Buka ea Bobeli ea Marena 25:1-30
25 Ka la leshome khoeling ea leshome ha Morena Tsedekia a e-na le lilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare*+ oa Babilona a tla le masole ’ohle a hae ’me a hlasela Jerusalema.+ A hloma litente pel’a eona ’me a haha lebota le thibellang ho e potoloha.+
2 Motse oa thibelloa ho fihlela Morena Tsedekia a e-na le lilemo tse 11 a busa.
3 Ka letsatsi la borobong khoeling ea bone, ha e-ba le tlala e kholo+ motseng ’me batho ba ne ba se na lijo naheng eo.+
4 Ho ile ha lihuoa lebota la motse+ ’me masole ’ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e eang Araba.+
5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehoatateng la Jeriko, masole ’ohle a hae a ne a balehile.
6 A tšoara morena+ ’me a mo tlisa ho morena oa Babilona Ribla eaba oa ahloloa.
7 A bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae ’me Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka liketane tsa koporo eaba o mo isa Babilona.+
8 Ka letsatsi la bosupa khoeling ea bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona a e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli ebile e le mohlanka oa morena oa Babilona, a ea Jerusalema.+
9 A chesa ntlo ea Jehova,+ ntlo ea morena*+ le matlo ’ohle a Jerusalema.+ A boela a chesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+
10 Masole ’ohle a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako a neng a pota-potile Jerusalema.+
11 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena oa Babilona le sechaba sohle a ba isa botlamuoeng.+
12 Mookameli oa balebeli a siea ba bang ba batho ba futsanehileng haholo hore ba leme morara le ho etsa mesebetsi e lokelang ho etsoa.+
13 Bakalde ba pshatla lipilara tsa koporo+ tse neng li le ntlong ea Jehova, literoli+ le Tanka* ea koporo,+ tse neng li le ka tlung ea Jehova ’me ba isa koporo eo Babilona.+
14 Ba boela ba nka linkho, likharafu, lintho tse timang mollo, likopi le lintho tsohle tse neng li sebelisoa tempeleng, tse entsoeng ka koporo.
15 Mookameli oa balebeli a nka lipane tsa mollo le likotlolo tse entsoeng ka khauta ea ’nete+ le silevera ea ’nete.+
16 Koporo ea lipilara tse peli, ea Tanka* le ea literoli tseo Solomone a neng a li etselitse ntlo ea Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa khonehe hore e methoe.+
17 Pilara e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le bophahamo ba limithara tse ka bang robeli*+ ’me e e-na le hlooho e entsoeng ka koporo e bolelele ba mithara.* Letanta* le likharenate tse neng li khabisitse hlooho li ne li entsoe ka koporo.+ Pilara ea bobeli le eona e ne e le joalo.
18 Mookameli oa balebeli a boela a nka Seraia+ moprista e moholo, Sofonia+ moprista oa bobeli le balebeli ba bararo ba monyako.+
19 A boela a nka mookameli a le mong oa lekhotla eo e neng e le mookameli oa masole, metsoalle e mehlano ea Morena Tsedekia e neng e le motseng, mongoli oa mookameli oa masole ea neng a bokella masole ha a ea ntoeng le banna ba 60 ba ileng ba fumanoa motseng.
20 Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a ba nka ’me a ba isa Ribla ho morena oa Babilona.+
21 Morena oa Babilona a ba bolaela Ribla naheng ea Hamathe+ eaba Bajuda ba tlosoa naheng ea bona ba isoa botlamuoeng.+
22 Morena Nebukadnezare oa Babilona a khetha Gedalia+ mora oa Akikame+ e leng mora oa Shafane+ hore a etelle pele batho ba neng ba setse Juda.+
23 Ha balaoli bohle ba masole le bahlanka ba bona ba utloa hore morena oa Babilona o khethile Gedalia, ba ea ho Gedalia Mizpa. E ne e le Ishmaele mora oa Nethania, Johanane mora oa Karea, Seraia mora oa Tanhumethe oa Monetofa, Jazania mora oa Momakathe le bahlanka ba bona.+
24 Gedalia a etsa kano le bona le bahlanka ba bona a re: “Le se ke la tšaba ho ba bahlanka ba Bakalde. Lulang naheng ena le sebeletse morena oa Babilona ’me lintho li tla le tsamaela hantle.”+
25 Ka khoeli ea bosupa, Ishmaele+ mora oa Nethania e leng mora oa Elishama ea tsoang lelokong la borena a tla le banna ba leshome ’me ba bolaea Gedalia, Bajuda le Bakalde ba neng ba e-na le Gedalia Mizpa.+
26 Ka mor’a moo, batho bohle ho akarelletsa le balaoli ba masole ba balehela Egepeta+ hobane ba ne ba tšaba Bakalde.+
27 Ka la 27 khoeling ea bo12 ha Morena Jojakine+ a e-na le lilemo tse 37 a le botlamuoeng e leng ka selemo seo Morena Evile-merodake oa Babilona e bileng morena ka sona, a ntša Morena Jojakine oa Juda teronkong.+
28 O ile a mo tšoara hantle ’me a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuoe le eena Babilona.
29 Jojakine a hlobola liaparo tseo a neng a li apara teronkong ’me a jella tafoleng ea morena kamehla bophelo bohle ba hae.
30 Letsatsi le leng le le leng morena o ne a mo fa lijo. O ile a etsa sena ho fihlela a shoa.
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ Kapa: “phaleisi.”
^ Ka Seheberu: “Leoatle.”
^ Ka Seheberu: “Leoatle.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 18.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”
^ Kapa: “Nete.”
^ Ka Seheberu: “a mo fa terone e phahametseng literone tsa marena.”

