BUKA EA BIBELE EA BO27
Daniele
NTLHA-KHOLO: Tlaleho ea boprofeta ba Daniele le lintho tse mo etsahalletseng ha a ntse a le Babilona
BUKA EE E AMANA JOANG LE MOLAETSA OA BIBELE?: E senola nako eo Mesia a neng a tla ba teng ka eona le nako eo Jehova a neng a tla hloma ’Muso oa Hae leholimong ka eona
MONGOLI: Daniele
SEBAKA SEO E NGOLLETSOENG HO SONA: Babilona
HO NGOLOA HO PHETHILOE: Hoo e ka bang ka 536 B.C.E.
NAKO E AKARELITSOENG: 618 ho ea ho hoo e ka bang ka 536 B.C.E. (lilemo tse ka bang 82)
Buka ee e re Ruta Eng ka Jehova?
1. Jehova o ile a khetha Daniele hore e be moprofeta nakong efe e thata?
JEHOVA o ile a khetha Daniele hore e be moprofeta oa hae nakong e thata haholo bakeng sa batho ba hae. Morena ea neng a lutse teroneng ea Jehova e Jerusalema o ne a isitsoe Babilona. Motse o neng o e-na le tempele ea Jehova o ne o felisitsoe. Hape batho ba Molimo ba ne ba le botlamuoeng. Jehova o ile a khetha nako ena e thata ho senola lintlha tse babatsehang ka bobusi ba hae joaloka Molimo ea phahameng ka ho fetisisa ’me o ile a li tlaleha bukeng ea Daniele.—2:20; 6:26, nal.
Jehova ke Mosenoli oa liphiri, Molopolli, Moputsi le ’Musi ea Holimo-limo
2. Ke lintlha life tseo buka ea Daniele e li senolang ka (a) ’Muso? (b) Mesia?
2 Bukeng ena, Jehova o senola lintlha tse ngata tse ncha ka bobusi ba hae bo sa feleng. Jehova o bolella Daniele hore na ’Muso oa Bomesia o tla finyella eng, o tla busa nako e kae, o tla busa o le hokae le hore na Mesia o tla busa le bo-mang. (2:35, 44; 7:13, 14, 18) O boetse o senola hore na Mesia o tla hlaha neng, o tla bolaoa neng le hore na o tla qala ho busa neng leholimong. Boprofeteng bo bong bo hlollang, Jehova o bontša hore Mesia o tla fihla ebe o bolaoa qetellong ea “libeke tse 70,” ka mor’a moo Jerusalema e tla felisoa. (9:24-26; sheba Lebokose la 27-A.) Hamorao, Nehemia o tlaleha hore na nako eo e tla qala neng. (Ne 2:1, 5-8) Daniele o boetse o bua ka boprofeta bo bong bo hlalosang hore Mesia o tla qala ho busa qetellong ea “linako tse supileng.” (4:16, 17; sheba Lebokose la 27-C.) Ha Jesu a bua ka ho ba teng ha hae e le Morena oa leholimo, o bua ka nako eo e le “linako tse behiloeng tsa lichaba.”—Lu 21:20-24; Mat 24:1-3, 15.
3. Buka ea Daniele e senola eng ka mebuso ea batho?
3 Jehova o boetse o senola lintlha tse mabapi le ho hlaha le ho oa ha mebuso e itseng ea batho. Khaolong ea 2, 7, 8 le 10-12 bukeng ea Daniele, ho na le boprofeta bo bontšang tatellano ea mebuso ea lefatše ho tloha ’musong oa Babilona ea boholo-holo ho fihlela “nakong ea bofelo.” (12:4; nwt Lintlha Tsa B9) Jehova o bontša kamoo mebuso ea batho e tla hanyetsa bobusi ba hae kateng, ho hlorisa batho ba hae le kamoo ’Muso oa hae o tla felisa mebuso ena kateng. (7:23-26) Ho ekelletsa moo, lipono tsa libata tse boletsoeng bukeng ena li re thusa ho utloisisa hore libata tse ho Tšenolo li emela mebuso ea lipolotiki.—Dan 7:15-17; Tše 13:1, 2; 17:3.
