a moo, o re moprofeta a bolelle Baiseraele hore ba tl’o felisoa hobane ba rapela melimo e meng.—6:1-4.
14, 15. Jehova o profeta eng mabapi le Jerusalema?
14 Ka 612 B.C.E., Ezekiele o isoa Jerusalema ka pono ’me o bona borapeli bo nyonyehang bo etsahalang moo. (8:1-3) O bona monna ea tsamaeang motseng a tšoaea ba tšoenyehileng le ba utloileng bohloko ka lebaka la lintho tse etsahalang. O boetse o bona banna ba bang ba bolaea batho ba sa tšoauoang. (9:1-6) Kannete Jehova o tla ahlola sechaba. (11:9, 10) Leha ho le joalo, batlamuoa ba bang ba tla khutlela Jerusalema.—11:17.
15 Jehova o re Ezekiele a tlame thoto ho bontša hore Bajuda ba tla isoa botlamuoeng. (12:3-7) O boetse o re Ezekiele a profete khahlanong le baprofeta ba bohata ba Iseraele. (13:2) Ezekiele o bua le baholo ba Bajuda ba Babilona, o ba bolella hore ha ho letho le tla thibela hore Jerusalema e timetsoe.—14:1, 14.
16-18. Jehova o etsa lipapiso life?
16 Jehova o sebelisa lipapiso tse hlakileng ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jerusalema e tl’o felisoa. O bapisa Jerusalema le patsi ea sefate sa morara e seng e ka besoa. O boetse o tšoantša Jerusalema le mosali ea ratoang eo e bang letekatse. (15:6; 16:3, 8, 28) O lotha Baiseraele ka ho tšoantša Morena Tsedekia le sefate sa morara se tla omella. (17:7, 9, 12) Leha ho le joalo, Jehova o kholisa Baiseraele hore e mong le e mong o tla ikarabella ka liketso tsa hae ’me ba etsang lintho tse lokileng ba tla phela. (18:20-22) Ka mor’a moo, Jehova o bolella Ezekiele hore a bine pina ea koli-ea-malla kapa pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko, ka babusi ba Iseraele.—19:1, nal.
17 Ka 611 B.C.E., baholo ba ile ba boela ba bua le Ezekiele. (20:1) Jehova o re Ezekiele a hopotse Baiseraele ka makhetlo a mangata ao ba ileng ba mo fetohela ka ’ona. Jehova o ne a tla felisa sechaba sena se khopo. Empa ho na le tšepo. Ha “ea nang le tokelo ea molao a fihla,” Jehova o tla mo etsa morena. (21:27) Ka mor’a ho thathamisa libe tsa Jerusalema, Jehova o ile a tšoantša Samaria le Ohola ’me Jerusalema a e tšoantša le Oholiba, e leng bana ba motho bao e ileng ea e-ba matekatse. Samaria e leng motse-moholo oa maloko a leshome a ’muso oa Iseraele, e ne e se e felisitsoe. Jerusalema e ne e tla latela.—Eze 23:4; bapisa le Jer 3:6-8.
18 Ka 609 B.C.E., Jehova o bolella Ezekiele hore ho lika-liketsoa ha Jerusalema ho se ho qalile. (24:1, 2) Motse ona o tšoana le pitsa e rusitseng e lokelang ho lahleloa mollong. (24:6, 12) Ka letsatsi leo Jerusalema e qalang ho lika-liketsoa ka lona, mosali oa Ezekiele oa hlokahala ’me Jehova o mo bolella hore a se ke a mo llela.—24:16, 18.
19, 20. Ke lichaba life tseo Jehova a tla li ahlola, hona hobane’ng?
19 Lichaba tse neng li thabetse ho oa ha Jerusalema lia ahloloa. (25:1–32:32) Jehova o tšepisa ho iphetetsa ho Amone, Moabe, Edomo le Filistia. Ka mor’a moo, ka 607/606 B.C.E., Jehova o bolela esale pele hore Tire le Sidone li tla oa ’me o re Ezekiele a bine koli-ea-malla ka Tire.—26:3; 27:1, 2; 28:22.
20 Khaolo ea 29-32 e bua ka boprofeta bo khahlanong le Egepeta. Lipakeng tsa 607 le 591 B.C.E., Jehova o bolela esale pele hore Babilona e tla hlasela Egepeta.
21, 22. Ezekiele o ile a bua ka boprofeta bofe bo khothatsang?
