Esdrase 1:1-11

  • Morena Saeruse o laela hore ho hahoe tempele bocha (1-4)

  • Litlhophiso tsa batho ba tsoang botlamuoeng Babilona (5-11)

1  Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ oa Persia, Jehova a susumetsa pelo ea Morena Saeruse oa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ea hae e le hore mantsoe a Jehova a ileng a buuoa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re:  “Morena Saeruse oa Persia o re, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše+ ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema+ e Juda.  Mang kapa mang eo e leng oa sechaba sa hae ea har’a lona, Molimo oa hae a be le eena ’me a ke a ee Jerusalema e Juda, a hahe ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele bocha e leng eena Molimo oa ’nete eo ntlo ea hae e neng e le Jerusalema.*  Mang kapa mang ea lulang e le mojaki+ hohle moo a leng teng, a ke a thusoe ke baahisani ba hae, ba mo fe silevera, khauta, thepa, liphoofolo tse ruuoang hammoho le nyehelo e fanoang ka ho rata bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete+ e neng e le Jerusalema.’”  Joale lihlooho tsa malapa a Juda, a Benjamine, baprista, Balevi hammoho le e mong le e mong eo moea oa hae o susumelitsoeng ke Molimo oa ’nete, ba itokisetsa ho nyoloha hore ba e’o haha ntlo ea Jehova e neng e le Jerusalema bocha.  Baahisani bohle ba bona ba ile ba ba thusa ka ho ba fa* lintho tse entsoeng ka silevera le khauta, thepa le liphoofolo tse ruuoang le lintho tsa bohlokoa, ntle le linyehelo tse ileng tsa fanoa ka ho rata.  Morena Saeruse a boela a ntša lintho tse neng li sebelisoa ntlong ea Jehova tseo Nebukadnezare a li nkileng ka nkane Jerusalema a li beha ka tlung ea melimo ea hae.+  Morena Saeruse oa Persia a beha Mithredathe motšoari oa matlotlo hore e be eena ea okamelang mosebetsi oa ho li ntša. Mithredathe o ile a ba a ngolla Sheshebazare*+ khosana ea Juda palo ea tsona.  Joale ena ke palo ea tsona: Linkho tsa khauta tse 30, linkho tsa silevera tse 1 000, lijana tse ling tse 29, 10  likotlolo tse 30 tse nyenyane tsa khauta, likotlolo tse 410 tse nyenyane tsa silevera, lintho tse ling tse 1 000 tse neng li sebelisoa. 11  Lintho tsohle tsa khauta le tsa silevera tse neng li sebelisoa li ne li le 5 400. Sheshebazare o ile a tlisa lintho tsena tsohle ha batlamuoa ba lokolloa botlamuoeng+ Babilona hore ba ee Jerusalema.

Linaletsana

Kapa mohlomong: “ea leng Jerusalema.”
Ka Seheberu: “ba matlafatsa matsoho a bona ka.”
Mohlomong ke Zorobabele eo ho buuoang ka eena ho Esd 2:2; 3:8.