4. Re ithuta’ng linthong tse ileng tsa etsahalla Daniele?
4 Ha Jehova a ne a susumetsa Daniele hore a ngole lintho tse ling tse ileng tsa mo etsahalla bophelong, o ne a re ruta lithuto tsa bohlokoa. Ka mohlala, re ithuta ka botšepehi ha re bala kamoo Daniele le metsoalle ea hae ea Baheberu e ileng ea ema e tiile kateng ho mamela melao ea Molimo. (1:8; 3:16-18; 6:10) Re ithuta ka boikokobetso ha re bala kamoo Daniele a ileng a rapela Jehova ho tsoa pelong kateng. (2:19-23; 9:3-19) Re boetse re ithuta ka sebete ha re bala kamoo Daniele a ileng a bolella marena likahlolo tsa Molimo kateng le kamoo a ileng a lahleloa ka sekoting sa litau hobane a sa ka a khaotsa ho rapela Molimo.—4:27; 5:22, 23; 6:6-10, 16, 17.
5. Jehova o re ruta eng ka eena a sebelisa buka ea Daniele?
5 Jehova o sebelisa buka ea Daniele ho re ruta lintho tse ngata tse hlollang ka eena. Buka ena e bontša Jehova e le Mosenoli oa liphiri, o senolela bahlanka ba hae lintho tse tla etsahala nakong e tlang. (2:47) Jehova ke Mopholosi hobane o pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang lefung ebile o tšepisa ho ba tsosa. (6:27; 12:13) Hape Jehova o putsa bahlanka ba hae ka ho ba fa temoho, kutloisiso le matla. (1:17; 10:19) Ka holimo ho tsohle, Jehova ke ’Musi ea Holimo-limo. Ke Daniele feela ea sebelisang lipolelo tse kang, “’Musi ’musong oa batho” le “Ea Holimo-limo” ha a bua ka Jehova. a—4:17; 7:18.
Lintlha Tseo u Lokelang ho li Tseba Pele u Bala Buka Ena
6. Re tseba eng ka Daniele?
6 Mongoli: Daniele, eo lebitso la hae le bolelang “Moahloli oa ka ke Molimo,” o ne a tsoa lelokong la Juda. Ho ka etsahala hore ebe lelapa la habo e ne e le la borena. Mohlomong ha a le lilemong tsa bocha, o ile a isoa botlamuoeng Babilona ka selemo sa 617 B.C.E. (1:1-3, 6) Ha a le moo, o ile a sebeletsa phaleising ea morena tlas’a puso ea Babilona ’me hamorao a sebeletsa e le molaoli ’musong oa Bamede le Bapersia. (1:4; 6:1, 2) Daniele o ile a ba le bohlale bo sa tloaelehang le botumo bo botle hoo moprofeta Ezekiele a ileng a bua ka eena. (Eze 14:14, 20; 28:3; Dan 1:17-20) Daniele o ile a qala mosebetsi oa hae oa boprofeta hoo e ka bang ka selemo sa 606 B.C.E. (2:1, 19) O ile a bontšoa pono ea ho qetela ka selemo sa 536 B.C.E. (10:1) Ka hona, e ka ’na eaba Daniele o phetse lilemo tse ka bang 100. O qetile lilemo tse 78 a le tlas’a puso ea Babilona eaba o qeta tse tharo a le tlas’a puso ea Bamede le Bapersia. Hoo e ka bang ka selemo sa 536 B.C.E., Daniele o ile a ngola buka ena e nang le liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae ’me tse ling tsa tsona o ne a ile a li ngola pejana.—7:1; sheba Lebokose la 27-B.
7. Ke lintlha life tse re thusang ho utloisisa buka ea Daniele?
7 Lintlha tse potolohileng taba: Ka selemo sa 620 B.C.E., Babilona e ile ea qala ho patalisa Juda lekhetho. Qetellong, Bajuda ba ile ba hana ho le patala eaba Morena Nebukadnezare oa Babilona o hlasela Jerusalema ’me a hapa motse oo ka selemo sa 617 B.C.E. (2Ma 24:1, 10-12) Ka mor’a moo, o ile a nka litho tsa lelapa la borena le “banna ba hlomphehang naheng,” ho akarelletsa le Daniele, a ba isa Babilona e le batšoaruoa. (2Ma 24:15) Lilemo hamorao ka selemo sa 607 B.C.E., Babilona e ile ea felisa Jerusalema eaba e isa Bajuda ba bangata Babilona e le batlamuoa. Ka selemo sa 539 B.C.E., Babilona e ile ea haptjoa ke Bamede le Bapersia ba neng ba etelletsoe pele ke Saeruse e Moholo. Bamede le Bapersia ba ile ba lumella ’Musi Zorobabele hore a etelle pele Bajuda ba neng ba setse hore ba khutlele habo bona. Ka nako eo, Daniele o ne a ntse a phela.—Esd 1:1-8; 2:1, 2; Hag 1:1.
