Buka ea Bobeli ea Marena 14:1-29

  • Amazia, morena oa Juda (1-6)

  • Ntoa le Iseraele le Edomo (7-14)

  • Joase oa Iseraele oa shoa (15, 16)

  • Amazia oa shoa (17-22)

  • Jeroboame oa Bobeli, morena oa Iseraele (23-29)

14  Ha Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse peli a busa, Amazia mora oa Morena Joase oa Juda ea e-ba morena.  O ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 29. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Jehoadine ea tsoang Jerusalema.+  Amazia o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova empa eseng joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ O ile a etsa lintho tsohle joaloka ntate oa hae Joase.+  Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+  Ha ’muso oa hae o se o le matla, a hlasela bahlanka ba hae ba ileng ba bolaea ntate oa hae eo e neng e le morena.+  Empa ha aa ka a bolaea bara ba bahlanka bao ho latela taelo ea Jehova e ngotsoeng bukeng ea Molao oa Moshe e reng: “Bo-ntate ba se ke ba bolaoa ka lebaka la bara ba bona le bara ba se ke ba bolaoa ka lebaka la bo-ntate ba bona. Empa e mong le e mong a bolaoe ka lebaka la sebe sa hae.”+  A bolaea banna ba 10 000 ba Baedomo+ Khohlong ea Letsoai+ ’me a hapa motse oa Sela+ o ileng oa bitsoa Jokthiele ho fihlela kajeno.  Amazia a romela baromuoa ho Joase mora oa Joakaze setloholo sa Jehu morena oa Iseraele a re: “Tloo re tl’o loana.”*+  Morena Joase oa Iseraele a romela molaetsa ho Morena Amazia oa Juda a re: “Lihlabahlabane tsa Lebanone li rometse molaetsa ho sefate sa kedare sa Lebanone tsa re, ‘E-re mora oa ka a nyale morali oa hao.’ Empa sebata sa naha ea Lebanone sa feta moo sa hatakela lihlabahlabane tseo. 10  Oa ikhohomosa hobane u bolaile Baedomo.+ Thabela tlholo ea hao empa u itulele moo ha hao.* Ke hobane’ng ha u qala ntoa e tla etsa hore u hloloe hammoho le Juda?” 11  Amazia ha aa ka a mamela.+ Morena Joase oa Iseraele a ea ho Morena Amazia oa Juda ’me ba loantšana ba le Bethe-shemeshe+ ea Juda.+ 12  Baiseraele ba hlola Bajuda ’me masole a Bajuda a balehela malapeng* a ’ona. 13  Morena Joase oa Iseraele a hapa Morena Amazia oa Juda mora oa Joase setloholo sa Akazia Bethe-shemeshe. Ba tla Jerusalema ’me ba liha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ea Efraime+ ho ea Keiting e K’honeng.+ E ne e le sebaka se boholo ba limithara tse 178.* 14  A nka khauta le silevera eohle le lintho tsohle tse neng li le ka tlung ea Jehova le matlotlo a ntlo ea morena* hammoho le batšoaruoa. Ka mor’a moo, a khutlela Samaria. 15  Histori eohle ea Joase, lintho tse kholo tseo a li entseng le kamoo a loantšitseng Morena Amazia oa Juda kateng, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 16  Joase a shoa* ’me a pateloa Samaria+ le marena a Iseraele. Mora oa hae Jeroboame*+ ea e-ba morena. 17  Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a phela lilemo tse 15 ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele.+ 18  Histori eohle ea Amazia e ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 19  Hamorao ba rera ho mo bolaea+ Jerusalema ’me a balehela Lakishe empa ba romela batho ’me ba mo bolaela teng. 20  Ba mo lata ka lipere ’me a pateloa Jerusalema le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ 21  Batho bohle ba Juda ba etsa Azaria*+ morena ka mor’a hore ntate oa hae Amazia+ a shoe. O ne a le lilemo li 16 ka nako eo.+ 22  A hapa Elathe,+ a e haha bocha ’me a e khutlisetsa ho Bajuda ka mor’a hore morena a shoe.*+ 23  Ha Amazia mora oa Joase morena oa Juda a e-na le lilemo tse 15 a busa, Jeroboame+ mora oa Morena Joase oa Iseraele ea e-ba morena Samaria ’me a busa ka lilemo tse 41. 24  O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Ha aa ka a tlohela ho etsa libe tsohle tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ 25  O ile a khutlisetsa moeli oa Iseraele ho tloha Lebo-hamathe*+ ho ea Leoatleng la Araba,*+ ho ea ka seo Jehova Molimo oa Iseraele a ileng a se bua a sebelisa mohlanka oa hae Jonase+ mora oa Amitai, moprofeta oa Gathe-hefere.+ 26  Jehova o ne a bone kamoo Baiseraele ba utloileng bohloko kateng.+ Ho ne ho se na motho ea ka ba thusang esita le batho ba boemo bo tlaase ba ne ba le sieo. 27  Empa Jehova o ne a tšepisitse hore a ke ke a felisa Baiseraele lefatšeng.+ Kahoo, o ile a sebelisa Jeroboame mora oa Joase ho ba pholosa.+ 28  Histori eohle ea Jeroboame, lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng le kamoo a ileng a loana le ho khutlisetsa Damaseka+ le Hamathe+ Juda ho Baiseraele, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 29  Jeroboame a shoa joaloka baholo-holo ba hae e leng marena a Iseraele. Mora oa hae Zakaria+ ea e-ba morena.

Linaletsana

Kapa: “re kopane.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “litenteng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 400.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “phaleisi.”
E leng Jeroboame oa Bobeli.
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
E bolelang “Jehova o Thusitse.” O bitsoa Uzia ho 2Ma 15:13; 2Kr 26:1-23; Esa 6:1 le Zak 14:5.
Ka Seheberu: “a patoe joaloka baholo-holo ba hae.”
Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”
E leng Leoatle la Letsoai kapa Leoatle le Shoeleng.