Hosea 11:1-12

  • Molimo o ratile Iseraele ho tloha e sa le moshanyana (1-12)

    • “Ke bitsitse mora oa ka hore a tsoe Egepeta” (1)

11  “Ke ratile Iseraele e sa le moshanyana,+Ke bitsitse mora oa ka hore a tsoe Egepeta.+  2  Ha ba* bitsa Baiseraele,Ba ne ba tloha ho bona le ho feta.+ Ba ’na ba etsetsa litšoantšo tsa Baale mahlabelo+Hammoho le litšoantšo tse betliloeng.+  3  Ke ’na ea rutileng Baefraime ho tsamaea,+ ke ba nka ka matsoho a ka.+ Leha ho le joalo, ha baa ka ba hlokomela hore ke ’na ea ba folisitseng.  4  Ka ’na ka ba hulela ho ’na ka mosa le ka lerato joalokaha eka ke ba hula ka liropo.*+ Ke ile ka tlosa joko mehlahareng ea bonaEaba ke tlisetsa e mong le e mong oa bona lijo ka mosa.  5  Ba ke ke ba khutlela naheng ea Egepeta empa Asiria e tla ba morena oa bona+Hobane ba hanne ho khutlela ho ’na.+  6  Lira li tla hlasela metse ea bona ka sabole.+ Li tla senya mekoallo ea bona li be li ba felise ka lebaka la maqheka a bona.+  7  Batho ba ka ba ikemiselitse ho se ntšepahalle.+ Leha ba bitsoa hore ba khutlele ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa,* ha ho na ea phahamang.  8  Nke ke ka khona ho u tlohela, uena Efraime.+ Nke ke ka khona ho fana ka uena, uena Iseraele. Nke ke ka khona ho u tšoara joaloka Adma. Nke ke ka khona ho etsa hore u be joaloka Zeboime.+ Ke ne ke batla ho le felisaEmpa joale ke le qenehetse haholo.+  9  Nke ke ka ntša bohale ba ka. Nke ke ka felisa Efraime hape+Hobane ke Molimo, ha ke motho. Ke ’na Mohalaleli har’a lona. Nke ke ka tla ho lona ke halefile. 10  Ba tla sala Jehova morao ’me o tla rora joaloka tau.+ Ha a rora, bana ba hae ba tla tla ba thothomela ba tsoa bophirimela.+ 11  Ha ba tsoa Egepeta ba tla thothomela joaloka nonyanaLe joaloka leeba ha ba tsoa naheng ea Asiria.+ Ke tla etsa hore ba lule matlong a bona,” ke Jehova ea chong.+ 12  “Efraime o lula a mpolella mashanoEbile ke bona mashano a Iseraele hohle moo ke eang.+ Empa Juda o ntse a tsamaea le MolimoEbile o tšepahalla Ea Halalelang ka ho Fetisisa.”+

Linaletsana

^ E leng baprofeta le ba bang ba neng ba rometsoe ho fa Baiseraele litaelo.
^ Kapa: “liropo tsa mosa” e leng liropo tseo motsoali a li sebelisang ho ruta ngoana oa hae ho tsamaea.
^ E leng borapeling bo phahameng.