BUKA EA BIBELE EA BO29
Joele
NTLHA-KHOLO: Boprofeta bo lemosang batho ba Juda ka ho tla ha “letsatsi la Jehova”
BUKA EE E AMANA JOANG LE MOLAETSA OA BIBELE?: E bontša hore ha Jehova a tlisa kahlolo ea hae, o pholosa ba ileng ba ipiletsa lebitsong la hae
MONGOLI: Joele
SEBAKA SEO E NGOLLETSOENG HO SONA: Juda
HO NGOLOA HO PHETHILOE: Hoo e ka bang ka 820 B.C.E. (?)
Buka ee e re Ruta Eng ka Jehova?
1. Buka ea Joele e bua ka letsatsi lefe, hona le emela eng?
KA BUKENG ea Joele “letsatsi la Jehova” ke ntho ea bohlokoa eo Jehova a batlang hore batho bohle ba e tsebe, haholo-holo barapeli ba hae. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe buka ea Joele ke buka ea pele ea Bibele ea ho bua ka “letsatsi la Jehova” ’me e etsa joalo ka makhetlo a mahlano. (1:15; 2:1, 11, 31; 3:14) Ka Mangolong, ha ho buuoa ka “letsatsi la Jehova,” ho buuoa ka linako tse khethehileng tse fapaneng tsa ha Jehova a halaletsa lebitso la hae le ha a fana ka kahlolo ho batho ba mo hanyetsang.
Ho ka etsahala hore Joele ke buka ea pele ea Bibele e buang ka “letsatsi la Jehova”
2. Libuka tse ling tsa Bibele li re thusa joang ho utloisisa boprofeta ba Joele bo buang ka “letsatsi la Jehova”?
2 Libuka tse ling tsa Bibele li na le molaetsa oa bohlokoa o re thusang ho utloisisa boprofeta ba Joele bo amanang le “letsatsi la Jehova.” (Sheba Lebokose la 29-A.) Ka mohlala, Joele o ile a bona pono ea litsie tse ngata tse ileng tsa ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pel’a tsona. Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka 607 B.C.E., ha lebotho la Bababilona (Bakalde) le hlasela Juda ’me le felisa Jerusalema. Jeremia le Esdrase ba ile ba netefatsa taba ena. (Joe 1:6; 2:1, 8-11, 20, 25; bapisa le 2Kr 36:17, 19; Jer 32:43.) Lilemo tse makholo hamorao, Jesu o ile a sebelisa mantsoe a tšoanang le a Joele ho hlalosa kahlolo ea Jehova ea nakong e tlang. (Joe 2:31; Mat 24:29, 30) Moapostola Petrose le eena o ile a sebelisa karolo ea boprofeta ba Joele ha a ne a bua ka ho fanoa ha moea o halalelang ka letsatsi la Pentekonta ka selemo sa 33 C.E. (Joe 2:28-32; Lik 2:16-21) Sena se etsahetse “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ea lintho ea Bajuda, e ileng ea fela ka 70 C.E. ha “letsatsi la Jehova” le fihla ’me Baroma ba felisa Jerusalema. Ho ekelletsa moo, moapostola Petrose le Pauluse ba ile ba bua ka “letsatsi la Jehova” le tlang ho bontša hore boprofeta ba Joele bo tla phethahala ka ho felletseng nakong e tlang.—2Pe 3:12, 13; 1Th 5:2-4.
3. Ke lichaba life tseo Jehova a ileng a li ahlola, hona hobane’ng?
3 Joele o ile a re “letsatsi la Jehova” le haufi bakeng sa lichaba tse hlorisang batho ba Molimo. (3:2-6, 12, 14, 19) O ile a ngola likahlolo tsa boprofeta tse mabapi le metse ea Foenisia e leng Tire le Sidone, Edomo, Filistia (Ashdode e leng o mong oa metse ea Filistia e ka sehloohong) le Egepeta. Boprofeta ba Joele bo lumellana le litlaleho tse ling tsa boprofeta bo mabapi le lichaba tsena. (Bapisa le Eze 29:14-18; Amo 1:8; Mal 1:3, 4.) Tlaleho ea histori e bontša hore boprofeta bona bo ile ba phethahala, e leng ntho e matlafatsang tumelo ea rona hore boprofeta ba Joele bo tla phethahala nakong e tlang.
4. Buka ea Joele e bua ka thuto efe ea bohlokoa mabapi le ho pholoha?
4 Bukeng ea Joele, rea ithuta hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re pholohe “letsatsi la Jehova.” Re ithuta hore “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (2:31, 32 nal.) Pauluse o ile a qotsa Joele ha a hlalosa hore Bakreste ba lokela ho ipiletsa lebitsong la Jehova hore ba pholohe ’me ho etsa joalo ho akarelletsa ho ba le tumelo ho Jehova.—Bar 10:13, 14.
5. Buka ea Joele e re ruta eng ka Jehova?
5 Buka ea Joele e re hopotsa hore Jehova “o mohau, o lieha ho halefa ’me o lerato.” (Joe 2:13; Ex 34:6) Ka mosa, o mema barapeli ba hae ba mo lahlileng hore ba khutlele ho eena. O batla ho ba tšoarela le ho ba hlohonolofatsa. (2:12-14, 21) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore a ke ke a khalemela baetsalibe ba sa bakeng le ba hlorisang batho ba hae.—1:15; 3:19.
