Amose 4:1-13

  • Molaetsa oa kahlolo o mabapi le likhomo tsa Bashane (1-3)

  • Jehova o soma barapeli ba bohata Iseraele (4, 5)

  • Baiseraele ha ba mamele ha ba khalemeloa (6-13)

    • “Itokisetse ho kopana le ’na Molimo oa hao” (12)

    • ‘Molimo o bolella batho merero ea hae’ (13)

4  Mamelang lona ba kang likhomo tsa Bashane,Lona ba lulang thabeng ea Samaria,+Lona basali ba hlorisang le ho hatella bafutsana,+Lona ba reng ho banna* ba lona: ‘Re tlisetseng joala re noe.’  2  Kaha Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle oa halalela, o hlapantse a re: ‘“Matsatsi aa tla ao ka ’ona le tla phahamisoa ka lihakisi tse sebelisoang selakheng,Ba setseng bona ba phahamisoe ka lihuku tse tšoasang litlhapi.*  3  Le tla tsoa ka makhalo, le tsamaee le kolokileEbe le lahleloa Harmone,” ke Jehova ea chong.  4  Joale tloong Bethele le tl’o etsa sebe,+Le tle Gilgale le tl’o etsa sebe se fetang.+ Tlisang mahlabelo+ a lona hosengEbe ka letsatsi la boraro le tlisa karolo ea leshome*+ ea lintho tsa lona.  5  Chesang mahlabelo a bohobe bo nang le tomoso e le ho leboha Molimo,+Le bolelle motho e mong le e mong hore le ithaopetse ho etsa mahlabeloHobane ke eona ntho eo le e batlang lona Baiseraele,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.  6  ‘Le ’na ha kea ka ka le fa lijo metseng eohle ea lona. Ke ile ka le tima bohobe ka matlung ’ohle a lona.+ Empa ha lea ka la baka,’+ ke Jehova ea chong.  7  ‘Ke ile ka le tima pula likhoeli tse tharo pele ho nako ea ho kotula,+Ka etsa hore e ne ka ho khetha libaka. Tšimong e ’ngoe pula e ne e naEmpa e ’ngoe e ne e omeletse hobane ho eona pula e ne e sa na.  8  Batho ba tsoang metseng e ’meli kapa e meraro ba bolaoang ke lenyora ba ne ba ea ho o mong hore ba e’o noa metsi+Empa lenyora le ne le sa fele. Leha ho le joalo ha lea ka la baka,’+ ke Jehova ea chong.  9  ‘Ke sentse masimo a lona ka mocheso le phori.*+ Lona la ikekeletsa lirapa le masimo a moraraEmpa litsie tsa kokona lifate tsa lona tsa feie* le tsa mohloaare,+Ho ntse ho le joalo ha lea ka la baka,’+ ke Jehova ea chong. 10  ‘Ke le otlile ka lefu la seoa le kang la Egepeta,+Ka bolaea bara ba lona ka sabole+ eaba ke hapa lipere tsa lona.+ Seputa sa litopo tse litenteng tsa lona sa utloahala hohle+Eaba le ntse le sa bake,’ ke Jehova ea chong. 11  ‘Ke le lihileJoalokaha ke ile ka liha Sodoma le Gomora.+ Le ne le tšoana le sekoqo sa patsi se ntšitsoeng mollong,Empa ha lea ka la baka,’+ ke Jehova ea chong. 12  Uena Iseraele,Ke tl’o u otla hape. U tle u itokiselitse ho kopana le ’na Molimo oa hao hobane kannete ke tl’o u otla. 13  Ke ’na ea entseng lithaba+ ka ba ka etsa hore moea o be teng,+Ke bolella batho merero ea ka,Hoseng ha letsatsi le chaba ke etsa hore le be lefifi,+Ke ’na ea tsamaeang holim’a lithaba le maralla,+Lebitso la ka ke Jehova Molimo oa mabotho.

Linaletsana

^ Kapa: “beng.”
^ Kapa: “lilope.”
^ Kapa: “boshome.”
^ Kapa: “feiga.”