Esdrase 5:1-17

  • Bajuda ba haha tempele hape (1-5)

  • Tatenai o ngolla Morena Dariuse lengolo (6-17)

5  Joale moprofeta Hagai+ le moprofeta Zakaria+ setloholo sa Ido+ ba profetela Bajuda ba neng ba le Juda le Jerusalema. Ba ba profetela ka lebitso la Molimo oa Iseraele ea neng a ba okametse.  Ke ka nako eo Zorobabele+ mora oa Shalatiele le Jeshua+ mora oa Jozadake ba ileng ba qala ho haha bocha ntlo ea Molimo+ e neng e le Jerusalema ’me baprofeta ba Molimo ba ne ba e-na le bona, ba ba tšehetsa.+  Ka nako eo, Tatenai letona la sebaka se ka Nģ’ane ho Noka* le Shethare-boznai le metsoalle ea bona ba tla ho bona ’me ba re: “Ke mang ea le fileng taelo ea ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?”*  Ba boela ba re: “Mabitso a banna ba hahang mohaho oo ke bo-mang?”  Empa Molimo o ne a hlokometse* banna ba baholo ba Bajuda+ ’me ha baa ka ba thibeloa ho fihlela tlaleho e romeloa ho Dariuse ’me tokomane ea molao e mabapi le taba ena e khutlisoa.  Ke lena lengolo le kopilitsoeng leo Tatenai letona la sebaka se ka Nģ’ane ho Noka le Shethare-boznai le metsoalle ea hae e leng matona a tlasana a sebaka se ka Nģ’ane ho Noka, ba ileng ba le romela ho Morena Dariuse.  Ba ile ba romela tlaleho ho eena ’me ba ne ba ngotse tjena: “Ho Morena Dariuse: Khotso eohle e be le uena!  Morena a ke a tsebe hore re ile ra ea profinseng* ea Juda ntlong ea Molimo e moholo. E ntse e hahuoa ka majoe a maholo ’me mapolanka a ntse a kenngoa maboteng. Batho ba ntse ba etsa mosebetsi ona ka mafolofolo ebile oa atleha ka lebaka la boikitlaetso ba bona.  Joale ra botsa banna ba baholo ba Bajuda ra re: ‘Ke mang ea le fileng taelo ea ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?’*+ 10  Re ile ra boela ra ba botsa mabitso a bona hore re tle re ngole mabitso a banna ba etellang pele ’me re u tsebise bona. 11  Ba ile ba re araba ba re: ‘Re bahlanka ba Molimo oa maholimo le lefatše ’me re haha bocha ntlo e ileng ea hahuoa lilemo tse ngata tse fetileng, eo morena e moholo oa Iseraele a ileng a e haha a ba a e qeta.+ 12  Leha ho le joalo, bo-ntate ba rona ba ile ba halefisa Molimo oa maholimo+ eaba o nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare+ oa Babilona oa Mokalde, ea ileng a heletsa ntlo ena+ eaba o isa batho botlamuoeng Babilona.+ 13  Leha ho le joalo, ka selemo sa pele sa Morena Saeruse oa Babilona, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ea hore ntlo ena ea Molimo e hahoe bocha.+ 14  Ho ekelletsa moo, Morena Saeruse a ntša lijana tsa khauta le silevera tsa ntlo ea Molimo ka tempeleng ea Babilona tseo Nebukadnezare a ileng a li nka ka nkane tempeleng e Jerusalema ’me a li tlisa tempeleng ea Babilona.+ Li ile tsa fuoa monna ea bitsoang Sheshebazare*+ eo Saeruse a ileng a mo etsa letona.+ 15  Saeruse a re ho eena: “Nka lijana tsena. Tsamaea u li behe ka tempeleng e Jerusalema ’me ntlo ea Molimo e ke e hahoe bocha moo e neng e le teng pele.”+ 16  Joale Sheshebazare enoa a fihla ’me a etsa metheo ea ntlo ea Molimo+ e Jerusalema ’me haesale e ntse e hahuoa ho tloha nakong eo ho fihlela hona joale empa e ntse e e-s’o qetoe.’+ 17  Joale haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ho ke ho batlisisoe polokelong ea matlotlo a morena moo Babilona, ho bona hore na Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ea hore ho hahuoe ntlo eo ea Molimo e Jerusalema bocha.+ Qeto ea morena mabapi le sena e romeloe ho rona.”

Linaletsana

Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Kapa: “libalaka tsee.”
Ka Searame: “Leihlo la Molimo oa bona le ne le le holim’a.”
Kapa: “seterekeng.”
Kapa: “libalaka tsee.”
Mohlomong ke Zorobabele ea ho Esd 2:2; 3:8.