Buka ea Bobeli ea Marena 20:1-21

  • Ezekiase oa kula ebile oa fola (1-11)

  • Baromuoa ba tsoang Babilona (12-19)

  • Ezekiase oa shoa (20, 21)

20  Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu.+ Eaba moprofeta Esaia mora oa Amoze o fihla ho eena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka litaelo ho ba lelapa la hao hobane u ke ke oa fola empa u tla shoa.’”+  A sheba leboteng ’me a rapela Jehova a re:  “Kea u kopa hle Jehova, ke kopa u hopole kamoo ke u sebelelitseng ka botšepehi kateng le ka pelo eohle ’me ke etsa lintho tse u thabisang.”+ Ezekiase a lla habohloko.  Esaia o ne a e-s’o fihle lebaleng le hare ha Jehova a re ho eena:+  “Khutla u ee ho Ezekiase moeta-pele oa batho ba ka ’me u re, ‘Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida o re: “Ke utloile thapelo ea hao ’me ke bone meokho ea hao.+ Ke tl’o u folisa.+ Ka letsatsi la boraro u tla ea ntlong ea Jehova.+  Ke tla eketsa bophelo ba hao ka lilemo tse 15 ’me ke tla pholosa uena le motse ona ho morena oa Asiria.+ Ke tla sireletsa motse ona ’me ke u pholose ka lebaka la lebitso la ka le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.”’”+  Esaia a re: “Tlisang mangangajane a lifeie.”* Ba a tlisa ’me ba a tlotsa lethopeng, butle-butle a fola.+  Ezekiase a re ho Esaia: “Pontšo ke efe+ ea hore Jehova o tla mpholisa le hore ka letsatsi la boraro ke tla ea ntlong ea Jehova?”  Esaia a re: “Ena ke pontšo e tsoang ho Jehova e u bontšang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng: U batla hore moriti o litepising* o ee pele kapa morao ka mehato e leshome?”+ 10  Ezekiase a re: “Ho bonolo hore moriti u ee pele ka mehato e leshome empa eseng hore u ee morao ka mehato e leshome.” 11  Moprofeta Esaia a rapela Jehova ka lentsoe le phahameng ’me Molimo a etsa hore moriti o litepising tsa Akaze o khutlele morao ka mehato e leshome.+ 12  Morena oa Babilona e leng Berodake-baladane mora oa Baladane a romela mangolo le mpho ho Ezekiase hobane a utloile hore Ezekiase o ne a kula.+ 13  Ezekiase a amohela* baromuoa ba morena eaba o ba bontša ntlo* ea hae ea matlotlo:+ Silevera, khauta, oli ea balsame le lioli tse ling tsa bohlokoa, moo a neng a beha lihlomo tsohle tsa hae le lintho tsohle tse neng li ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung ea hae le pusong eohle ea hae. 14  Ka mor’a moo, moprofeta Esaia a ea ho Morena Ezekiase a fihla a re: “Banna baa ba itse’ng? Ba tsoa hokae?” Ezekiase a re: “Ba tsoa hole naheng ea Babilona.”+ 15  Esaia a re: “Ba bone eng ka tlung* ea hao?” Ezekiase a re: “Ba bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung* ea ka. Ha ho letho leo ke sa ba bontšang lona matlotlong a ka.” 16  Esaia a re ho Ezekiase: “Utloa hore na Jehova o re’ng,+ 17  Jehova o re: ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona sohle se ka tlung* ea hao le sohle seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babilona.+ Ha ho letho le tla sala. 18  Ba bang ba bara ba hao bao u tla ba le bona ba tla nkoa+ ’me ebe balaoli ba lekhotla phaleising ea morena oa Babilona.’”+ 19  Ezekiase a re ho Esaia: “Molaetsa oo o u buileng o tsoang ho Jehova oa utloahala.”+ A boela a re: “Ke ntho e ntle haeba ho tla ba le khotso le khutso* ha ke ntse ke phela.”*+ 20  Histori eohle ea Ezekiase, lintho tsohle tse kholo tseo a li entseng, kamoo a entseng letamo+ le kotopo kateng ’me a tlisa metsi motseng,+ li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. 21  Ezekiase a shoa*+ ’me mora oa hae Manase+ ea e-ba morena.+

Linaletsana

Kapa: “lifeiga.”
Mohlomong li ne li sebelisetsoa ho supa nako ka ho sheba moriti.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “a mamela.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “matsatsing a ka.”
Kapa: “ ’nete.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”