Genese 39:1-23

  • Josefa ka tlung ea Potifaro (1-6)

  • Josefa o hana ho robala le mosali oa Potifaro (7-20)

  • Josefa o teronkong (21-23)

39  Josefa a isoa Egepeta+ ’me Moegepeta ea bitsoang Potifaro,+ e leng molaoli oa lekhotla oa Faro le mookameli oa balebeli, a mo reka ho Baishmaele.+  Empa Jehova o ne a e-na le Josefa.+ Ka lebaka leo, a atleha ’me a behoa hore a laole ntlo ea mong’a hae oa Moegepeta.  Mong’a hae a bona hore Jehova o na le eena le hore Jehova o ne a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.  Josefa a ’na a ratoa ke mong’a hae ’me ea e-ba mosebeletsi eo a mo tšepang. A mo beha hore a laole ntlo ea hae le lintho tsohle tsa hae.  Ho tloha nakong eo ka eona a mo behileng hore a laole ntlo ea hae le lintho tsohle tsa hae, Jehova a ’na a hlohonolofatsa ntlo ea Moegepeta eo ka lebaka la Josefa ’me Jehova a hlohonolofatsa lintho tsohle tseo Moegepeta eo a nang le tsona ka tlung le naheng.+  Qetellong a tlohela lintho tsohle matsohong a Josefa ’me o ne a sa tšoenyehe ka letho haese ka lijo tseo a li jang. Josefa o ne a e-na le sebopeho se setle a bile a le motle.  Mosali oa mong’a hae a khahloa ke eena ’me a re: “Robala le ’na.”  Empa a hana ’me a re ho mosali oa mong’a hae: “Mong’a ka ha a tšoenyehe ka letho ha ke le teng ka tlung ’me o mpehile hore ke hlokomele lintho tsohle tseo a nang le tsona.  Ha ho e moholo ho mpheta* ka tlung ena ’me ha aa nkhanela ka letho haese ka uena hobane u mosali oa hae. Nka etsa bobe boo bo boholo joang ’me ka fosetsa Molimo?”+ 10  Mosali eo o ne a bua le Josefa letsatsi le letsatsi empa ha ho mohla Josefa a ileng a lumela ho robala le eena kapa ho qeta nako le eena. 11  Empa ka letsatsi le leng ha Josefa a kena ka tlung ho ea etsa mosebetsi oa hae, basebeletsi bohle ba ntlo ba ne ba le sieo ka tlung. 12  Mosali eo a mo tšoara ka seaparo ’me a re: “Robala le ’na!” Empa Josefa a siea seaparo sa hae letsohong la hae ’me a balehela ka ntle. 13  Hang ha mosali eo a bona hore Josefa o siile seaparo sa hae letsohong la hae ’me o balehetse ka ntle, 14  a hoeletsa banna ba lelapa la hae a re ho bona: “Bonang! O re tliselitse monna enoa oa Moheberu hore a tl’o re tšehisa ka batho. O tlile ho ’na ho tla robala le ’na empa ka hoeletsa. 15  Hang ha a utloa ke hoeletsa, a siea seaparo sa hae pel’a ka eaba o balehela ka ntle.” 16  A beha seaparo sa Josefa pel’a hae ho fihlela mong’a hae a tla ka tlung. 17  A mo bolella se tšoanang a re: “Mohlanka oa Moheberu eo u re tliselitseng eena o tlile ho ’na ho tla ntšehisa ka batho. 18  Empa hang ha ke hoeletsa, o ile a siea seaparo sa hae pel’a ka eaba o balehela ka ntle.” 19  Mong’a hae a halefa hang ha a utloa mosali oa hae a re: “Mohlanka oa hao o nkentse tjena.” 20  Mong’a Josefa a mo isa teronkong moo batšoaruoa ba morena ba neng ba koalloa teng ’me a lula moo teronkong.+ 21  Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ba mosa* ho eena, a etsa hore molaoli ea ka sehloohong oa teronko a mo rate.+ 22  Molaoli ea ka sehloohong oa teronko a etsa Josefa mookameli oa batšoaruoa bohle ba ka teronkong ’me ba ne ba etsa sohle seo a reng ba se etse.+ 23  Molaoli ea ka sehloohong oa teronko o ne a sa tšoenyehe ka letho le neng le le taolong ea Josefa. Jehova o ne a e-na le Josefa ’me Jehova a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.+

Linaletsana

Kapa: “Ke ’na ea laolang lintho tsohle.”
Kapa: “a mo bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.