Sofonia 1:1-18

  • Letsatsi la Jehova la kahlolo le haufi (1-18)

    • Letsatsi la Jehova le potlakile haholo (14)

    • Silevera kapa khauta e ke ke ea ba lopolla (18)

1  Sofonia* e ne e le mora oa Kushi, Kushi ea tsoaloang ke Gedalia, Gedalia ea tsoaloang ke Amaria, Amaria ea tsoaloang ke Ezekiase. Mehleng ea ha Josiase+ mora oa Amone+ a ne a busa Juda, Jehova o ile a bua le Sofonia a re:   “Ke tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng,” ke Jehova ea chong.+   Hape Jehova o re: “Ke tla felisa motho le phoofolo. Ke felise linonyana le litlhapi,+Ke tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khelosang*+Hammoho le batho ba khopo, ke felise batho bohle holim’a lefatše.   Ke tla otla JudaKe be ke otle baahi ba Jerusalema,Ke fiele mesaletsa ea Baale sebakeng sena,+Hammoho le baprista ba melimo esele le baprista ba bohata,+   Ke felise bohle ba khumamelang lintho tsohle tse maholimong* ba le ka holim’a matlo a bona+Le ba khumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tšepahalla+Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tšepahalla Malkame+   Le ba emisang ho latela Jehova+Le ba sa kang ba batla keletso ho Jehova hore a ba tataise.”+   Lulang le khutsitse ka pel’a Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle hobane letsatsi la Jehova le haufi,+Ho na le sehlabelo seo Jehova a tla se etsa ho halaletsa batho bao a ba memmeng.   “ ’Na Jehova, ke tla otla likhosanaLe bara ba morena+ le bohle ba aparang joaloka balichaba letsatsing leo ke etsang sehlabelo sa ka ka lona.   Ke tla otla bohle ba atamelang terone* letsatsing leo,Ba tletseng likhoka ba bile ba le bolotsana.” 10  Jehova o re: “Letsatsing leo,Batho ba tla bokolla ba le Keiting ea Litlhapi,+Ba bokolle ba le Seterekeng se Secha,+Ho be le lerata maralleng. 11  Bokollang lona baahi ba Makteshe*Hobane bo-rakhoebo* bohle ba timelitsoe,*Bohle ba bekhang silevera ba felisitsoe. 12  Nakong eo, ke tla hlahloba Jerusalema ke e khantšitse ka mabone,Ke otle bohle ba khotsofaletseng tsela eo ba phelang* ka eona ba ntse ba re ka lipelong tsa bona: ‘Jehova a ke ke a etsa letho, a ke ke a etsa ntho e mpe kapa e molemo.’+ 13  Ba tla nkeloa maruo, matlo a bona a senngoe.+ Ba tla haha matlo empa ba ke ke ba lula ho ’ona,Ba tla lema masimo a morara empa ba ke ke ba noa veine ea ’ona.+ 14  Letsatsi le leholo la Jehova le haufi,+Le haufi ’me le potlakile haholo.+ Letsatsi la Jehova ke letsatsi le tšosang haholo+Esita le bahlabani ba tla bokolla.+ 15  Letsatsi leo e tla ba la khalefo,+Letsatsi la mahlomola le tlokotsi,+Letsatsi la sefefo le tšenyeho,Letsatsi la lefifi le leholo,+Letsatsi la maru le lefifi le letšo-letšo,+ 16  E tla ba letsatsi la ho letsa lenaka le la mohoo oa ntoa,+E tla ba letsatsi la ho hlasela metse e sirelelitsoeng hammoho le litora tse phahameng.+ 17  Ke tla bakela batho mahlomola,Ba tla tsamaea joaloka batho ba foufetseng+Hobane ba sitetsoe Jehova.+ Mali a bona a tla tšolloa joaloka lehlabatheLe mala a bona a tsoe joaloka bolokoe.+ 18  Letsatsing la khalefo ea Jehova, silevera kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla.+ Bohale ba ka bo tšoanang le mollo bo tla chesa lefatše lohle,+E tla ba letsatsi le bohloko hobane o tla bolaea baahi bohle ba lefatše.”+

Linaletsana

E bolelang “Jehova o bolokile.”
Ho bonahala e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le borapeli ba litšoantšo.
Ka Seheberu: “makhotla a leholimo.” E leng letsatsi, khoeli le linaleli.
Kapa: “sefalana.” Mohlomong setupu sa terone ea morena.
Ka Seheberu: “ba koetsoe melomo.”
Kapa: “bo-rakhoebo ba tsamaeang.”
Sebaka se Jerusalema se haufi le Keiti ea Litlhapi.
Ka Seheberu: “litšifa tse qitileng.”