Ezekiele 2:1-10
2 Motho eo a re ho ’na: “Mor’a motho,* ema e le hore ke bue le uena.”+
2 Ha a bua le ’na, moea o halalelang oa etsa hore ke eme+ e le hore ke utloe motho ea buang le ’na.
3 A re ho ’na: “Mor’a motho, ke u roma ho bana ba Iseraele+ e leng lichaba* tse mphetohetseng.+ Bona le baholo-holo ba bona haesale ba ntšiteloa ho fihlela letsatsing lena.+
4 Batho bao ke u romang ho bona baa tella ebile ba manganga.+ U ba bolelle seo Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle a se buang.
5 Ebang baa mamela kapa ha ba mamele hobane e le marabele,+ ba tla tseba hore kannete moprofeta o ne a le teng har’a bona.+
6 U se ke oa ba tšaba uena mor’a motho+ ’me u se ke oa tšaba mantsoe a bona le hoja u pota-potiloe ke meutloa le lihlabahlabane*+ ’me u lula har’a liphepheng. U se ke oa tšosoa ke bona+ kapa ke mantsoe a bona+ hobane ke marabele.
7 U ba bolelle mantsoe a ka ebang baa u mamela kapa che hobane ke marabele.+
8 Uena mor’a motho, u mamele seo ke u bolellang sona. U se ke oa tšoana le batho bana ba marabele. Ahlama u je seo ke u fang sona.”+
9 Eitse ha ke sheba, ka bona motho a tlisa letsoho ho ’na+ a tšoere moqolo.*+
10 Ha a o bula o ne o ngotsoe ka pele le ka morao.+ Moqolong oo ho ne ho ngotsoe koli-ea-malla,* lintho tse bohloko le tse llisang.+
Linaletsana
^ Sheba Tlhaloso. Poleloana ena e hlaha ka makhetlo a 93 bukeng ena ea Ezekiele ’me lena ke lekhetlo la pele.
^ Mona ho buuoa ka Baiseraele le Bajuda.
^ Kapa mohlomong: “le hoja ba le manganga ebile ba le joaloka lintho tse hlabang.”
^ Kapa: “buka.”
^ Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”

