LENTSOE LA MOLIMO KE ’NETE​—TATAISO EA HO ITHUTA BIBELE

Buka ea Bibele ea Bo28​—⁠Hosea

Sesotho (Lesotho)
Buka ea Bibele ea Bo28​—⁠Hosea
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102026528/univ/art/1102026528_univ_sqr_xl.jpg
gwt buka 28

BUKA EA BIBELE EA BO28

Hosea

Hosea

NTLHA-KHOLO: Likahlolo khahlanong le maloko a leshome a ’muso oa Iseraele le boipiletso bo etsoang ka mohau ba hore a khutlele ho Jehova

BUKA EE E AMANA JOANG LE MOLAETSA OA BIBELE?: E bontša hore Jehova ke ’Musi oa Lintho Tsohle ea mohau le hore re rua molemo haeba re mo tšepahalla

MONGOLI: Hosea

SEBAKA SEO E NGOLLETSOENG HO SONA: Seterekeng sa Samaria

HO NGOLOA HO PHETHILOE: Lipakeng tsa 745 le 740 B.C.E.

NAKO E AKARELITSOENG: Pele ho 804–ka mor’a 745 B.C.E. (bonyane lilemo tse 59)

Buka ee e re Ruta Eng ka Jehova?

1. Ke makhabane afe a Jehova a hatisoang bukeng ea Hosea, hona ke mohlala ofe o sebelisitsoeng?

 NA JEHOVA ke ’Musi oa Lintho Tsohle ea lerato? Na o tsotella barapeli ba hae? Buka ea Hosea e araba lipotso tsena ka e, e hlakileng. E hatisa e ’ngoe ea makhabane a Jehova e leng mohau. Jehova o sebelisa lenyalo la Hosea le mosali oa hae ea sa tšepahaleng ho tšoantšetsa boikemisetso ba hae ba ho ba mohau le pele a ka bona matšoao a ho baka. (3:1) Ka mohlala ona, Jehova o re bontša kamoo lerato la hae le leng matla kateng. Ho hlakile hore Jehova o ratile batho ba hae ka pelo eohle le pele bona ba ka mo rata.—14:​1-4.

2. Buka ea Hosea e boetse e re ruta eng ka Jehova?

2 Ho theosa le buka ea Hosea, Jehova o boetse o re bontša hore oa tšepahala le hore o na le mamello. (2:​19, 20) Le hoja Baiseraele ba ile ba lahla Jehova ka makhetlo ’me ba rapela melimo e meng, Jehova o ile a tsoela pele ho ba hulela ho eena ka lithapo tsa lerato. (11:​1-4) Leha ho le joalo, mamello ea Jehova e na le moeli. A ke ke a mamella bokhopo ho ea ho ile. (10:​9-12) Jehova o hloile boikaketsi. Re lokela ho mo sebeletsa hobane re mo rata haeba re batla hore a amohele borapeli ba rona.—6:​4, 6; 10:​1, 2.

Jehova o bontša batho mohau le pele ba bontša matšoao a ho baka

3. Buka ea Hosea e re ruta thuto efe ea bohlokoa?

3 Jehova o re ruta thuto ea bohlokoa bukeng ea Hosea ea hore haeba re lula re tsamaea ka “litsela tsa Jehova,” re rua molemo. (14:9) Baiseraele a ba ile ba tšepa batho ba lichaba tse ling le ho bontša tumelo ho melimo ea bona, ba nahana hore ho etsa joalo ho tla ba tsoela molemo. (7:11; 9:10; 12:1) Empa lichaba tseo li ne li le haufi le ho ba fetohela ’me melimo eo e ne e se na matla a ho ba thusa. (8:​8, 9; 10:5) Ho fapana le eona, haesale Jehova a tsotella batho ba hae, a bile a ba tšepisa ho ba hlohonolofatsa.—2:​8, 18.

