Daniele 1:1-21

  • Jerusalema e thibelloa ke Bababilona (1, 2)

  • Koetliso e khethehileng e fuoang bacha ba leloko la borena (3-5)

  • Baheberu ba bane ba tšepahalang baa lekoa (6-21)

1  Ka selemo sa boraro sa puso ea Morena Jojakime+ oa Juda, Morena Nebukadnezare oa Babilona a tla Jerusalema ’me a e thibella.+ 2  Ha nako e ntse e ea, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime oa Juda letsohong la Nebukadnezare+ hammoho le tse ling tsa lisebelisoa tsa ntlo* ea Molimo oa ’nete. Nebukadnezare o ile a tlisa lisebelisoa tseo naheng ea Shinare*+ ka tlung* ea molimo oa hae eaba o li beha matlotlong a molimo oa hae.+ 3  Ka mor’a moo, morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong a tlise ba bang ba Baiseraele,* ho akareletsa le bana ba leloko la borena le la bahlomphehi.+ 4  E ne e lokela ho ba bacha* ba phetseng hantle, ba shebahalang hantle, ba bohlale, ba nang le tsebo le temoho+ le ba ka khonang ho sebeletsa phaleising ea morena. O ne a lokela ho ba ruta mongolo le puo ea Bakalde. 5  Hape morena a laela hore letsatsi le letsatsi ba fuoe tse ling tsa lijo tsa hae tsa maemo le veine eo a e noang. Ba ne ba tl’o koetlisoa* ka lilemo tse tharo ebe ka mor’a moo ba sebeletsa morena. 6  Har’a bona ho ne ho e-na le ba tsoang lelokong* la Juda e leng Daniele,*+ Hanania,* Mishaele* le Azaria.*+ 7  Molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong o ile a ba reha mabitso.* A reha Daniele Beltsatsare,+ Hanania a mo reha Shadrake, Mishaele a mo reha Meshake ’me Azaria a mo reha Abednego.+ 8  Daniele o ile a etsa qeto ka pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa ka lijo tsa maemo tsa morena kapa veine ea hae. Kahoo, a kopa molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong hore a mo lumelle hore a se ke a itšilafatsa ka lintho tseo. 9  Molimo oa ’nete a etsa hore molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a hauhele* Daniele.+ 10  Molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a re ho Daniele: “Ke tšaba moren’a ka, ea laetseng hore na le je eng le hore na le noe eng. O tla re’ng ha a ka le bona le otile ho feta bacha* ba bang ba lekanang le lona? Le tla mpolaisa ka morena.” 11  Daniele a bua le mohlokomeli eo molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a neng a mo khethile hore a hlokomele eena, Hanania, Mishaele le Azaria a re: 12  “Re kopa u re leke ka matsatsi a leshome ’me re lumelloe ho ja meroho le ho noa metsi. 13  Ebe u bapisa tsela eo re shebahalang ka eona le eo bacha* ba jang lijo tsa morena tsa maemo ba shebahalang ka eona. Ka mor’a moo, u etse qeto ea hore na u tla etsa’ng ka rona ho ea ka seo u se bonang.” 14  Kahoo, a lumela kopo ea bona eaba o ba leka ka matsatsi a leshome. 15  Ka mor’a matsatsi a leshome, ba ne ba le batle ebile ba phetse hantle* ho feta bacha* bohle ba neng ba ja lijo tsa morena tsa maemo. 16  Mohlokomeli a ’na a ba fa meroho ho e-na le ho ba fa lijo tsa maemo le veine ea morena. 17  Molimo oa ’nete a fa bacha* bana ba bane tsebo, bohlale le bokhoni ba ho utloisisa lintho tsohle tse ngotsoeng. Daniele eena o ile a fuoa bokhoni ba ho utloisisa mefuta eohle ea lipono le litoro.+ 18  Ha nako eo morena a neng a e behile ea hore ba tlisoe ho eena e fihla,+ molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a ba tlisa ka pel’a Nebukadnezare. 19  Ha morena a bua le bona, sehlopheng sohle sa bona ho ne ho se na ea tšoanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.+ Ba ile ba sala ’me ba sebeletsa morena. 20  Ha morena a ba botsa ka litaba tse hlokang bohlale le kutloisiso, o ile a hlokomela hore bohlale ba bona bo feta ba baprista bohle ba maselamose le linohe+ tse pusong ka makhetlo a leshome. 21  Daniele a lula moo ho fihlela ka selemo sa pele sa puso ea Morena Saeruse.+

Linaletsana

^ Kapa: “tempele.”
^ E leng Babilonia.
^ Kapa: “tempele.”
^ Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
^ Ka Seheberu: “bana.”
^ Kapa mohlomong: “feptjoa.”
^ E bolelang “Jehova o Thusitse.”
^ Mohlomong e bolela “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”
^ E bolelang “Jehova o Bontšitse Mohau.”
^ Ka Seheberu: “ho bara ba.”
^ E bolelang “Moahloli oa ka ke Molimo.”
^ E leng mabitso a Bababilona.
^ Kapa: “a be mosa ho.”
^ Ka Seheberu: “bana.”
^ Ka Seheberu: “bana.”
^ Ka Seheberu: “nonne.”
^ Ka Seheberu: “bana.”
^ Ka Seheberu: “bana.”