Malakia 1:1-14

  • Jehova o rata batho ba hae (1-5)

  • Baprista ba etsa mahlabelo ka liphoofolo tse holofetseng (6-14)

    • Lebitso la Molimo le tla hlomphuoa lichabeng (11)

1  Phatlalatso e tsoang ho Molimo: Ona ke molaetsa oo Jehova a o fang Baiseraele a sebelisa Malakia:*  Jehova o re: “Ke le bontšitse hore kea le rata.”+ Empa lona le re: “U re bontšitse joang hore oa re rata?” Jehova a re: “Na Esau ha se ngoan’abo Jakobo?+ Empa ke ne ke rata Jakobo  ’me ke hloile Esau.+ Ke ile ka etsa hore lithaba tsa hae li se ke tsa e-ba le letho+ ka ba ka siea lefa la hae le liphokojoe naheng.”+  Baedomo ba re, ‘Le hoja re felisitsoe, re tla khutla re lokise lintho tse sentsoeng.’ Empa Jehova oa mabotho o re, ‘Ha ba haha ke tla heletsa ’me ba tla bitsoa “naha ea bokhopo” le “batho bao Jehova a ba ahlotseng ka ho sa feleng.”+  Le tla bona ka mahlo a lona ’me le tla re: “E se eka Jehova a ka rorisoa naheng ea Iseraele.”’  Jehova oa mabotho o re ho lona baprista ba sa hlompheng lebitso la hae: ‘Mora o hlompha ntate oa hae+ le mohlanka o hlompha monghali oa hae. Kahoo, haeba ke ntate,+ ke hobane’ng ha le sa ntlhomphe?+ Haeba ke monghali,* ke hobane’ng ha le sa hlomphe lebitso la ka?’* Empa le re: “Ha rea hlompha lebitso la hao joang?”+  “Ka ho tlisa lijo* tse silafetseng aletareng ea ka.” Empa le re: “Re u silafalitse joang?” Ka hore le re: “Tafole* ea Jehova+ ke ntho e nyonyehang.”  Ha le tlisa phoofolo e foufetseng e le sehlabelo le re: “Ha re etse ntho e mpe.” Leha le tlisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang le ntse le re: “Ha re etse ntho e mpe.”+ Jehova oa mabotho o re: “Lekang ho li isa ho letona la lona le tle le bone hore na le tla le amohela kapa le le hauhele.”  Jehova oa mabotho o re: “Kopang Molimo hore a le hauhele. Na o tla le amohela le mo etsetsa mahlabelo a mofuta oo?” 10  Jehova oa mabotho o re: “Ha ho le ea mong ho lona ea batlang ho koala mamati*+ kapa ho khantša aletare ea ka a sa pataloe.+ Ha le nthabise ebile ha ke thabele nyehelo eo le ntlisetsang eona e le mpho.”+ 11  Jehova oa mabotho o re: “Lebitso la ka le tla hlomphuoa lichabeng ho tloha bochabela ho ea bophirimela.+ Ho tla etsoa hore mahlabelo a kubelle ho be ho etsoe le linyehelo e le hore ho rorisoe lebitso la ka, e le mpho e amohelehang hobane lebitso la ka le tla hlomphuoa* lichabeng.”+ 12  Empa le le* silafatsa+ ka ho re, ‘Tafole ea Jehova ha ea hloeka ebile litholoana le lijo tsa eona lia nyonyeha.’+ 13  Jehova oa mabotho o re le boetse le re: ‘Mosebetsi ona oa tena!’ ebile le o soenyetsa linko. Hape Jehova o re: “Le ntlisetsa liphoofolo tse utsoitsoeng, tse holofetseng le tse kulang. Le ntlisetsa lintho tsa mofuta oo e le mpho. Na le lebeletse hore ke li amohele?”+ 14  Jehova oa mabotho o re: “Ho malimabe motho ea etsetsang Jehova kano le mahlabelo ka phoofolo e holofetseng* empa a e-na le phoofolo e phetseng hantle mohlapeng oa hae. Ke ’na Morena e moholo+ ’me lebitso la ka le tla tšajoa le be le hlomphuoe har’a lichaba.”+

Linaletsana

E bolelang “Morumuoa oa Ka.”
Kapa: “monghali e moholo.”
Kapa: “ntšabe.”
Kapa: “Aletare.”
Ka Seheberu: “bohobe.”
Ho buuoa ka mosebetsi oa ho koala mamati a tempele.
Kapa: “le tla ba leholo.”
Kapa mohlomong: “le ntšilafatsa.”
Kapa: “e sa phelang hantle.”