Ezekiele 9:1-11

  • Banna ba tšeletseng ba bolaeang le monna ea tšoereng lenaka la enke (1-11)

    • Kahlolo e qala sehalalelong (6)

9  A hoeletsa ka litsebeng tsa ka a re: “Bitsa batho ba tl’o tlisa kahlolo motseng, e mong le e mong a tšoare sebetsa sa hae sa ho bolaea!” 2  Ke ile ka bona banna ba tšeletseng ba hlahang ka lehlakoreng la keiti+ e ka holimo e shebileng ka leboea, e mong le e mong a tšoere sebetsa sa hae sa ntoa. Ba ne ba e-na le monna e mong ea apereng seaparo sa line, a tlameletse lenaka la enke* la mongoli thekeng la hae, ba kena eaba ba ema pel’a aletare ea koporo.+ 3  Khanya ea Molimo oa Iseraele+ ea tloha moo e neng e le teng holim’a likerubime ’me ea ea monyako oa ntlo+ eaba Molimo o bitsa monna ea neng a apere seaparo sa line, eo thekeng la hae ho neng ho e-na le lenaka la enke la mongoli. 4  Jehova a re ho eena: “Tsamaea har’a motse oa Jerusalema, u tšoaee liphatla tsa batho ba tšoenyehileng le ba utloileng bohloko+ ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tse etsoang motseng.”+ 5  A re ho ba bang ke ntse ke utloa: “Tsamaeang ka mor’a hae motseng ’me le bolaee batho. Le se ke la ba utloela bohloko kapa la ba qenehela.+ 6  Le bolaee banna-baholo, bahlankana, baroetsana, bana le basali.+ Empa le se ke la bolaea motho leha e le ofe ea nang le letšoao.+ Le qale sehalalelong sa ka.”+ Ba qala ka baholo ba neng ba le ka pel’a tempele.*+ 7  Molimo a re ho bona: “Le silafatse tempele* ’me le tlatse litopo lebaleng.+ Tsamaeang!” Ba tsamaea ’me ba bolaea batho motseng. 8  Ha ba ntse ba bolaea batho motseng, ’na ba ile ba ntlohela eaba ke khumama fatše kea hoeletsa ke re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, na u tla bolaea batho ba setseng ba Iseraele ha u ntšetsa bohale ba hao motseng oa Jerusalema?”+ 9  A re ho ’na: “Phoso ea Baiseraele le Bajuda e kholo haholo.+ Naha e tletse polao+ le motseng ho tletse tlolo ea molao.+ Ba re, ‘Jehova o tlohile naheng ebile Jehova ha a re bone.’+ 10  Nke ke ka ba utloela bohloko kapa ka ba qenehela.+ Ke tla etsa hore ba utloe bohloko ka lebaka la litla-morao tsa liketso tsa bona.” 11  Ka bona monna ea neng a apere seaparo sa line a bile a tlameletse lenaka la enke thekeng. A tlaleha a re: “Ke entse sohle seo u neng u ntaetse sona.”

Linaletsana

^ Kapa: “ntho e tšelang enke ea mongoli.”
^ Ka Seheberu: “ntlo.”
^ Ka Seheberu: “ntlo.”