4. Buka ea Hosea e na le molaetsa ofe oa bohlokoa bakeng sa Bakreste?

4 Buka ea Hosea e na le molaetsa oa bohlokoa bakeng sa Bakreste. Jesu le bangoli ba bang ba ile ba e qotsa Mangolong a Segerike a Bakreste. E boetse e bua ka boprofeta bo ileng ba phethahala. (Sheba  Lebokose la 28-A.) Ka mohlala, Jehova o ile a profeta mabapi le Mesia a re: “Ke bitsitse mora oa ka hore a tsoe Egepeta.” (11:1) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ha batsoali ba Jesu ba balehela Egepeta le eena ’me hamorao ba khutlela Iseraele ka mor’a hore Heroda a shoe. (Mat 2:​14, 15) Hape moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore boprofeta bo bong bo hlahang ho Hosea bo ne bo bolela hore batho bao eseng Baiseraele e ne e tla ba karolo ea batho ba Molimo ’me ba ne ba tla bitsoa “bara ba Molimo ea phelang.”(1:10; 2:23) E ne e tla ba ba bang ba batho ba khethetsoeng ho busa le Kreste.—Bar 9:​25, 26; bapisa le 1Pe 2:​9, 10.

Lintlha Tseo u Lokelang ho li Tseba Pele u Bala Buka Ena

5. Re tseba eng ka moprofeta Hosea?

5 Mongoli: Lebitso la Hosea ha le felletse ke Hoshaia, e bolelang “Ho Pholosoa ke Jah; Jah o Pholositse.” (1:​1, nal.) Hosea e ne e le moprofeta ’musong o ka leboea oa naha ea Iseraele le hoja boprofeta bo bong ba hae bo amana le ’muso o ka boroa oa Juda. E bile moprofeta ho tloha ho hoo e ka bang ka 804 B.C.E. ho fihlela ka mor’a 745 B.C.E. Sena se bolela hore e bile moprofeta bonyane lilemo tse 59. Ho ka etsahala hore Hosea o ile a qeta ho ngola buka ea hae lipakeng tsa 745 le 740 B.C.E. b E bile moprofeta Iseraele ka nako e le ’ngoe le Amose le Odede, ha Esaia le Mikea e ne e le baprofeta Juda.

6. Maemo e ne e le afe Iseraele mehleng ea Hosea?

6 Lintlha tse potolohileng taba: Hosea o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata, le hoja Baiseraele ba ne ba sa batle ho sebeletsa Jehova ’me naha e na le mathata a mangata. Ha Hosea a qala ho profeta, Iseraele ho ne ho busa Morena Jeroboame oa Bobeli ea khopo. Ho ntse ho le joalo, sechaba se ne se thabela puso ea hae hobane se ne se hlola lintoeng tse ngata le naha e atlehile moruong. (2Ma 14:​24-28) Baiseraele ba ne ba fetohetse Jehova ka ho felletseng. Batho ba ne ba nka hore ba atleha hobane ba rapela Baale. E le karolo ea borapeli ba bona ho molimo eo oa bohata, ba ne ba tahoa le ho etsa thobalano le matekatse a tempele. (4:​11-13) Ka mor’a lefu la Jeroboame, ho ile ha e-ba le moferefere lipolotiking Iseraele, hobane marena a ileng a mo hlahlama a ne a bolaeana. (2Ma 15:​8-20) Marena ao a ile a etsa selekane le Egepeta le Asiria empa kaofela ha ona a ne a sa tšepe Jehova.

7. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Hosea ho bolella Baiseraele eng?

7 Jehova o ile a sebelisa Hosea ho bolella Baiseraele hore ba molato. O ile a ba bolella lintho tsohle tse mpe tseo ba neng ba li etsa le hore ba tla khola litholoana tse bosula ka lebaka la liketso tseo tsa bona. (4:​1, 2, 9) Jehova o ile a boela a sebelisa Hosea ho hopotsa sechaba hore o mohau ebile o ikemiselitse ho tšoarela. Ona e ne e le monyetla oa ho qetela oo Jehova a ileng a o fa Iseraele pele a lumella Asiria hore e hlole Samaria le ho hapa naha.

8. Ke eng e thahasellisang tseleng eo Hosea a ngotseng buka ee ka eona?

8 Lintlha tse ling: Karolo e kholo ea buka ea Hosea e ngotsoe ka tsela ea thothokiso. O ngotse buka ena a sebelisa mantsoe a matla ho khalemela empa hape a sebelisa mantsoe a bonolo ho thusa batho hore ba khutlele ho Jehova. (10:1; 14:​1, 2) Hosea o boetse o sebelisa mekhabo-puo e mengata e matla.—4:16; 5:​13, 14; 6:​3, 4.

