Daniele 12:1-13

  • ‘Nako ea bofelo’ le ka mor’a eona (1-13)

    • Mikaele o tla ema (1)

    • Batho ba bohlale ba tla khanya (3)

    • Tsebo ea ’nete e tla ba ngata (4)

    • Daniele o tla tsoha e le hore a fumane lefa la hae (13)

12  Ka nako eo, Mikaele*+ o tla ema,* khosana e kholo+ e emelang batho ba heno.* Ho tla ba le nako ea mahlomola e e-s’o ka e e-ba teng ho tloha ha ho ne ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo. Ka nako eo, batho bohle ba heno ba fumanoang ba ngotsoe bukeng+ ba tla phonyoha.+  Bafu ba bangata* ba tla tsoha. Ba bang ba tla tsoha hore ba phele ka ho sa feleng ’me ba bang ba tla tsohela hore ba hlajoe ke lihlong ka ho sa feleng.  Batho ba bohlale ba tla khanya joaloka sepaka-paka ’me ba thusang ba bangata hore ba etse lintho tse lokileng, ba tla khanya joaloka linaleli ka ho sa feleng.  Daniele, u boloke mantsoe ana e le sephiri ’me u koale buka ena ho fihlela nakong ea bofelo.+ Ba bangata ba tla hlahlobisisa* buka eo ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”+  Ke ile ka bona ba bang ba babeli ba eme haufi le noka, e mong a eme ka lehlakoreng lena la noka ’me e mong a eme ka lehlakoreng lane.+  E mong oa bona a bua le monna ea apereng liaparo tsa line+ ea neng a le holim’a metsi a noka, a re: “Lintho tsee tse hlollang li tla nka nako e kae?”  Monna ea neng a apere liaparo tsa line a le holim’a metsi a noka, o ile a phahamisetsa letsoho la hae le letona le le letšehali leholimong eaba ke utloa a ikana ka Molimo ea phelang ka ho sa feleng+ a re: “Li tla nka linako tse tharo le halofo.* Lintho tsena tsohle li tla fela hang ha a qetile ho robakanya matla a batho ba halalelang.”+  Ke ile ka utloa empa ke ne ke sa utloisise+ eaba ke re: “Moren’a ka, lintho tsee li tla fella joang?”  A re ho ’na: “Tsamaea Daniele, u koale buka ena ’me u boloke mantsoe a eona e le sephiri ho fihlela nakong ea bofelo.+ 10  Batho ba bangata ba tla itlhoekisa, ba etse lintho tse lokileng ’me ba phele bophelo bo hloekileng.+ Ba khopo ba tla etsa lintho tse khopo ebile ha ho na le ea mong oa bona ea tla utloisisa lintho tsena. Ba bohlale ke bona ba tla li utloisisa.+ 11  Ho tla feta matsatsi a 1 290 ho tloha ha ho khaotsoa ho etsoa sehlabelo se nyeheloang kamehla+ ’me ho hlonngoa ntho e nyonyehang le e senyang.+ 12  Ho thaba ea tla mamella* ho fihlela matsatsi a 1 335 a fela. 13  Daniele, u mamelle ho fihlela qetellong. U tla shoa* empa u tla tsoha qetellong ea matsatsi hore u fuoe lefa la hao.”+

Linaletsana

E bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”
Kapa: “raoha.”
Ka Seheberu: “bara ba sechaba sa heno.”
Ka Seheberu: “Ba bangata ba robetseng leroleng la lefatše.”
Kapa: “ba tla phenya.”
Ka Seheberu: “nako, linako tse peli le halofo ea nako.”
Kapa: “ea lulang a lebelletse.”
Ka Seheberu: “o tla phomola.”