Amose 5:1-27
5 Utloang lona Baiseraele, ena ke koli-ea-malla* eo ke le binelang eona:
2 ‘Moroetsana Iseraele o oele naheng ea habo,Ha a khone ho phahama.
Motho e mong le e mong o mo lahlile kherehloa,Ha ho na ea batlang ho mo phahamisa.’
3 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Motse o neng o futuha ka bahlabani ba sekete o tla salloa ke ba lekholo feela,O neng o futuha ka ba lekholo oona o salloe ke ba leshome feela. Ena ke eona ntho e tla hlahela bana ba Iseraele.’+
4 Jehova o itse ho bana ba Iseraele:
‘Ha le ka khutlela ho ’na le tla phela.+
5 Le se ke la ea Bethele+ le re le e’o ntšebeletsa,Le se ke la leka ho ea Gilgale+ kapa ho fetela Beersheba+Kaha Gilgale e tla haptjoa,+Bethele eona ha e sa tla ba teng.*
6 Khutlelang ho Jehova le tle le phele+E le hore a se ke a ikakhela ka har’a ntlo ea Josefa,A chesa Bethele eaba ha ho motho ea ka e timang.
7 Le etsa hore toka e babe joaloka lengana hore bophelo ba batho bo be bosula,Le e lahlela fatše hore batho ba e hatakele.+
8 Sebeletsang Molimo ea bopileng sehlopha sa linaleli sa Kima* le sa Kesile,*+Ea etsang hore lefifi e be meso,Ea etsang hore motšehare o be lefifi joaloka bosiu,+Ea bokellang metsi a leoatleE le hore a nosetse lefatše ka ’ona.+
Lebitso la hae ke Jehova.
9 O lihela koluoa holim’a linatla,Metse e sirelelitsoeng o e etsa lesupi.
10 Le hloile baahloli ba le khalemelangHape le nyonya batho ba buang ’nete.+
11 Le hirisetsa bafutsana masimo*Hape le ba patalisa lekhetho ka lijo.*+
Le ke ke la lula ka har’a matlo ano a lona ao le a hahileng ka majoe.+
Le masimo a morara o motle le a lemme empa le ke ke la noa veine ea oona.+
12 Libe* tsa lona ke li tseba ka paloLe hore na li kholo hakae.
Le hlekefetsa batho ba lokileng,Le nka tjotjo,Le hatakela litokelo tsa bafutsana ha le ahlola.+
13 Ka nako eo, ba bohlale ba tla itholelaHobane e tla be e le nako ea tlokotsi.+
14 Etsang lintho tse nepahetseng eseng tse fosahetseng+E le hore le tle le phele.+
Ha le etsa joalo, Jehova Molimo oa mabotho o tla ba le lonaJoalokaha le bolela.+
15 Hloeang lintho tse fosahetseng le rate tse nepahetseng,+Baahloli ba metse ea lona ba ke ba ahlole ka toka.+
Mohlomong Jehova Molimo oa mabothoO tla hauhela litloholo tse setseng tsa Josefa.’+
16 Jehova Molimo oa mabotho, eena Jehova o re:
‘Ho tla utloahala seboko literateng tse kholo,Batho ba tsamaee literateng ba ntse ba re: “Jooe! Jooe!”Ba tla bitsa lihoai hore li tl’o lla,Ba hire le batho ba llang.
17 Masimong ’ohle a morara ho tla lluoa+Hobane ke tla feta har’a lona,’ ke Jehova ea chong.
18 ‘Ho malimabe ba emetseng letsatsi la Jehova.+
Le ka lebella hore ho etsahale’ng letsatsing la Jehova?+
Letsatsi leo e tla ba la lefifi eseng leseli.+
19 Ho tla ba joalokaha motho a baleha tau ebe o kopana le bere,E re ha a kena ka tlung a itšoareletsa ka lebota, noha e mo lome.
20 Letsatsi la Jehova e tla ba la lefifi eseng leseli,E be la botšo eseng khanya.
21 Ke hloile mekete ea lona ebile kea e nyonya+Le monko oa mahlabelo ao le a etsang liphuthehong tsa lona ha ke o thabele.
22 Leha le ka nketsetsa mahlabelo a secheso kapa la ntlisetsa limpho,Nke ke ka li amohela+Le mahlabelo a lona a kopanetsoeng a entsoeng ka liphoofolo tse nontšitsoeng, nke ke ka a amohela.+
23 Tlohelang ho nketsetsa lerata ka lipina tsena tsa lona,Ha ke batle le ho utloa ha le letsa liharepa.*+
24 Toka e ke e phalle joaloka metsi naheng ea lona+Le ho loka ho be joaloka molapo o lulang o phalla.
25 Lona Baiseraele, na le ile la nketsetsa mahlabelo kapa la ntlisetsa limphoKa lilemo tse 40 tseo le li qetileng lefeelleng?+
26 Le tla lokela ho nka Sakuthe le Kaiwane,*E leng litšoantšo tseo le iketselitseng tsona tseo le li sebelisang ho rapela molimo oa lona oa naleli.
27 Le tla ba batšoaruoa ka nģ’ane ho Damaseka,’+ ke Molimo oa mabotho eo lebitso la hae e leng Jehova ea chong.+
Linaletsana
^ Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
^ Kapa mohlomong: “e tla ba sebaka se tletseng boloi.”
^ Ho ka etsahala hore ebe ke sehlopha sa linaleli sa Makolobe.
^ Ho ka etsahala hore ebe ke sehlopha sa linaleli sa Selemela.
^ Kapa: “Le patalisa bafutsana lekhetho la mobu.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “Liphoso.”
^ Kapa: “liletsa tse likhoele.”
^ Ho ka etsahala hore ebe Sakuthe le Kaiwane ke mabitso a polanete e bitsoang Saturn eo batho ba neng ba e rapela.