8. Buka ea Daniele e hlophisitsoe joang, hona e ngotsoe ka lipuo life tse peli?
8 Lintlha tse ling: Buka ea Daniele e ka aroloa ka likarolo tse peli. Khaolo ea 1-6 e bua ka lintho tse ileng tsa etsahalla Daniele le metsoalle ea hae le ka boprofeta bo buang ka mebuso ea batho. Litaba tsena li ngotsoe ka tatellano ea liketsahalo. Khaolo ea 7-12 e bua ka lipono tse ileng tsa fuoa Daniele ka ho toba. Ka mor’a hore Daniele a ngole khaolo ea pele ka Seheberu, o ile a tsoela pele ho ngola ka Searame ha a bua ka hore na ho tla etsahala’ng ka mebuso ea lefatše nakong e tlang. (2:4b–7:28) O ile a ngola khaolo ea 8-12 ka Seheberu. E bua ka hore na ho tla etsahala’ng ka bokamoso ba batho ba Molimo nakong eo ho busang mebuso ea lefatše.
Lintlha Tse Bukeng Ena
9. Ho etsahala’ng ka Daniele le metsoalle ea hae hang ka mor’a hore ba fihle Babilona?
9 Koetliso Babilona. (1:1-21) Ka selemo sa 617 B.C.E., Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria b ba fihla Babilona ’me ba qala ho koetlisetsoa ho sebeletsa ’muso. Ka mor’a ho hana ho itšilafatsa ka lijo tsa morena tsa maemo a holimo, baa hlohonolofatsoa ka lebaka la ho tšepahala ’me baa tuma ka lebaka la bohlale boo ba neng ba e-na le bona.—1:20.
10. Ho etsahala’ng hoo e ka bang selemo ka mor’a hore Jerusalema e felisoe?
10 Setšoantšo se seholohali. (2:1-49) Hoo e ka bang ka 606 B.C.E., Nebukadnezare o ile a lora toro e tšoenyang ea setšoantšo se seholohali. O ile a tšosa banna bohle ba bohlale ba Babilona ka hore o tla ba bolaea haeba ba sitoa ho mo bolella seo a se lorileng le hore na toro eo e bolela’ng. Ha Daniele a hlalosetsa morena hore na o lorile’ng le hore na toro eo e bolela’ng, Nebukadnezare o lumela hore Jehova ke “Mosenoli oa liphiri” ’me o etsa Daniele ’musi oa profinse ea Babilona ebile o khetha Hanania, Mishaele le Azaria hore e be batsamaisi ba eona.
11. Ke teko efe eo Baheberu ba bararo ba kopanang le eona ’me qetellong ho etsahala’ng?
11 Sebopi sa mollo. (3:1-30) Ka selemo sa 606 B.C.E. kapa ka morao ho moo, Nebukadnezare o khakola seemahale se seholo sa khauta. Ha Hanania, Mishaele le Azaria ba hana ho se rapela, Nebukadnezare o laela hore ba lahleloe ka seboping sa mollo. Jehova o romela lengeloi la hae ho ba pholosa. Ka lebaka leo, Nebukadnezare o rorisa Jehova, o fana ka taelo e sireletsang borapeli ba Jehova ’me o fa Baheberu ba bararo boemo bo phahameng profinseng ea Babilona.
12. Daniele khaolo ea 4 e bua ka eng?
12 Sefate se seholo. (4:1-37) Khaolo ena e na le lengolo le ngotsoeng ke Nebukadnezare, mohlomong nakoana ka mor’a 600 B.C.E. Lengolong lena, morena o pheta toro ea hae ea sefate se ileng sa rengoa eaba sea tlangoa ’me ha feta “linako tse supileng” ebile o bua ka tlhaloso ea Daniele ea toro eo. (4:25; sheba Lebokose la 27-C.) Toro eo e ile ea phethahala ha Nebukadnezare a lahleheloa ke kelello le matla a hae a ho busa ’me hamorao a boela a fumana lintho tseo ka bobeli. O phethela ka ho rorisa Jehova le ho re ke eena Molimo ea phahameng ka ho fetisisa.
13. Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahala ka 539 B.C.E.?
