Amose 6:1-14

  • Ho malimabe ba lutseng ba iketlile (1-14)

    • Libethe tse entsoeng ka manaka a tlou, likotlolo tsa veine (4, 6)

6  Ho malimabe ba lutseng ba iketlile Sione,Ba utloang ba sireletsehile thabeng ea Samaria,+Ke banna ba hlaheletseng sechabeng,Bao Baiseraele ba eang ho bona.  2  Tšelelang Kalene le bone,Ha le tloha le ee Hamathe motseng o moholo+Ebe le fetela Gathe motseng oa Bafilista. Na mebuso eo e meholo ho feta ea lona*Kapa naha ea bona e kholo ho feta ea lona?  3  Ha le nahane le ho nahana ka tlokotsi e le tlelang+Ebile le theha ’muso oa batho ba tletseng mabifi.+  4  Le robala libetheng tse entsoeng ka manaka a tlou,+ le kakalla lisofeng,+Le ja likonyana tsa mohlape le manamane* a nonneng.+  5  Le iqapela lipina tse letsoang ka harepa,*+Le iketsetsa liletsa tsa ’mino joaloka Davida.+  6  Le noella veine ka likotlolong,*+Le itlotsa ka oli e turu ka ho fetisisa. Tlokotsi ea Josefa ha e le tšoenye.*+  7  Le tla ba ba pele ba ho haptjoa,+Mekete ea ba kakallang lisofeng e tla fela.  8  Jehova Molimo oa mabotho o re: ‘ ’Na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ke hlapantse ka ’na*+ ka re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo,+Ke hloile litora tsa hae tse sirelelitsoeng+Ebile ke tla fana ka motse ona le tsohle tse ho oona ho lira tsa hae.+ 9  Leha ho ka ba ha sala banna ba leshome ka tlung e le ’ngoe, le bona ba tla shoa. 10  Mong ka bona* o tla tla a ba chese ka bonngoe. O tla ntša masapo a bona ka tlung ebe o re ho ea setseng ka kamoreng: ‘Na ho na le ba bang ntle le uena?’ Ha a araba o tla re: ‘Ha ba eo.’ Eo a re: ‘Thola! Ha se nako ea hore u kope thuso ho Jehova ena.’ 11  Joalokaha Jehova a laetse,+Ntlo e kholo e tla oa,E nyenyane e be lithako.+ 12  Na lipere li ka matha lefikeng? Kapa na motho a ka lema moo ka likhomo? Ho e-na le hore le phethe toka le utloisa batho bohloko,Le etsa hore bophelo ba bona bo babe joaloka lengana.+ 13  Lona ba thabelang ntho e se nang thuso,Le bile le re: “Re hlotse tjena* hobane re le matla.”+ 14  Jehova Molimo oa mabotho o re: “Baiseraele, ke tla le tlisetsa sechaba se tla le hlasela,+Se tla le hatella ho tloha Lebo-Hamathe*+ ho ea fihla Khohlong* ea Araba.”’”

Linaletsana

^ Ho bonahala e le ’muso oa Juda le Iseraele.
^ Kapa: “manamane a matona.”
^ Kapa: “seletsa se likhoele.”
^ Ka Seheberu: “ha e le kulise.”
^ Kapa: “likoping tse kholo.”
^ Kapa: “bophelo ba ka.”
^ Ka Seheberu: “Motho ea amanang le ntate oa bona.”
^ Ka Seheberu: “Re inketse manaka.”
^ Kapa: “ho tloha moeling oa Hamathe.”