Malakia 4:1-6

  • Elia o tla tla pele letsatsi la Jehova le fihla (1-6)

    • ‘Letsatsi la ho loka le tla chaba’ (2)

4  Jehova oa mabotho o re: “Ho tla letsatsi le chesang joaloka mollo,+ ha bohle ba ikhohomosang le ba etsang lintho tse mpe ba tla tšoana le litlhaka. Letsatsi leo le tla ba felisa, le ba siee ba se na motso kapa lekala. 2  Empa lona ba hlomphang* lebitso la ka, le tla chabeloa ke letsatsi la ho loka leo mahlaseli* a lona a folisang. Le tla tlola-tlola joaloka manamane a nonneng.” 3  Jehova oa mabotho o re: “Letsatsing leo ke hlaselang ba khopo, le tla ba hatakela hobane ba tla ba joaloka lerole tlas’a maoto a lona. 4  Hopolang Molao oo ke o fileng mohlanka oa ka Moshe. Le hopole likahlolo le litaelo tseo ke ileng ka li fa Baiseraele bohle Horebe hore ba li mamele.+ 5  Ke le romela moprofeta Elia+ pele letsatsi la Jehova le leholo le le tšosang le fihla.+ 6  O tla etsa hore lipelo tsa bo-ntate li tšoane le tsa bana ba bona+ le hore lipelo tsa bana li tšoane le tsa bo-ntate ba bona e le hore ke se ke ka tla otla lefatše, ka le felisa.”

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “tšabang.”
^ Ka Seheberu: “mapheo.”