13 Mongolo leboteng. (5:1-31) Ka la 5 October 539 B.C.E., Morena Belshatsare oa Babilona o ile a bona letsoho le ngola mongolo o makatsang leboteng. Kahoo, a bitsa Daniele hore a bale mongolo oo le ho hlalosa hore na o bolela’ng. Daniele eo mohlomong a neng a ka ba lilemo tse ka holimo ho 90, o senola hore ’Muso oa Bamede le Bapersia o tla hapa Babilona. Bosiung boo, Belshatsare oa bolaoa, Babilona ea haptjoa ’me Dariuse oa Momede e e-ba morena.—5:30, 31.
14. Ke teko efe ea botšepehi eo Daniele a ileng a kopana le eona ha a se a tsofetse?
14 Sekoti sa litau. (6:1-28) Kapele ka mor’a hore Babilona e oe, Dariuse o khetha Daniele hore e be ofisiri e phahameng ’musong. Leha ho le joalo, balaoli ba neng ba monela Daniele ba leka ho mo bolaea hobane a rapela Jehova. Daniele o lahleloa ka sekoting sa litau. Jehova o pholosa Daniele ’me Dariuse o laela bohle ba ’musong oa hae hore ba tšabe Jehova.
15. Ponong ea Daniele ea libata tse ’ne, ke mang ea nkeloang bobusi ’me bo fuoa bo mang?
15 Libata tse ’ne. (7:1-28) Ka selemo sa 553 B.C.E., ha Daniele a le lilemo li ka bang 75 ho isa ho tse 85, o bona pono ea libata tse ’ne tse emelang mebuso e mene. Sebata sa bone se na le manaka a leshome. Lenaka le lenyenyane le ile “la hlaha har’a ’ona” ’me la nkela manaka a mararo sebaka. (7:8) Daniele o bona e mong ea joaloka mor’a motho a fuoa bobusi bo ke keng ba fela. (7:13, 14) O boetse oa hlokomela hore lenaka le lenyenyane le tla hlorisa “bahalaleli” ka linako tse tharo le halofo. (7:21, 25) Jehova o nkela lenaka leo bobusi, sebata sea felisoa ’me bobusi bo ke keng ba fela bo fuoa “bahalaleli ba Ea Holimo-limo.”—7:26, 27.
16. Ho etsahala’ng ka ramo le phooko tse profetiloeng lengolong la Daniele khaolo ea 8?
16 Ramo le phooko. (8:1-27) Ka selemo sa 551 B.C.E., Daniele o bona pono ea ramo e nang le manaka a mabeli e bolaoa ke phooko e nang le lenaka le hlahelletseng. Ramo e emela morena oa Bamede le morena oa Bapersia. Selemo hamorao ka 550 B.C.E., Saeruse o kopanya ’Muso oa Bamede le oa Bapersia. Phooko e emela Greece. Lenaka la phooko lea robeha ’me le nkeloa sebaka ke manaka a mane. Ho le leng la manaka ao, ho hlaha lenaka le leng le lenyenyane le ileng la fetoha morena ea mabifi. Mehleng ea bofelo, morena eo oa iphahamisa ’me o baka tšenyo sebakeng se halalelang. Ka mor’a matsatsi a 2 300, sebaka se halalelang se khutlisetsoa boemong ba sona bo nepahetseng. Qetellong oa felisoa empa eseng “ka letsoho la motho.”—8:25.
17. Daniele o hlokomela eng ka mor’a ho rapela Jehova?
17 Lilemo tse 70 le libeke tse 70. (9:1-27) Ho ka etsahala hore ka selemo sa 539 B.C.E. le pele Saeruse a etsa qeto ea ho ntša Bajuda botlamuoeng, Daniele o ile a hlokomela hore lilemo tse 70 tsa hore Jerusalema e sale e se na baahi li se li le haufi le ho fela. c (2Kr 36:23; Esd 1:1-11; 2:64) Kahoo, o kopa Jehova hore a tsosolose borapeli tempeleng. Lengeloi Gabariele lea hlaha ’me le tsebisa Daniele ka nako ea “libeke tse 70.” Beke e lekana le lilemo tse supileng. (9:24, nal.) Boprofeta bona bo hlalosa liketsahalo tse ngata. Bo hlalosa hore ho tla etsoa sehlabelo sa tšoarelo ea libe, Jerusalema e tla tsosolosoa, Mesia o tla fihla a be a bolaoe, ‘motse le sebaka se halalelang’ li tla felisoa, selekane se tla tsoela pele ho fihlela qetellong ea beke ea bo70 ’me bohareng ba beke eo mahlabelo a tla felisoa.—9:26
