Tšenolo e eang ho Johanne 7:1-17

  • Mangeloi a mane a thibileng meea e senyang (1-3)

  • Ba 144 000 ba tšoauoe (4-8)

  • Bongata bo boholo ba batho ba apereng liaparo tse tšoeu (9-17)

7  Ka mor’a moo, ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong* tse ’nè tsa lefatše, a thibile meea e hlahang likhutlong tseo tse ’nè e le hore ho se ke ha e-ba le moea o fokang lefatšeng, leoatleng kapa sefateng sefe kapa sefe.  Ka bona lengeloi le leng le hlaha ka bochabela le e-na le setempe* se tsoang ho Molimo ea phelang. La hoeletsa mangeloi a mane a neng a fuoe mosebetsi oa ho senya lefatše le leoatle  la re: “Le se ke la senya lefatše, leoatle kapa lifate pele re tšoaea+ bahlanka ba Molimo oa rona liphatleng.”+  Ka utloa hore ho ne ho tšoauoe ba 144 000+ ba tsoang malokong ’ohle a bara ba Iseraele:+  Lelokong la Juda ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Rubene ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Gade ho ne ho tšoauoe ba 12 000.  Lelokong la Ashere ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Nefthali ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Manase+ ho ne ho tšoauoe ba 12 000.  Lelokong la Simeone ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Levi ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Isakare ho ne ho tšoauoe ba 12 000.  Lelokong la Zabulone ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Josefa ho ne ho tšoauoe ba 12 000,lelokong la Benjamine ho ne ho tšoauoe ba 12 000.  Ka mor’a moo, ka bona bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ea ka bo balang. E ne e le batho ba lichaba tsohle, maloko ’ohle, merabe eohle le lipuo tsohle.+ Ba ne ba eme ka pel’a terone le Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu+ ’me ba tšoere makala a palema.+ 10  Ba ne ba hoeletsa ba re: “Re pholositsoe ke Molimo oa rona ea lutseng teroneng,+ le Konyana.”+ 11  Mangeloi ’ohle, likerubime tse ’nè le baholo ba ne ba pota-potile terone.+ Bohle ba khumama ka pel’a terone ’me ba rapela Molimo 12  ba re: “Amen! Molimo oa rona ea bohlale, ea nang le matla le bolaoli a ke a hlomphuoe, a rorisoe le ho lebohuoa ka ho sa feleng.+ Amen.” 13  E mong oa baholo a re ho ’na: “Batho baa ba apereng liaparo tse telele tse tšoeu+ ke bo-mang hona ba tsoa hokae?” 14  Ka re ho eena: “Moren’a ka, ke uena ea tsebang.” A re ho ’na: “Bana ke ba pholohileng mahlomola a maholo,+ ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.+ 15  Ke ka lebaka leo ba leng ka pel’a terone ea Molimo, ba mo sebeletsa bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae. Ea lutseng teroneng+ o tla ba sireletsa.*+ 16  Ba ke ke ba hlola ba lapa, ba nyoroa kapa ba chesoa ke letsatsi+ 17  hobane Konyana+ e pel’a terone e tla ba lisa,+ e ba ise lilibeng tsa metsi a bophelo.+ Molimo o tla ba hlakola meokho.”+

Linaletsana

Kapa: “lik’honeng.”
Ka Segerike: “o tla ala tente ea hae holim’a bona.”