Lintlha Tse Bukeng Ena

9. Jehova o sebelisa mohlala oa Hosea joang ho bontša hore o mohau?

9 Jehova o sebelisa mohlala oa Hosea le mosali oa hae ea sa mo tšepahalleng ho bontša mohau ho Baiseraele. (1:1–3:5) Jehova o bolella Hosea hore a nyale “mosali eo e tla ba letekatse.” (1:2) O nyala Gomere ea ileng a mo tsoalla mora. Empa bana ba Gomere ba babeli ba hlahlamang ha se ba Hosea. c Tlhaloso ea mabitso a bana bana ba bararo e bontša hore Jehova o tla ahlola le ho lahla Baiseraele. Joalokaha ho tlalehiloe khaolong ea 2, Jehova o bolela esale pele hore ka mor’a ho fa Baiseraele ba sa tšepahaleng kotlo, o tla ba bontša mohau le ho ba hlohonolofatsa. E le ho bontša boikemisetso ba hae ba ho tšoarela Baiseraele, Jehova o bolella Hosea hore a khutlelane le mosali oa hae ea sa kang a mo tšepahalla.—3:1.

10, 11. Baiseraele ba ile ba halefisa Jehova joang?

10 Likahlolo tsa boprofeta. (4:1–13:16) Hosea o bolella Baiseraele hore na ke hobane’ng ha Jehova a e-na le mabaka a utloahalang a ho ba halefela. (4:​1, 2) O boetse o bua ka libe tsa Juda. (5:5) Hosea o kopa sechaba sa Iseraele hore se khutlele ho Jehova. (6:1) Empa Baiseraele bona ba kopa thuso lichabeng tse ling. (7:11) Iseraele e khola litholoana tse bosula ka lebaka la ho se mamele Jehova. (8:​7-10) Jehova o tla ba fa kotlo le ho lahla sechaba seo.—9:17; 10:15.

11 Jehova o hopotsa Baiseraele lerato leo esale a ba bontša lona. (11:​1-3) Empa bona ha baa ka ba mo rata. (11:7; 12:1) Ba molato hobane ba fetohetse Jehova. Kahoo, motse-moholo oa bona e leng Samaria o tla felisoa.—13:16.

12. Batho ba ka rua molemo ofe haeba ba khutlela ho Jehova?

12 Monyetla oa ho qetela oo Jehova a o fang Baiseraele hore ba khutlele ho eena. (14:​1-9) Jehova o re batho ba hae ba khutlele ho eena. O ba tšepisa ho ba bontša mohau le lerato haeba ba ka etsa joalo.

U Ithutile’ng Bukeng ea Hosea?

  1. 1. MATLAFATSA SETSOALLE SA HAO LE JEHOVA

    1. a. U ithuta’ng ka Jehova ho Hosea 2:​13, 14, 19, 20?

    2. b. Jehova o etsa’ng ho bontša batho ba hae hore oa ba rata? (11:​1-4)

  2. 2. FATISISA MATLOTLO

    1. a. Jehova o ile a romela baprofeta ba bakae ho ’muso oa maloko a leshome a Iseraele pele a romela Hosea? (12:​10, litšupiso; nwt Lintlha Tsa A6) See se u ruta eng ka Jehova?

    2. b. Lengolo la Hosea 1:7 le ile la phethahala joang? (2Ma 19:​32-35)

  3. 3. U KA SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA JOANG?

    1. a. Ke eng eo Jehova a e nkang e le ea bohlokoa haholo? (6:6)

    2. b. Hosea o ile a bolela esale pele hore Jehova o tla amohela batho bao eseng Baiseraele hore ebe batho ba hae. (2:23) Re ka etsisa mohlala oa Jehova oa ho rata batho bohle joang ha re ntse re bolela litaba tse monate?

  4. 4. KE ENG HAPE EO U E RATILENG BUKENG EA HOSEA?

a Hangata ha buka ea Hosea e bua ka ’muso oa Iseraele oa maloko a leshome e re ke Efraime, e leng leloko le matla kapa Samaria, motse-moholo oa eona.

b Hosea o bua ka Morena Ezekiase ea qalileng ho busa ka 745 B.C.E., empa ha a bue ka ho oa ha Samaria ho etsahetseng ka 740 B.C.E. le hoja a ile a profeta ka ho felisoa ha motse oo.—1:1; 13:16.

c Ha hona moo Hosea a reng ke ntate oa bana bana. Kahoo, ho ka etsahala hore Gomere o bile le bona ka ntle ho lenyalo.—1:​3, 6, 8.