Hagai 1:1-15

  • Ba khalemelloa ho se tsosolose tempele (1-11)

    • ‘Na ke nako ea ho lula matlong a khabisitsoeng ka mapolanka a matle?’ (4)

    • “Itlhahlobeng” (5)

    • Ba jala peo e ngata empa ba kotula hanyenyane (6)

  • Sechaba se mamela lentsoe la Jehova (12-15)

1  Selemong sa bobeli Morena Dariuse* a le pusong, letsatsing la pele la khoeli ea botšelela, Jehova a fa moprofeta Hagai*+ molaetsa o eang ho ’musi oa Juda e leng Zorobabele+ mora oa Shalatiele le ho moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake, o reng: 2  “Jehova oa mabotho o itse: ‘Batho bana ba re: “Nako ea hore ntlo* ea Jehova e hahuoe* ha e e-s’o fihle.”’”+ 3  Jehova a boela a fa moprofeta Hagai+ molaetsa o reng: 4  “Na ke nako ea hore le lule matlong a lona a khabisitsoeng ka mapolanka a matle, ha ntlo ea ka e le lithako?+ 5  Jehova oa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng. 6  Le jetse peo e ngata empa le kotula hanyenyane.+ Lea ja empa eseng ho fihlela le khotše. Le noa veine empa ha le na e lekaneng. Le apara liaparo empa ha ho ea futhumalang. Ea hiriloeng o tšela mokholo ka sepacheng se masoba.’ 7  Jehova oa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng.’ 8  ‘Nyolohelang thabeng ’me le tlise lifate tse renngoeng.+ Le hahe ntlo+ ea ka e tla nkhotsofatsa ’me ke tlotlisoe,’+ ke Jehova ea chong. 9  Jehova oa mabotho o re: ‘Le ne le lebeletse chai e ngata empa le kotutse hanyenyane. Ha le e tlisa ka tlung, ke ile ka e butsoella koana.+ Ka lebaka lefe? Hobane ntlo ea ka ke lithako empa e mong le e mong oa lona o ntse a ea holimo le tlase a hlokomela ntlo ea hae.+ 10  Kahoo, maholimo ha aa ka a fana ka phoka ea ’ona ’me lefatše ha lea ka la melisa letho. 11  Ka ’na ka etsa hore ho be le komello lefatšeng le lithabeng ’me ha e-ba le khaello ea lijo,* veine, oli le lijalo. Lona le liphoofolo tsa lona lea sotleha ’me le sehlela lefeela.’” 12  Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake+ le batho bohle ba mamela lentsoe la Jehova Molimo oa bona. Ba mamela le mantsoe a moprofeta Hagai hobane Jehova Molimo oa bona o ne a mo romme ’me ba tšosoa ke molaetsa oa Jehova. 13  Eaba Hagai moromuoa oa Jehova o bolella batho litaba ho ea kamoo Jehova a mo laetseng o re: “‘Ke na le lona,’+ ke Jehova ea chong.” 14  Eaba Jehova o susumetsa+ ’musi oa Juda+ e leng Zorobabele mora oa Shalatiele le moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake hammoho le batho bohle hore ba qale ho tsosolosa ntlo ea Jehova oa mabotho, Molimo oa bona.+ 15  Ba qalile ka letsatsi la bo24 la khoeli ea botšelela selemong sa bobeli sa puso ea Morena Dariuse.+

Linaletsana

^ Dariuse I kapa Dariuse e Moholo
^ E bolelang “Ea Hlahileng Nakong ea Mokete.”
^ Kapa: “tempele.”
^ Kapa: “hahuoe hape.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.