Genese 13:1-18

  • Abrame o khutlela Kanana (1-4)

  • Abrame le Lota baa arohana (5-13)

  • Molimo o pheta tšepiso ea hae ho Abrame (14-18)

13  Abrame a tloha Egepeta a ea Negebe+ le mosali oa hae le lintho tsohle tseo a nang le tsona. O ne a boetse a tsamaea le Lota. 2  Abrame o ne a e-na le silevera, khauta le liphoofolo tse ngata.+ 3  O ne a tsamaea a hloma litente libakeng ka ho fapana ha a ea Bethele a tsoa Negebe, ho fihlela a fihla pakeng tsa Bethele le Ai.+ O ne a kile a hloma tente ea hae moo. 4  O ne a kile a haha aletare moo pele. Abrame a bitsa lebitso la Jehova moo. 5  Lota o ne a tsamaea le Abrame ’me le eena o ne a e-na le linku, likhomo le litente. 6  Ba ne ba sa khone ho lula sebakeng se le seng hobane ba ne ba e-na le lintho tse ngata haholo. 7  Ka lebaka leo, balisa ba liphoofolo tsa Abrame le balisa ba liphoofolo tsa Lota ba qabana. (Ka nako eo, Bakanana le Bapereze ba ne ba lula naheng eo.)+ 8  Abrame a re ho Lota:+ “ ’Na le uena le balisa ba rona ha rea lokela ho qabana hobane ’na le uena re bana ba motho. 9  U ka ikhethela moo u batlang ho lula teng naheng ena. Ke kopa hore re arohane. Haeba u ea ka lehlakoreng le letšehali, ke tla ea ka ho le letona empa haeba u ea ka ho le letona, ke tla ea ka ho le letšehali.” 10  Ha Lota a sheba, a bona hore setereke sohle sa Jordane+ ho ea fihla Zooare+ ke sebaka se nang le metsi a mangata (ke pele Jehova a felisa Sodoma le Gomora), se tšoana le serapa sa Jehova+ le naha ea Egepeta. 11  Lota a khetha setereke sohle sa Jordane ’me a tlosa litente tsa hae a li isa ka bochabela. Ba arohana. 12  Abrame a lula naheng ea Kanana empa Lota a lula metseng ea setereke sa Jordane.+ Qetellong Lota a hloma litente tsa hae haufi le Sodoma. 13  Banna ba Sodoma ba ne ba le khopo, e le baetsalibe ba baholo ho Jehova.+ 14  Ka mor’a hore Lota a arohane le Abrame, Jehova a re ho Abrame: “Ke kopa hore sebakeng seo u leng ho sona u shebe ka leboea, ka boroa, ka bochabela le ka bophirimela. 15  Naha eohle eo u e bonang ke tla e fa uena le bana* ba hao hore e be ea lona ka ho sa feleng.+ 16  Hape ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata joaloka lerole la lefatše, ha ho na motho ea tla khona ho ba bala.+ 17  Tsamaea naha ena kaofela ’me u tsebe bolelele le bophara ba eona hobane ke tl’o u fa eona.” 18  Abrame a ’na a lula litenteng. Hamorao a lula har’a lifate tse kholo tsa Mamre+ tse Hebrone+ ’me a hahela Jehova aletare moo.+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “peo.”
^ Ka Seheberu: “peo.”