18. Pono ea Daniele ea marena a loantšanang, e senola eng ka “matsatsi a ho qetela”?
18 Marena a loantšanang. (10:1–12:13) Ka selemo sa 536 B.C.E., Daniele eo joale a seng a ka ba lilemo tse 100, o bona pono ea ho qetela e mabapi le “matsatsi a ho qetela.” (10:14) Daniele o hlokomela hore morena oa Persia “o tla hlohlelletsa lintho tsohle hore li loantše ’muso oa Greece.” (11:2) ’Muso oa morena ea matla o aroloa likoto tse ’ne. Ha nako e ntse e-ea, morena oa leboea le morena oa boroa ba loanela ho busa. Ka nako eo, sehalalelo sa Molimo sea silafatsoa, ho tlosoa sehlabelo se etsoang kamehla ’me ho behoa “ntho e nyonyehang le e senyang.” (11:29-31) Nakong ea bofelo, marena ao aa “sututsana.” Hamorao morena oa leboea o kena “naheng ea Mokhabiso.” (11:40-45) Nakong ea mahlomola a maholo, Mikaele o emela batho ba halalelang ba Molimo. Lengeloi lea botsa: “Lintho tsee tse hlollang li tla nka nako e kae?” Lengeloi le leng le bua ka nako ea linako tse tharo le halofo. Hamorao ho boleloa linako tse ling tse peli e leng matsatsi a 1 290 le a 1 335. Daniele o bolelloa hore o tla shoa le hore o tla tsoha “qetellong ea matsatsi.” (12:6, 7, 11-13) Hang ka mor’a hore pono eo e fele, Daniele o phethela buka ea hae e rehelletsoeng ka eena.
U Ithutile’ng Bukeng ea Daniele?
-
1. MATLAFATSA SETSOALLE SA HAO LE JEHOVA
-
a. Jehova o ile a bontša joang hore ke Motsoalle ea tšepahalang oa Daniele bophelong bohle ba hae? (1:9, 17; 2:23; 6:22; 9:4) See se u ruta eng ka Jehova?
-
b. Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 19 bukeng ea Daniele ’me le hlaha ka makhetlo a 14 thapelong ea hae. (9:4-19) Ke eng e lokelang ho ba ea bohlokoa lithapelong tsa rona, hona hobane’ng? (Mat 6:9)
-
-
2. FATISISA MATLOTLO
-
a. Lengolo la Daniele 7:13, 14, 18 le amana joang le molaetsa oa Bibele le morero oa Jehova? (Tše 1:6; 14:1)
-
b. Lengolo la Daniele 9:24-27 le u thusa joang hore u tsebe selemo seo Mesia a fihlileng ka sona? (Sheba Lebokose la 27-A.) Ke liketsahalo life tse ling tseo boprofeta boo bo ileng ba li bolela esale pele ’me li ile tsa phethahala neng?
-
-
3. U KA SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA JOANG?
-
a. Ha Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba le Babilona hole le batsoali ba bona, ba ile ba qoba liteko life? (1:3-8) Batsoali ba ka ithuta eng tlalehong ee?
-
b. Daniele o ne a tsebahala ka ho ‘lula a sebeletsa’ Jehova. (6:16, 20) U ka ithuta eng mohlaleng oa hae ho tloha ha a sa le mocha ho fihlela a se a tsofetse? (Eze 14:14; Dan 10:11, 19; sheba Lebokose la 27-B.)
-
-
4. KE ENG HAPE EO U E RATILENG BUKENG EA DANIELE?
a Buka ea Daniele e na le lintlha tse ling tse ’maloa tse sa fumanoeng kae kapa kae Mangolong a Seheberu. Ka mohlala, ke eona feela e nang le mabitso a mangeloi le e kenyelletsang poleloana “nakong ea bofelo.”—8:17; 9:21; 12:1.
b Metsoalle ea Daniele e tsebahala haholo ka mabitso a Babilona e leng Shadrake, Meshake le Abednego. Lebitso la Daniele la Babilona e ne e le Beltsatsare.—1:6, 7.
c Ho ka etsahala hore ebe Saeruse o ile a lokolla Bajuda mathoasong a selemo sa 537 B.C.E. Sena se ne se tla be se ba file nako ea ho ea Jerusalema. Ka letsatsi la pele la khoeli ea bosupa (Tishri) ba ile ba hloma aletare, e leng lilemo tse 70 hantle ho tloha ha naha e qala ‘ho se be le baahi.’—2Kr 36:20-23; 2Ma 25:22-26; Esd 3:1, 2.

