Buka ea Bobeli ea Marena 6:1-33

  • Elisha o etsa hore hlooho ea selepe e hlahelle ka holim’a metsi (1-7)

  • Elisha le Basiria (8-23)

    • Mohlanka oa Elisha o buleha mahlo (16, 17)

    • Basiria ba foufatsoa likelello (18, 19)

  • Samaria e thibetsoe ebile ho na le tlala (24-33)

6  Bara ba baprofeta+ ba re ho Elisha: “Sebaka seo re lulang ho sona se senyenyane.  Re kopa u re lumelle ho ea Jordane. Ha re fihla moo, re tla khaola lifate re iketsetse sebaka seo re tla lula ho sona.” Elisha a re: “Tsamaeang.”  E mong oa bona a re: “Re kopa u tsamaee le rona.” Elisha a re: “Ho lokile ke tla tsamaea le lona.”  A tsamaea le bona ’me ha ba fihla Jordane ba khaola lifate.  Ha e mong a ntse a khaola sefate, hlooho ea selepe ea oela ka metsing ’me a hoeletsa a re: “Moren’a ka selepe sena se alimiloe!”  Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete a re: “Hlooho ea sona e oetse hokae?” A mo bontša moo e oetseng teng. Elisha a khaola lekala la sefate ’me a le lahlela moo eaba o etsa hore hlooho ea selepe e hlahelle ka holim’a metsi.  Elisha a re: “E nke.” Monna eo a e nka.  Morena oa Siria a tsamaea a e’o loana le Baiseraele.+ A buisana le bahlanka ba hae hore na ba tla hloma litente sebakeng sefe.  Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete+ a romela molaetsa ho morena oa Iseraele a re: “U se ke oa tla mona hobane Basiria baa tla.” 10  Morena oa Iseraele a bolella bahlanka ba hae molaetsa o tsoang ho mohlanka oa Molimo oa ’nete. Elisha a ’na a mo lemosa ’me morena ha aa ka a ea moo.+ 11  Taba ena ea halefisa morena oa Siria eaba o bitsa bahlanka ba hae ’me o re ho bona: “Mpolelleng hore na har’a rona mona ke mang ea ka lehlakoreng la morena oa Iseraele.” 12  E mong oa bahlanka ba hae a re: “Ha se rona Morena. Ke Elisha moprofeta oa Iseraele ea bolellang morena oa Iseraele lintho tseo u li buang ka kamoreng ea hao ea ho robala.”+ 13  Morena oa Siria a re: “Tsamaeang le e’o batla hore na o hokae ke tsebe ho romela batho hore ba e’o mo tšoara.” Hamorao a bolelloa hore Elisha o Dothane.+ 14  A romela lipere, likariki tsa ntoa le masole a mangata Dothane. Masole ao a fihla bosiu eaba a pota-pota motse. 15  Ha mosebeletsi* oa mohlanka oa Molimo oa ’nete a tsoha hoseng ’me a tsoela ka ntle, a bona motse o pota-potiloe ke masole a palameng lipere le likariki tsa ntoa. A re ho Elisha: “Moren’a ka, re etse’ng?” 16  Elisha a re: “U se ke oa tšoha+ hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.”+ 17  Elisha a rapela a re: “Jehova, ke kopa u etse hore a bone.”*+ Jehova a etsa hore mohlanka eo a bone hore lithabeng ho ne ho tletse lipere le likariki tsa ntoa tsa mollo+ ho ba potoloha.+ 18  Ha Basiria ba ea ho Elisha, a rapela Jehova a re: “Ke kopa u foufatse batho bana.”+ Molimo a ba foufatsa joalokaha Elisha a mo kopile. 19  Elisha a re ho bona: “Le tsamaea ka tsela e fosahetseng ’me ona ha se oona motse oo le o batlang. A re eeng ke le ise ho monna eo le mo batlang.” Empa a ba isa Samaria.+ 20  Ha ba fihla Samaria Elisha a re: “Jehova etsa hore ba bone.”* Jehova a etsa hore ba bone hore ba Samaria. 21  Ha morena oa Iseraele a ba bona a re ho Elisha: “Ke ba bolaee moren’a ka?” 22  Elisha a re: “U se ke oa ba bolaea. Na u ka bolaea batho bao u ba isitseng botlamuoeng? Ba fe lijo le metsi hore ba je+ ’me ba khutlele ho morena oa bona.” 23  A ba etsetsa mokete, ba ja ’me ba noa ka mor’a moo a re ba khutlele ho morena oa bona. Masole a Basiria+ ha aa ka a hlola a hlasela Iseraele. 24  Ben-hadade morena oa Siria a bokella masole ’ohle a hae ’me ba nyolohela Samaria ho ea e thibella.+ 25  Ho ne ho e-na le tlala e kholo+ Samaria eaba masole a Siria a thibella motse oa Samaria ho fihlela hlooho ea tonki+ e rekisoa ka likotoana tse 80 tsa silevera ’me mantle a maeba a neng a ka tlala matsoho a mabeli* a rekisoa ka likotoana tse hlano tsa silevera. 26  Ha morena oa Iseraele a tsamaea holim’a lerako la motse, mosali e mong a mo hoeletsa a re: “Morena re thuse!” 27  Morena a re: “Haeba Jehova a sa u thuse, ’na ke tla u thusa ka’ng? Na ho na le lijo seotlong le sehatelong sa veine kapa sa oli?” 28  Morena a re: “Molato ke’ng?” Mosali eo a re: “Mosali enoa o ile a re ho ’na, ‘Tlisa mora oa hao re mo je kajeno ’me hosane re tla ja oa ka.’+ 29  Re ile ra pheha mora oa ka ’me ra mo ja.+ Letsatsi le latelang ka re a tlise mora oa hae e le hore re ka mo ja empa o ile a mo pata.” 30  Ha morena a utloa litaba tsena a tabola liaparo tsa hae.+ Ha a feta lerakong la motse, batho ba bona hore o ne a apere lesela le hoashang* ka har’a liaparo tsa hae. 31  Morena a re: “E se eka Molimo a ka mpha kotlo e boima haeba kajeno Elisha mora oa Shafate a sa khaoloe hlooho.”+ 32  Ha Elisha a ntse a lutse ka tlung ea hae le baholo, morena a roma moromuoa ho Elisha empa pele a fihla, Elisha a re ho baholo: “Na le bone hore mora eo oa ’molai+ o rometse motho hore a tl’o nkhaola hlooho? Ha moromuoa a fihla le koale monyako ’me le o tšoare e le hore a se ke a kena. Morena oa hae o mo setse morao.” 33  Ha Elisha a ntse a bua le baholo, moromuoa a fihla. Morena le eena a fihla ’me a re: “Tlokotsi ena e tsoa ho Jehova. Ke hobane’ng ha nka emela Jehova hore a nthuse?”

Linaletsana

Kapa: “mohlanka.”
Ka Seheberu: “u bule mahlo a hae.”
Ka Seheberu: “bula mahlo a bona.”
Ka Seheberu: “kotara ea kabe.” Kabe e lekana le lilithara tse 1,22. Sheba Ntlha ea B14.