Lintlha Tseo u Lokelang ho li Tseba Pele u Bala Buka Ena
6. Ho bonahala eka Joele o ile a profeta hokae, hona neng?
6 Mongoli: Ha re tsebe lintlha tse ngata ka moprofeta Joele ntle le hore lebitso la hae le bolela hore “Jehova ke Molimo.” Hore ebe Joele o bua ka Juda, Jerusalema le tempele ho bontša hore e ka ’na eaba Joele o phetse Jerusalema ’me a profeta Juda. (1:9, 14; 2:17, 32; 3:1, 2, 16-20) Mangolong a Seheberu, buka ea Joele e lipakeng tsa buka ea Hosea le ea Amose, e leng ntho e ka ’nang ea bontša hore Joele e bile moprofeta ka nako e tšoanang le ea bona lilemong tsa bo-800 B.C.E. E ka ’na eaba Amose ea qetileng ho ngola buka ea hae hoo e ka bang ka 804 B.C.E. o ile a qotsa mantsoe a Joele. (Joe 3:16; Amo 1:1, 2) Haeba ho joalo, sena se bolela hore Joele o ngotse boprofeta ba hae pele Amose a ngola ba hae, mohlomong hoo e ka bang ka 820 B.C.E. Haeba linako tsena li nepahetse, ho ka etsahala hore ka nakoana Joele le Jonase e bile baprofeta ka nako e tšoanang.
7. Molaetsa oa Joele e ne e le ofe hona o ngotsoe joang?
7 Lintlha tse potolohileng taba: Ka 820 B.C.E., Uzia (o boetse o bitsoa Azaria) e ne e le morena oa Juda. “O ne a etsa lintho tse thabisang Jehova,” ’me batho ba ne ba thabela puso ea hae hobane o ne a e-na le lebotho le matla, hape naha e ne e atlehile moruong. (2Kr 26:3-14) Leha ho le joalo, batho ba bangata pusong ea hae ba ne ba kene tloara! borapeling ba bohata. (2Ma 15:1-4) Ke kahoo, molaetsa oa Joele o neng o le nakong hobane o ne o ba khothalletsa hore ba bake ’me ba khutlele borapeling ba ’nete. (2:1, 12) Joele o ngotse buka ea hae e le thothokiso ka Seheberu ’me a khetha mantsoe a fetisang molaetsa oa Jehova ka tsela e hlakileng. Joele o ile a hlakisa lintlha tsa bohlokoa ka ho pheta-pheta. O ne a boetse a sebelisa mehlala e hopolehang habonolo joaloka oo a ileng a o etsa ka litsie. (1:4, 6; 2:7) Le hoja molaetsa oa Joele o bonahala o tšosa, ha e le hantle oa re kholisa hore Jehova o sireletsa barapeli ba hae ba tšepahalang ha a ahlola batho ba mo hanyetsang.
Lintlha Tse Bukeng Ena
8. Litsie tse ngata li ile tsa baka tšenyo efe?
8 Litsie tsa tšoantšetso li fiela sohle naheng. (1:1–2:11) Joele o hlalosa pono e tšosang ea litsie tse bakang tlala. Ka lebaka la khaello ea lijo, batho ba ne ba se ba sa khone ho etsetsa Jehova mahlabelo. Litsie tsena li tšoantšetsa sechaba “se matla [le] se sengata hoo se se nang palo” hape li tšoana le lebotho le “phethang lentsoe la [Molimo]” ka “letsatsi la Jehova.”—1:6; 2:11; sheba Lebokose la 29-B.
9. Jehova o re batho ba hae ba etse eng?
9 Jehova o re batho ba hae ba bake ’me ba khutlele ho eena. (2:12-32) Haeba ba baka, o tla ba bontša mosa ’me a ke ke a ba fa kotlo. O tla ba tšoarela le ho ba hlohonolofatsa, a ba fe moea oa hae o halalelang.
10. Jehova o tla etsa eng ho batho ba tšoarang batho ba hae hampe?
10 Jehova o ahlola lichaba tse tšoarang batho ba hae hampe. (3:1-21) Molimo o tla khutlisetsa batšoaruoa Juda le Jerusalema. Ka mor’a moo, o tla bokella lichaba ebe o li fa kotlo “Khohlong ea Josafate,” eo hape e bitsoang “khohlong ea kahlolo.” (3:12, 14) Buka ena e qetella ka ho re: “Jehova [o] tla lula Sione.” (3:21) Mantsoe ao a kholisa batho ba Molimo hore o tla ba hlohonolofatsa le ho ba sireletsa.
U Ithutile’ng Bukeng ea Joele?
-
1. MATLAFATSA SETSOALLE SA HAO LE JEHOVA
-
a. Polelo e hlahang ho Joele 2:11-13 e reng “le sa na le nako ea ho khutlela ho ’na” e re ruta eng ka mamello ea Jehova?
-
b. Makhabane a Jehova a hlahang ho Joele 2:13 a etsa hore u ikutloe joang?
-
-
2. FATISISA MATLOTLO
-
a. Ke lintlha life ka litsie tse ngata tsa mehleng ea Iseraele tse re thusang ho utloisisa boprofeta ba Joele? (1:4; sheba Lebokose la 29-B.)
-
b. Ho phethahala ha tšepiso ea Jehova ea hore o tla fa bahlanka ba hae moea o halalelang, ho matlafatsa tumelo ea hao joang? (Joe 2:28-32; Lik 2:16-21)
-
-
3. U KA SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA JOANG?
-
a. Re lokela ho etsa’ng e le hore re pholohe “letsatsi la Jehova” le tlang? (Joe 2:12, 13, 32; bapisa le 1Th 5:2-6.)
-
b. Bala Joele 2:23-26. Litemana tsee li fana ka bopaki bofe ba hore Jehova o seatla se bulehileng? Re ka etsisa mohlala oa Jehova oa ho ba seatla se bulehileng joang?
-
-
4. KE ENG HAPE EO U E RATILENG BUKENG EA JOELE?

