Genese 21:1-34

  • Isaka oa hlaha (1-7)

  • Ishmaele o soma Isaka (8, 9)

  • Hagare le Ishmaele baa lelekoa (10-21)

  • Selekane sa Abrahama le Abimeleke (22-34)

21  Jehova a khutlela ho Sara feela joalokaha a ne a boletse ’me Jehova a etsetsa Sara seo a neng a mo tšepisitse sona.+  Sara a ima+ ’me a tsoalla Abrahama mora botsofaling ba hae ka nako eo Molimo a neng a itse o tla ba le mora ka eona.+  Abrahama a reha mora oa hae ea tsoetsoeng ke Sara lebitso la Isaka.+  Ha Isaka a e-na le matsatsi a robeli a hlahile, Abrahama a mo bolotsa feela joalokaha Molimo a ne a mo laetse.+  Abrahama o ne a le lilemo li 100 ha Isaka a hlaha.  Sara a re: “Molimo o entse hore ke thabe, bohle ba utloang ka taba ena ba tla thaba* le ’na.”  A boela a re: “Ke mang ea neng a ka nahana hore ’na Sara ke tla tsoalla Abrahama mora? Empa ke ’na enoa ke mo tsoaletse mora botsofaling ba hae.”  Isaka a hola ’me a khoesoa* eaba Abrahama o etsa mokete o moholo letsatsing leo Isaka a khoesitsoeng ka lona.  Empa Sara a hlokomela hore mora eo Hagare+ oa Moegepeta a mo tsoaletseng Abrahama, o ne a soma Isaka.+ 10  A re ho Abrahama: “Leleka mosali enoa oa mosebeletsi le mora oa hae hobane mora oa hae a ke ke a ja lefa le mora oa ka Isaka.”+ 11  Abrahama a utloisoa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka mora oa hae.+ 12  Molimo a re ho Abrahama: “U se ke oa utloisoa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka moshanyana le ka mosebeletsi oa hao. Mo mamele* hobane u tla ba le litloholo* ka Isaka.+ 13  Ke tla etsa hore ho tsoe sechaba+ ho mora oa mosebeletsi oa hao+ hobane le eena ke ngoana* oa hao.” 14  Abrahama a tsoha hoseng haholo ’me a nka bohobe le lekuka* le tšetseng metsi, a li beha lehetleng la Hagare eaba o re a tsamaee le mora oa hae.+ Hagare a tsamaea ’me a lelera lefeelleng la Beersheba.+ 15  Metsi a ka lekukeng a fela eaba o sutumelletsa moshanyana tlas’a lihlahla. 16  A tloha ’me a lula a le mong hoo e ka bang bohole ba moo motsu oa seqha o ka fihlang teng, a re: “Ha ke batle ho bona ha moshanyana oa ka a shoa.” A lula holenyana eaba o lla habohloko. 17  Molimo a utloa lentsoe la moshanyana+ ’me lengeloi la Molimo la bitsa Hagare le le maholimong la re ho eena:+ “Molato ke’ng Hagare? U se ke oa tšoha hobane Molimo o utloile lentsoe la moshanyana oa hao moo a leng teng. 18  Ema, phahamisa moshanyana ’me u mo tšoare ka letsoho hobane ke tla mo etsa sechaba se seholo.”+ 19  Molimo a etsa hore Hagare a bone seliba sa metsi. Hagare a ea ho sona ’me a tlatsa metsi ka lekukeng eaba o fa moshanyana oa hae hore a noe. 20  Molimo o ne a sireletsa moshanyana+ eo ha a ntse a hola. O ile a lula lefeelleng ’me ea e-ba setsomi se sebelisang seqha. 21  O ile a lula lefeelleng la Parane.+ ’Mè oa hae o ile a mo fumanela mosali oa Moegepeta. 22  Ka nako eo, Abimeleke a bua le Abrahama a e-na le Fikole molaoli oa masole a hae a re: “Molimo o na le uena linthong tsohle tseo u li etsang.+ 23  Ntlhapanyetse ka Molimo hore u ke ke oa etsetsa ’na, bana le litloholo tsa ka bolotsana le hore u tla ba mosa* ho ’na le ho baahi ba naha ena eo esale u lula ho eona joalokaha ke ile ka ba mosa ho uena.”+ 24  Abrahama a re: “Kea hlapanya.” 25  Leha ho le joalo, Abrahama a tletleba ho Abimeleke ka seliba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.+ 26  Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ea entseng ntho ena. Ha oa mpolella ka eona ’me ke hona ke utloang kajeno.” 27  Eaba Abrahama o nka linku le likhomo o li fa Abimeleke ’me ka bobeli ba etsa selekane. 28  Ha Abrahama a arola likonyana tse tšehali tse supileng ho liphoofolo tse ling, 29  Abimeleke a re ho Abrahama: “Ke hobane’ng ha u beheletse likonyana tsee tse tšehali tse supileng ka thoko?” 30  Abrahama a re: “Ke likonyana tseo ke u fang tsona e le bopaki ba hore ke chekile seliba sena.” 31  Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Beersheba*+ hobane ka bobeli ba entse kano ho sona. 32  Ba etsa selekane+ Beersheba ’me ka mor’a moo Abimeleke le Fikole molaoli oa masole a hae ba khutlela naheng ea Bafilista.+ 33  Abrahama a lema sefate sa tamariske Beersheba ’me a bitsa lebitso la Jehova,+ Molimo oa ka ho sa feleng.+ 34  Abrahama a lula* naheng ea Bafilista nako e telele.*+

Linaletsana

Mantsoe a Seheberu a fetoletsoeng mona e le ‘ke thabe’ le ‘ba tla thaba’ a bolela ‘ho tšeha.’
E leng ha ngoana a tlohelisoa ho nyanya.
Ka Seheberu: “mamela lentsoe la hae.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.
Kapa: “u tla ba le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Mohlomong e bolela “Seliba sa Kano” kapa “Seliba sa Bosupa.”
Kapa: “e le molichaba.”
Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”