Buka ea Bobeli ea Marena 13:1-25
13 Ha Joase+ mora oa Akazia+ morena oa Juda a e-na le lilemo tse 23 a busa, Joakaze mora oa Jehu+ ea e-ba morena oa Iseraele e Samaria ’me a busa ka lilemo tse 17.
2 A ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova, a se ke a tlohela ho etsa sebe seo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+
3 Jehova a halefela+ Baiseraele+ ’me a ba tlohela hore ba hatelloe ke Morena Hazaele+ oa Siria le mora oa hae Ben-hadade+ ka nako e telele.
4 Ha nako e ntse e ea, Joakaze a kopa Jehova hore a mo thuse. Jehova a mo mamela kaha o ne a bona kamoo morena oa Siria a hateletseng Baiseraele kateng.+
5 Jehova o ile a fa Baiseraele motho ea ileng a ba pholosa+ ho Basiria ’me Baiseraele ba lula ka khotso malapeng a bona joaloka pele.
6 (Leha ho le joalo, sechaba ha sea ka sa tlohela ho etsa sebe* seo ba lelapa la Jeroboame ba ileng ba etsa hore Baiseraele ba se etse.+ Palo e halalelang*+ e neng e le Samaria e ile ea lula e le teng.)
7 Joakaze o ne a setse feela ka bapalami ba lipere ba 50, likariki tse leshome le masole a 10 000 hobane morena oa Siria o ne a felisitse tse ling+ ’me a li hatile joaloka lerole ha ho poloa.+
8 Histori eohle ea Joakaze le lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele.
9 Joakaze a shoa* ’me a pateloa Samaria.+ Mora oa hae Joase ea e-ba morena.
10 Ha Joase morena oa Juda a e-na le lilemo tse 37 a busa, Joase+ mora oa Joakaze ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ’me o busitse ka lilemo tse 16.
11 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a se ke a tlohela libe tsohle tseo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba li etse.+ O ile a tsoela pele ho li etsa.*
12 Histori eohle ea Joase, lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng le kamoo a ileng a loantša Morena Amazia oa Juda kateng,+ li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele.
13 Joase a shoa* ’me Jeroboame*+ a lula teroneng ea hae. Joase o ile a pateloa Samaria le marena a Iseraele.+
14 Ha Elisha+ a kula, a tšoeroe ke boloetse boo qetellong bo ileng ba mo bolaea, Joase morena oa Iseraele o ile a tla ho eena ’me a lla a re: “Ntate, Ntate! Bona kariki ea ntoa le bapalami ba lipere ba Iseraele!”+
15 Elisha a re ho eena: “Nka seqha le metsu.” Joase a li nka.
16 Elisha a re ho morena oa Iseraele: “Itokisetse ho betsa.” A itokisetsa ho betsa ’me Elisha a beha matsoho a hae holim’a matsoho a morena.
17 Elisha a re: “Bula fensetere e ka bochabela.” A e bula. Elisha a re: “Betsa!” A betsa. A boela a re ho morena oa Iseraele: “Motsu oa Jehova oa tlholo,* o tla hlola Siria! O tla hlasela* Siria Afeke+ ho fihlela o e felisitse.”
18 Elisha a re: “Nka metsu” eaba oa e nka. A re ho morena oa Iseraele: “Otla fatše.” A otla ka makhetlo a mararo eaba oa emisa.
19 Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete a mo halefela a re: “U ka be u otlile fatše ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng! Ka tsela eo u ne u tla hlasela Siria ho fihlela u e felisitse empa u tla e hlasela ka makhetlo a mararo feela.”+
20 Ka mor’a moo, Elisha a shoa ’me a patoa. Ha selemo se seng le se seng se qala,* masole a Bamoabe+ a ne a tla naheng.
21 Ha banna ba bang ba ntse ba pata motho, ba ile ba bona sehlopha sa masole eaba ka potlako ba lahlela setopo seo moo Elisha a neng a patetsoe teng ’me ba baleha. Ha setopo seo se thetsa masapo a Elisha, motho eo a phela+ eaba o ema ka maoto.
22 Morena Hazaele+ oa Siria a hatella Baiseraele+ nakong eohle eo Joakaze e neng e le morena.
23 Empa Jehova o ile a ba hauhela+ ’me a bontša hore oa ba khathalla ka lebaka la selekane seo a se entseng le Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ Ha aa ka a ba felisa kapa a ba leleka* ho fihlela letsatsing lena.
24 Ha Morena Hazaele oa Siria a shoa, mora oa hae Ben-hadade ea e-ba morena.
25 Joase mora oa Joakaze a boela a hapa metse eo Ben-hadade mora oa Hazaele a neng a e nkile ho ntate oa hae. Joase a mo hlasela* ka makhetlo a mararo+ ’me a khutlisa metse ea Iseraele.
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “ho tsamaea sebeng.”
^ Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
^ Ka Seheberu: “a tsamaea ho tsona.”
^ Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
^ E leng Jeroboame oa Bobeli.
^ Kapa: “poloko.”
^ Kapa: “hlola.”
^ Ho ka etsahala hore e ne e le ka nako ea selemo.
^ Ka Seheberu: “ka pel’a hae.”
^ Kapa: “hlola.”

