Amose 3:1-15

  • Phatlalatso ea kahlolo ea Molimo (1-8)

    • Jehova o bolela lekunutu la hae (7)

  • Molaetsa oa kahlolo o mabapi le Samaria (9-15)

3  Lona Baiseraele, utloang mantsoe ao Jehova a a buileng ka sechaba seo a se ntšitseng Egepeta, o itse:   ‘Har’a lichaba tsohle tse teng lefatšeng, ke khethile* lona feela.+ Kahoo, le tla ikarabella bakeng sa liphoso tsohle tsa lona.+   Na ba teng batho ba eeng ba nke leeto ba sa lumellana?*   Na e teng tau e purumang ho se na phofu? Kapa eona taoana* e rorang e le ka selaong sa eona empa e sa tšoasa letho?   Na motho a ka tšoasa nonyana empa a sa e cheha?* Kapa na sefi se ka pitla empa ho se na ntho eo se e tšoasitseng?   Na batho ha ba thothomele ke letsoalo ha lenaka le letsoa motseng? Na tlokotsi e ke ke ea hlaha motseng ha Jehova a nka khato?   ’Na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle nke ke ka etsa lethoKe sa bolella baprofeta ba ka lekunutu la ka.+   Ke mang ea ke keng a tšoha ha tau e se e rorile?+ Na ho na le moprofeta ea tla thola ha Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle a se a buile?+   Le phatlalatse taba ena le le litoreng tse sirelelitsoeng tsa AshdodeLe litoreng tse sirelelitsoeng tsa Egepeta. Le re: “Bokanang lithabeng tsa Samaria,+Le bone moferefere o har’a motseLe kamoo baahi ba hatelloang kateng.+ 10  Ha ba tsebe ho etsa letho le nepahetseng,Ba tlatsitse litora tsa bona tse sirelelitsoeng ka thepa eo ba e nketseng batho ka mahahapa,” ke Jehova ea chong.’ 11  Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Sera sa hao se tla futuhela naha ea hao,+Se u amohe matla,Se hape lintho tse ka litoreng tsa hao tse sirelelitsoeng.’+ 12  Jehova o boetse o itse: ‘Joalokaha molisa a hlotha litlhakoana tse peli feela kapa ntlha ea tsebe lehanong la tau,Baiseraele le bona ba tla phonyoha joalo matsohong a lira tsa bona. Bona ba lutseng libetheng tsa bona tse mabotho-botho le lisofeng tsa bona tse ntle* ba le Samaria.’+ 13  Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, Molimo oa mabotho o re: ‘Mamelang ebe le eletsa litloholo tsa Jakobo. 14  Letsatsing leo ke ahlolelang Baiseraele liphoso tsa bona,+Ke tla boela ke sebetsane le lialetare tsa Bethele.+ Manaka a aletare a tla pongoa ebe a oela fatše.+ 15  Ke tla liha ntlo ea mariha le ea lehlabula. Matlo a khabisitsoeng ka manaka a tlou a tla senyeha,+Matlo a maholo* a helehe,’+ ke Jehova ea chong.

Linaletsana

Ka Seheberu: “tsebile.”
Kapa: “ba sa lumellana ka nako?”
Kapa: “taoana e moetse.”
Kapa mohlomong: “Na nonyana e ka pitloa ho se na selope?”
Kapa: “tse tsoang Damaseka.”
Kapa mohlomong: “a mangata.”