Buka ea Bobeli ea Marena 11:1-21

  • Athalia o busa ka nkane (1-3)

  • Joase o etsoa morena ka sephiri (4-12)

  • Athalia oa bolaoa (13-16)

  • Jehojada o etsa liphetoho motseng (17-21)

11  Ha Athalia+ ’mè oa Akazia a hlokomela hore mora oa hae o shoele,+ a bolaea bana bohle ba boreneng.*+ 2  Empa ngoan’abo Akazia e leng Josheba morali oa Morena Jorame, a nka Joase+ mora oa Akazia ho bara ba morena ba neng ba tl’o bolaoa, a mo beha ka kamoreng le mohlokomeli oa hae. Athalia ha aa ka a mo bolaea hobane ba ne ba mo patile. 3  Josheba a lula le Joase lilemo tse tšeletseng a mo patile ntlong ea Jehova, ha Athalia a ntse a busa naheng. 4  Ka selemo sa bosupa, Jehojada a bitsa balaoli ba ba makholo ba balebeli ba Bakaria le balebeli* ba phaleisi+ hore ba tle ho eena ntlong ea Jehova. A etsa tumellano* le bona ’me a re ba hlapanye ntlong ea Jehova hore ba tla tšepahalla tumellano eo eaba o ba bontša mora oa morena.+ 5  A re ho bona: “Sehlopha se le seng ho tse tharo tsa lona se tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha ’me se etse bonnete ba hore se lebela ntlo ea morena.*+ 6  Sehlopha se seng se tla lebela keiti e bitsoang Keiti ea Motheo ’me se seng se lebele keiti e ka mor’a phaleisi ea balebeli. Le chenchane ka ho lebela ntlo ea morena. 7  Lihlopha tse peli tse sa sebetseng ka letsatsi la Sabatha, li etse bonnete ba hore li lebela ntlo ea Jehova e le hore li sireletse morena. 8  Le sireletse morena ka mahlakoreng ’ohle ’me kaofela le nke libetsa. Motho ea tla feta masole a lebetseng a bolaoe. Le tsamaee le morena hohle moo a eang teng.”* 9  Balaoli ba ba makholo+ ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaoli e mong le e mong a ea ho moprista Jehojada+ le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha le ba neng ba sa sebetse. 10  Moprista a fa balaoli ba ba makholo marumo le lithebe tse selika-likoe tsa Morena Davida tse neng li le ka tlung ea Jehova. 11  Balebeli+ ba ema libakeng tsa bona, e mong le e mong a tšoere libetsa, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea ka ho le letšehali haufi le aletare+ le ntlo, ba potolohile morena. 12  Jehojada a tlisa mora oa morena+ eaba ba mo roesa korone ’me ba beha Buka ea Molao*+ hloohong ea hae, ba mo tlotsa hore e be morena. Ba opa liatla ba re: “Morena a ke a phele!”+ 13  Ha Athalia a utloa batho ba mathang, hang-hang a tla ntlong ea Jehova.+ 14  A bona morena a eme pel’a pilara moo marena a neng a tloaetse ho ema teng.+ Morena o ne a le moo le balaoli le batho ba letsang literompeta,+ batho bohle ba ne ba thabile ebile ba letsa literompeta. Athalia a tabola liaparo tsa hae ’me a hoeletsa a re: “Borabele! Borabele!” 15  Empa moprista Jehojada a re ho balaoli ba ba makholo+ e leng baokameli ba masole: “Mo tloseng har’a masole. Ha ho ka ba le motho ea mo latelang le mo bolaee ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaeloa ka har’a ntlo ea Jehova. 16  Ba mo tšoara ’me ha ba fihla tseleng ea lipere e eang ntlong ea morena,*+ ba mo bolaea. 17  Jehojada a etsa selekane pakeng tsa Jehova, morena le batho+ sa hore e tla lula e le batho ba Jehova. A boela a etsa selekane pakeng tsa morena le batho.+ 18  Ka mor’a moo, batho bohle ba tla tempeleng* ea Baale ’me ba liha lialetare,+ ba pshatla litšoantšo+ tsa hae ’me ba bolaela Matane moprista oa Baale+ ka pel’a lialetare. Moprista a khetha balebeli e le hore ba lebele ntlo ea Jehova.+ 19  A tsamaea le balaoli ba ba makholo,+ balebeli ba Bakaria, balebeli ba phaleisi+ le batho bohle ho felehetsa morena ho tsoa ntlong ea Jehova. Ba tla ntlong ea morena* ba tsamaea ka tsela e tsoang keiting ea balebeli ba phaleisi. Joase a lula teroneng ea marena.+ 20  Batho bohle ba thaba ’me motse oa e-ba le khotso kaha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole ntlong ea morena. 21  Joase+ o ne a le lilemo li supileng ha e e-ba morena.+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “peo eohle ea ’muso.”
^ Kapa: “selekane.”
^ Ka Seheberu: “limathi.”
^ Kapa: “phaleisi.”
^ Ka Seheberu: “ha a kena le ha a tsoa.”
^ Kapa: “Bopaki.” Ho ka etsahala hore ho buuoa ka moqolo o neng o na le Molao oa Molimo.
^ Kapa: “phaleisi.”
^ Kapa: “ntlong.”
^ Kapa: “phaleising.”