Hosea 14:1-9

  • Ba kopuoa hore ba khutlele ho Jehova (1-3)

    • Nyehelo ea lithoriso (2)

  • Ho se tšepahale ha Baiseraele hoa felisoa (4-9)

14  “Baiseraele, khutlelang ho Jehova Molimo oa lona+Hobane phoso ea lona e entse hore le khoptjoe.   Khutlelang ho Jehova ’me le re ho eena,‘Re kopa hore u re tšoarele ka lebaka la phoso+ ea rona ’me u bone liketso tsa rona tse ntle. Lithoriso tsa rona+ li ke li be joaloka lipohoana tseo re u etsetsang mahlabelo ka tsona.   Asiria e ke ke ea re pholosa.+ Re ke ke ra palama lipere,+Ebile re ke ke ra hlola re re lintho tseo re li entseng ka matsoho a rona ke Molimo oa ronaHobane ke uena ea hauhelang likhutsana.’*+   Ke tla ba folisa ’me ba tla tšepahala.+ Ke tla ba rata ka pelo eohle+Hobane ha ke sa ba halefetse.+   Ke tla ba joaloka phoka ho Iseraele. O tla thunya joaloka palesa.* Metso ea hae e tla teba joaloka ea lifate tsa Lebanone.   Makala a hae a tla nama,A be motle joaloka sefate sa mohloaare. Monko oa hae o be monate joaloka oa Lebanone.   Ba tla lula moriting oa hae hape. Ba tla jala koro* ’me ba atlehe joaloka sefate sa morara se thuntseng.+ O tla tuma joaloka veine ea Lebanone.   Efraime e tla re, ‘Ke sa tla etsa’ng ka melimo ea litšoantšo?’+ Ke tla mo araba ebile ke tla mo hlokomela.+ Ke tla ba joaloka sefate sa junipere se behang haholo. Ke ’na ea tla mo fa litholoana.”   Motho ea bohlale a ke a utloisise lintho tsena. Ea nang le kutloisiso a ke a li tsebe. Litsela tsa Jehova li lokile,+Ba lokileng ba tla tsamaea ho tsonaEmpa ba etsang lintho tse mpe ba tla khoptjoa ho tsona.

Linaletsana

Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Kapa: “khahla.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.