Genese 29:1-35
29 Jakobo a tsoela pele ka leeto la hae ’me a ea naheng ea batho ba Bochabela.
2 A bona seliba tšimong le lihlopha tse tharo tsa linku li bothile pel’a sona. Balisa ba ne ba tloaetse ho noesa liphoofolo selibeng seo. Ho ne ho e-na le lejoe le leholo le neng le koahetse seliba.
3 Ha liphoofolo tsohle li bokelletsoe moo, balisa ba tlosa lejoe le neng le koahetse seliba eaba ba noesa liphoofolo, ka mor’a moo ba le khutlisetsa holim’a seliba.
4 Jakobo a re ho bona: “Bana beso le tsoa hokae?” Ba re: “Re tsoa Harane.”+
5 A re ho bona: “Na le tseba Labane+ setloholo sa Nakore?”+ Ba re: “Rea mo tseba.”
6 A re ho bona: “Na o ntse a ea hantle?” Ba re: “O ntse a ikela hantle ebile morali oa hae Ragele+ ke enoa o tla le linku.”
7 Jakobo a re: “E ntse e le motšehare. Ha se nako ea ho bokella liphoofolo. Noesang linku ’me ka mor’a moo le li fulise.”
8 Ba re: “Ha rea lumelloa ho etsa joalo ho fihlela liphoofolo tsohle li bokelletsoe ’me ho tlositsoe lejoe le holim’a seliba. Ka mor’a moo re ka noesa linku.”
9 Ha a ntse a bua le bona, Ragele a tla le linku tsa ntate oa hae kaha e ne e le molisa.
10 Ha Jakobo a bona Ragele morali oa malome oa hae Labane le linku tsa Labane, Jakobo a atamela ka potlako ’me a tlosa lejoe holim’a seliba eaba o noesa linku tsa malome oa hae Labane.
11 Jakobo a suna* Ragele eaba oa lla.
12 Jakobo a bolella Ragele hore ke mochana oa* ntate oa hae le hore ke mora oa Rebeka. Ragele a matha a e’o bolella ntate oa hae.
13 Hang ha Labane+ a utloa hore mochana oa hae Jakobo o teng, a matha hore a e’o kopana le eena. A mo haka a ba a mo suna ’me a mo tlisa ka tlung ea hae. Jakobo a bolella Labane lintho tsohle tse etsahetseng.
14 Labane a re ho eena: “U lesapo la ka le nama ea ka.”* A lula le eena khoeli kaofela.
15 Labane a re ho Jakobo: “Na u tla ntšebeletsa mahala hobane feela u le mochana oa ka?*+ Mpolelle, u batla ke u patale ka eng?”+
16 Labane o ne a e-na le barali ba babeli. Lebitso la e moholo e ne e le Lea ’me la e monyenyane e le Ragele.+
17 Lea o ne a se motle hakaalo* empa Ragele o ne a le motle haholo a bile a khahleha.
18 Jakobo o ne a rata Ragele, kahoo a re: “Ke ikemiselitse ho u sebeletsa lilemo tse supileng bakeng sa morali oa hao e monyenyane Ragele.”+
19 Labane a re: “Ho molemo hore ke u fe eena ho e-na le hore ke mo fe monna e mong. Tsoela pele u lula le ’na.”
20 Jakobo a sebeletsa Labane ka lilemo tse supileng bakeng sa Ragele+ empa ho eena e ne eka ke matsatsi a seng makae feela hobane o ne a mo rata.
21 Jakobo a re ho Labane: “Mphe mosali oa ka ke robale le eena hobane ke qetile ho u sebeletsa.”
22 Labane a bitsa banna bohle ba sebaka seo ’me a etsa mokete.
23 Ka shoalane a khetha ho nka morali oa hae Lea ’me a mo tlisa ho Jakobo hore a robale le eena.
24 Labane a ba a fa morali oa hae Lea mosebeletsi ea bitsoang Zilpa.+
25 Hoseng Jakobo a bona hore e ne e le Lea. A re ho Labane: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Ke hobane’ng ha u nqhekelletse?”+
26 Labane a re: “Sebakeng sena ha hoa tloaeleha hore ho fanoe ka ngoanana e monyenyane pele ho e moholo.
27 Qeta beke ea lechato le Lea. Ka mor’a moo, u tla fuoa le Ragele ebe o ntšebeletsa lilemo tse ling tse supileng.”+
28 Jakobo a etsa joalo ’me a lula le ngoanana eo beke kaofela, ka mor’a moo a mo fa Ragele morali oa hae hore e be mosali oa hae.
29 Ntle ho moo, Labane a fa morali oa hae Ragele mosebeletsi+ ea bitsoang Bilha.+
30 Jakobo a robala le Ragele empa o ne a rata Ragele ho feta Lea eaba o sebeletsa Labane lilemo tse ling tse supileng.+
31 Ha Jehova a bona hore Lea ha a ratoe,* a mo thusa hore a ime*+ empa Ragele eena o ne a sa khone ho ba le bana.+
32 Lea a ima ’me a ba le mora eaba o mo reha Rubene*+ hobane o ile a re: “Ke hobane Jehova o bone mesarelo ea ka,+ joale monna oa ka o tla nthata.”
33 Lea a boela a ima ’me a ba le mora eaba o re: “Ke hobane Jehova o utloile hore ke ne ke sa ratoe ’me o mphile le enoa.” A mo reha Simeone.*+
34 A ima hape ’me a ba le mora eaba o re: “Lekhetlong lena monna oa ka o tla nkhomarela hobane ke mo tsoaletse bara ba bararo.” A rehoa Levi.*+
35 A ima hape ’me a ba le mora eaba o re: “Lekhetlong lena ke tla rorisa Jehova.” A mo reha Juda.*+ Ka mor’a moo a khaotsa ho ba le bana.
Linaletsana
^ Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.
^ Ka Seheberu: “ngoan’abo.”
^ Kapa: “rea amana.”
^ Ka Seheberu: “ngoan’eso.”
^ Ka Seheberu: “mahlo a Lea a ne a sa khanye.”
^ Ka Seheberu: “hlouoe.”
^ Ka Seheberu: “a bula popelo ea hae.”
^ E bolelang “Bona ke na le Mora.”
^ E bolelang “Ho Utloa.”
^ E bolelang “Ho Khomarela; Ho Kopana.”
^ E bolelang “Rorisitsoe; Motho ea Rorisoang.”