Hosea 1:1-11

  • Mosali oa Hosea le bana ba hae (1-9)

    • Jezriele (4), Lo-ruhama (6) le Lo-ami (9)

  • Tšepo ea ho tsosolosoa le ho momahana (10, 11)

1  Jehova a bua le Hosea* mora oa Beri mehleng ea Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase+ e leng marena a Juda+ le mehleng ea Jeroboame+ mora oa Joashe,+ morena oa Iseraele. 2  Ha Jehova a qala ho bua a sebelisa Hosea, Jehova o ile a re ho eena: “Tsamaea u e’o nyala mosali eo e tla ba letekatse* le ea tla u tsoalla bana ka lebaka la botekatse* ba hae hobane ka tsela e tšoanang, batho ba naha ena ba entse botekatse ’me ba tlohetse ho sebeletsa Jehova.”+ 3  Hosea a nyala Gomere morali oa Diblaime. A ima eaba o mo tsoalla mora. 4  Jehova a re ho Hosea: “Mo rehe Jezriele* hobane ka mor’a nakoana e seng kae ke tla etsa hore ba lelapa la Jehu+ ba ikarabelle ka lebaka la ho bolaoa ha batho ba Jezriele ebile ke tla felisa ’muso oa Iseraele.+ 5  Letsatsing leo ke tla roba seqha sa Iseraele Khohlong* ea Jezriele.” 6  A ima hape eaba o tsoala morali. Molimo a re ho Hosea: “Mo rehe Lo-ruhama* kaha ha ke sa tla hlola ke hauhela+ Baiseraele* empa ke tla ba leleka.+ 7  Empa ke tla hauhela sechaba* sa Juda+ ’me ’na Jehova Molimo oa bona ke tla ba pholosa.+ Nke ke ka ba pholosa ka seqha, ka sabole, ka ntoa, ka lipere kapa ka bapalami ba lipere.”+ 8  Ka mor’a ho khoesa* Lo-ruhama, Gomere a ima ’me a tsoala mora. 9  Molimo a re: “Mo rehe Lo-ami* hobane ha le sechaba sa ka ebile nke ke ka ba Molimo oa lona. 10  Baiseraele* ba tla ba bangata joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho ileng ha thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Le bana ba Molimo ea phelang.’+ 11  Batho ba Juda le ba Iseraele ba tla bokana ba be ’moho.+ Ba tla ikhethela moeta-pele ’me ba tsoe naheng hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.”

Linaletsana

^ Ke khutsufatso ea Hoshaia e bolelang “Ho Pholosoa ke Jah; Jah o Pholositse.”
^ Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
^ Kapa: “ea tla etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
^ E bolelang “Molimo o Tla Jala Peo.”
^ Kapa: “Phuleng.”
^ Ka Seheberu: “ntlo ea Iseraele.”
^ E bolelang “Ha aa Hauheloa.”
^ Ka Seheberu: “ntlo.”
^ E leng ha ngoana a tlohelisoa ho nyanya.
^ E bolelang “Ha le Sechaba sa Ka.”
^ Ka Seheberu: “Bara ba Iseraele.”