21 Jerusalema ea felisoa, ’me Ezekiele o profeta hore e tla tsosolosoa. (33:1–48:35) Jehova o hopotsa Ezekiele ka mosebetsi oa hae oa ho ba molebeli. (33:7) Mohlomong ka 607 B.C.E., monna ea phonyohileng Jerusalema o tsebisa Ezekiele hore motse o oele. b (33:21) Ezekiele o bolella batho ba botlamuoeng hore ba lebale ka ho pholosoa ha Juda. Ka mor’a moo, Jehova o khalemela balisa ba bohata ba Iseraele ka matla. O tšepisa hore o tla hlokomela linku tsa hae le hore o “tla li fa molisa a le mong e leng mohlanka oa [hae] Davida.”—34:23.
22 Ezekiele o profeta hore Edomo e tl’o felisoa hobane e hloile Baiseraele. (35:5, 15) Jehova o tšepisa Baiseraele hore ba tla khutlela naheng ea habo bona. (36:8) Jehova o bontša Ezekiele thota e tletseng masapo a ileng a boela a phela. (37:2, 10) Ka mor’a moo, Jehova o re Ezekiele a kopanye lithupa tse peli ho bontša kamoo maloko a mabeli a ’muso oa Juda le Benjamine le maloko a leshome a ’muso oa Iseraele (Efraime) a tla tsosolosoa kateng ’me e be sechaba se le seng.—37:19.
23, 24. Jehova o tla etsa eng ha Gogo a hlasela Iseraele, hona Ezekiele o bontšoa pono efe?
23 Ezekiele o profeta hore Gogo o tla hlasela Iseraele. (38:14-16) Leha ho le joalo, Jehova o tla loanela batho ba hae ’me a felise Gogo le lebotho la hae. Jehova o tla halaletsa lebitso la hae, ka hore a khutlisetse batho ba hae Jerusalema.—39:25.
24 Ka 593 B.C.E., ka pono Jehova o isa Ezekiele Iseraele. (40:1) O mo bontša tempele e kholo le lengeloi le methang likarolo tsohle tsa eona. Khanya ea Jehova e tlala tempele. Ezekiele o fuoa litaelo mabapi le mahlabelo, mesebetsi ea baprista le hore na naha e tla aroloa joang. O bona noka e phalla ho tsoa tempeleng. Ka mor’a moo, maloko a 12 a Iseraele a fuoa mafa ’me Ezekiele o tsebisoa lebitso la motse, e leng “Jehova o Teng Moo.” (48:35) Ka pono ena, Jehova o hatisa hore melao ea hae e lokile ebile o kholisa batho ba botlamuoeng hore borapeli bo hloekileng bo tla tsosolosoa.—Sheba Lebokose la 26-D.
U Ithutile’ng Bukeng ea Ezekiele?
-
1. MATLAFATSA SETSOALLE SA HAO LE JEHOVA
-
a. Ezekiele 18:19-22 e u ruta eng ka likahlolo tsa Jehova?
-
b. Ela hloko hore na Jehova o tla etsa’ng ha Gogo a hlasela batho ba hae. (38:18, 19, 22) Taba ee e etsa hore u ikutloe joang?
-
c. Jehova o ile a tšepisa batho ba hae, a re: “Ke tla nesa litlhohonolofatso joaloka pula.” (34:26) Jehova o u hlohonolofalitse joang?
-
-
2. FATISISA MATLOTLO
-
a. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bitsa Ezekiele “mor’a motho”? (3:17; nwt-SU Litlhaloso) Ke mang hape ea ileng a bitsoa joalo? (Mat 20:28)
-
b. Ezekiele 17:16 e phethahetse joang? (Jer 52:11)
-
c. Leloko le hlahang ho Matheu khaolo ea 1 le bontša joang hore Jesu o ne a e-na le “tokelo ea molao” ea ho roesoa “korone”? (21:26, 27)
-
-
3. U KA SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA JOANG?
-
a. Ezekiele 18:21, 22 e ka u tšelisa joang haeba u ikutloa u le molato ka lebaka la liphoso tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng?
-
b. Ezekiele 3:18, 19 e re ruta eng ka bohlokoa ba mosebetsi oa boboleli?
-
c. Baholo ba ka ithuta eng ho Ezekiele 34:11-16? (1Pe 5:2)
-
-
4. KE ENG HAPE EO U E RATILENG BUKENG EA EZEKIELE?
a Lena ha se lekhetlo la pele ntlha ena e hlaha ka Bibeleng. (De 24:16; 30:19) Leha ho le joalo, e hatisoa haholoanyane bukeng ea Ezekiele.—18:14-18.
b Ho Ezekiele 33:21, meqolo ea khale e ’maloa e ngotsoeng ka letsoho e bua ka “selemo sa bo11” ho e-na le “selemo sa bo12.” Sena se ka bolela hore monna ea phonyohileng o fihlile Babilona ka December 607 B.C.E. Sena sea utloahala hobane ho tloha Jerusalema ho ea Babilona ho ne ho ka nka likhoeli tse ’maloa

