Obadia 1:1-21
1 Pono ea Obadia:*
Ona ke molaetsa o tsoang ho Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle oo Obadia a o bolelang mabapi le Edomo:+
“Re utloile tlaleho e tsoang ho Jehova,Moromuoa o rometsoe har’a lichaba o re:
‘Emang, re itokisetseng ho loantša Edomo.’”+
2 “Ke u entse ea se nang thuso har’a lichaba.
Li u nyatsa haholo.+
3 Boikhohomoso ba hao bo u thetsitse,+Uena ea balehelang* lefikeng,Ea lulang holimo lithabeng, u ntse u re ka pelong,‘Ke mang ea tla ntiha?’
4 Le haeba u ka lula holimo* joaloka ntsuKapa oa hahela har’a linaleli,Ke tla u theola hona moo,” ke Jehova ea chong.
5 “Haeba masholu a ka tla ho uena, le linokoane tsa tla bosiu,(U ne u tla felisoa)*Na li ne li ke ke tsa utsoa lintho tseo li li batlang feela?
Kapa haeba batho ba kotulang morara ba ka tla ho uena,Na ba ne ba ke ke ba siea o mong?+
6 Uena Esau, lintho tsohle tsa hao li fumanoe.
Maruo ’ohle a hao ao u a patileng a nkiloe.
7 Ba u tebetse naheng ea habo bona.
Bohle ba entseng tumellano le uena ba u thetsitse.
Banna ba entseng khotso le uena ba u hlotse.
Ba jang bohobe le uena ba tla u chehela lerabaEmpa u ke ke oa lemoha.
8 Letsatsing leo,” ke Jehova ea chong,“Ke tla timetsa ba bohlale ba tsoang Edomo+Le ba nang le temoho ba tsoang lithabeng tsa Esau.
9 Bahlabani ba hao ba tla tšoha,+ uena Temane+Hobane e mong le e mong ea lithabeng tsa Esau o tla bolaoa.+
10 Kaha u kentse letsoho ho loantša ngoan’eno Jakobo+U tla soaba haholo+’Me u tla timella ruri.+
11 Letsatsing leo u neng u emeletse ka thoko,Mohla ba lireng* ba isang masole a Jakobo botlamuoeng,+Ha ba lireng ba kena motseng* oa hae ’me ba arolelana maruo a Jerusalema ka lotho,+U ne u le har’a bona.
12 U ne u sa lokela ho thabela ho bona litsietsi tsa ngoan’eno letsatsing la tlokotsi ea hae,+U ne u sa lokela ho thabela batho ba Juda letsatsing la ho timela ha bona+Ebile u ne u sa lokela ho ba soma letsatsing la mahlomola a bona.
13 U ne u sa lokela ho kena motseng oa batho ba ka mohla ba neng ba oeloa ke koluoa,+U ne u sa lokela ho thabela ho bona tlokotsi ea hae mohla a neng a hlaheloa ke koluoa.
U ne u sa lokela ho inkela maruo a hae letsatsing la koluoa ea hae.+
14 U ne u sa lokela ho ema mateanong a litsela ho lalla ba phonyohileng ba hae e le hore u ba bolaee.+
U ne u sa lokela ho nehelana ka bona ho lira tsa hae letsatsing la mahlomola.+
15 Etsoe letsatsi la hore Jehova a ahlole lichaba tsohle le haufi.+
Ho tla etsoa ho uena joalokaha u entse ho eena.+
U tla tšoaroa ka tsela eo u tšoereng ba bang ka eona.
16 Tsela eo le noeleng veine ka eona holim’a thaba ea ka e halalelang,Ke tsela eo ka eona lichaba tsohle li tla ’ne li noe khalefo ea ka.+
Li tla noa khalefo ea ka le ho e menyeletsa.
Li tla nyamela joalokaha eka ha li e-s’o ka li e-ba teng.
17 Empa ba phonyohileng ba tla lula Thabeng ea Sione,+E tla halalela+’Me ba ntlo ea Jakobo ba tla lata thepa ea bona.+
18 Ba ntlo ea Jakobo e tla ba mollo,Ba ntlo ea Josefa e be lelakabe,Ba ntlo ea Esau bona ba be joaloka litlhaka.
Ba tla ba chesa ’me ba ba felise.
Ha ho motho ho ba ntlo ea Esau ea tla phonyoha+Hobane Jehova o chulo.
19 Ba tla nka Negebe le sebaka se lithaba sa Esau,+Sa Shefela le naha ea Bafilista.+
Ba tla nka naha ea Efraime le naha ea Samaria,+Benjamine eena a nke Gileade.
20 Ha e le baphaphathehi ba tsoang totomeng ena+E leng Baiseraele, ba tla nka naha ea Bakanana ho ea fihla Sarepta.+
Baphaphathehi ba Jerusalema ba neng ba le Sefarade ba tla nka metse ea Negebe.+
21 Bapholosi ba tla nyolohela Thabeng ea SioneHo ahlola batho ba lulang lithabeng tsa Esau+’Me Jehova e tla ba Morena.”+

