Genese 25:1-34
25 Abrahama a nyala hape ’me lebitso la mosali oa hae e ne e le Ketura.
2 Ha nako e ntse e ea ba e-ba le bana e leng Zimrane, Jokshane, Medane, Midiane,+ Ishbake le Shua.+
3 Jokshane a ba le bara ba bitsoang Sheba le Dedane.
Bara ba Dedane e ne e le Ashurime, Letushime le Leumime.
4 Bara ba Midiane e ne e le Efa, Efere, Hanoke, Abida le Elda.
Bara bana bohle e ne e le ba Ketura.
5 Hamorao Abrahama a fa Isaka lintho tsohle tseo a nang le tsona+
6 empa Abrahama a fa bara ba hae ba tsoetsoeng ke lirethe* tsa hae limpho. Joale ha a sa ntse a phela a re ba ee ka bochabela, hole le mora oa hae Isaka,+ naheng ea Bochabela.
7 Abrahama o phetse lilemo tse 175.
8 Abrahama a shoa a tsofetse haholo ’me a khotsofetse eaba o patoa joaloka batho ba habo.*
9 Bara ba hae, e leng Isaka le Ishmaele ba mo pata lehaheng le Makpela, tšimong ea Efrone mora oa Zohare oa Mohethe e ka pel’a Mamre,+
10 e leng tšimo eo Abrahama a ileng a e reka ho bara ba Hethe. Abrahama a pateloa moo le mosali oa hae Sara.+
11 Ka mor’a lefu la Abrahama, Molimo a ’na a hlohonolofatsa mora oa hae Isaka.+ Isaka o ne a lula haufi le Beere-lahai-roi.+
12 Ena ke histori ea Ishmaele+ mora oa Abrahama le Hagare+ oa Moegepeta, e leng mosebeletsi oa Sara.
13 Ana ke mabitso a bara ba Ishmaele ho ea ka malapa a bona: Nebajothe+ letsibolo la Ishmaele, Kedare,+ Adbele, Mibsame,+
14 Mishma, Duma, Masa,
15 Hadade, Tema, Jeture, Nafishe le Kedema.
16 Bana ke bara ba Ishmaele ’me ana ke mabitso a bona ho ea ka metse le liahelo* tsa bona. Ke likhosana tse 12 ho ea ka maloko a tsona.+
17 Ishmaele o phetse lilemo tse 137 eaba oa shoa ’me o patoa joaloka batho ba habo.*
18 Bana ba hae ba lula Havila+ haufi le Shure+ e pel’a Egepeta le ho ea fihla Asiria. O ile a lula haufi le bana babo kaofela.*+
19 Ena ke histori ea Isaka mora oa Abrahama.+
Abrahama a ba le mora ea bitsoang Isaka.
20 Isaka o ne a le lilemo li 40 ha a nyala Rebeka morali oa Bethuele,+ Moarame oa Padane-arame, khaitseli ea Labane.
21 Isaka a ’na a rapella mosali oa hae ka tieo ho Jehova hobane mosali oa hae o ne a sa khone ho ba le bana. Jehova a araba kopo ea hae ’me mosali oa hae Rebeka a ima.
22 Eaba bara ba qala ho loantšana ka hare ho eena,+ hoo a ileng a re: “Haeba ke tl’o sotleha hakana, ho thusa’ng hore ke ’ne ke phele?” Eaba o botsa Jehova.
23 Jehova a re ho eena: “Lichaba tse peli li ka popelong ea hao+ ’me lichaba tse peli tse ka hare ho uena li tla aroloa,+ sechaba se seng se tla ba matla ho feta se seng+ ’me e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”+
24 Ha nako ea hore a belehe e fihla, ho ne ho e-na le mafahla ka popelong ea hae.
25 Lefahla la pele la hlaha le le lefubelu hohle, le le joaloka seaparo sa boea,+ kahoo ba le reha Esau.*+
26 Ka mor’a moo, lefahla le leng la hlaha ’me letsoho la lona le ne le tšoere serethe sa Esau,+ joale a le reha Jakobo.*+ Isaka o ne a le lilemo li 60 ha Rebeka a ba le mafahla.
27 Ha bashanyana ba ntse ba hola, Esau ea e-ba monna ea tsebang ho tsoma,+ monna oa naheng empa Jakobo eena e ne e le monna ea se nang molato, ea lulang litenteng.+
28 Isaka o ne a rata Esau hobane o ne a rata nama ea liphoofolo tseo Esau a neng a li tsoma athe Rebeka eena o ne a rata Jakobo.+
29 Ka letsatsi le leng Jakobo o ne a phehile sopho ea lensisi ha Esau a fihla a tsoa naheng ’me a khathetse haholo.
30 Esau a re ho Jakobo: “Ke kopa u potlake u ntšelle sopho eo e khubelu* hobane ke khathetse haholo.”* Ke ka lebaka leo lebitso la hae e neng e le Edomo.*+
31 Jakobo a re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ea hao ea ho ba letsibolo.”+
32 Esau a re: “Kea shoa ke tlala, tokelo ea ho ba letsibolo e tla nthusa ka’ng?”
33 Jakobo a re ho eena: “Ntlhapanyetse pele!” A mo hlapanyetsa ’me a rekisetsa Jakobo tokelo ea hae ea ho ba letsibolo.+
34 Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ea lensisi, a ja a ba a noa, ka mor’a moo a tsamaea. Ka tsela eo, Esau o ile a nka tokelo ea hae ea ho ba letsibolo e se ea bohlokoa.
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “o nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.
^ Kapa: “liahelo tse pota-potiloeng ke lerako.”
^ Ka Seheberu: “o nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.
^ Kapa mohlomong: “O ne a hlouoe ke bana babo kaofela.”
^ E bolelang “Bohoete.”
^ E bolelang “Ea Tšoarang Serethe; Ea Nkelang e Mong Sebaka.”
^ Ka Seheberu: “bofubelu bona.”
^ Kapa: “ke shoele ke tlala.”
^ E bolelang “Bofubelu.”

