Genese 20:1-18

  • Sara o pholosoa ho Abimeleke (1-18)

20  Abrahama a tlosa litente tsa hae moo,+ a li isa naheng ea Negebe eaba o lula pakeng tsa Kadeshe+ le Shure.+ Ha a ntse a lula* Gerare,+  o ne a tloaetse ho re ka mosali oa hae Sara: “Ke khaitseli ea ka.”+ Abimeleke morena oa Gerare a roma bahlanka ba hae hore ba late Sara.+  Bosiu Molimo a tla ho Abimeleke torong eaba o re ho eena: “U tl’o shoa hobane u nkile Sara+ kaha o nyetsoe.”+  Empa Abimeleke o ne a e-s’o mo etse letho.* Kahoo a re: “Jehova, na u tla bolaea sechaba se se nang molato?*  Abrahama o itse Sara ke khaitseli ea hae, le eena Sara o itse Abrahama ke abuti oa hae. Ha ke na molato. Ke ne ke sa tsebe hore ke etsa phoso.”  Molimo oa ’nete a re ho eena torong: “Ke bone hore u ne u sa tsebe hore u etsa phoso eaba kea u thiba hore u se ke oa etsa sebe. Ke kahoo ke sa u lumellang hore u mo thetse.  Khutlisa mosali oa monna eo hobane monna eo ke moprofeta,+ o tla u etsetsa thapeli+ ’me u tla ’ne u phele. Empa haeba u sa mo khutlise, uena le batho bohle ba hao le tla shoa.”  Abimeleke a tsoha hoseng haholo eaba o bitsa bahlanka bohle ba hae, a ba bolella lintho tsena tsohle ’me ba tšoha haholo.  Abimeleke a bitsa Abrahama eaba o re ho eena: “Ke hobane’ng ha u re entse tjee? Ke u entse’ng hoo u ka tlisetsang ’na le ’muso oa ka sebe se seholo hakaale? Ntho eo u nkentseng eona ha ea loka.” 10  A boela a re ho Abrahama: “Ke hobane’ng ha u ne u etsa tjee?”+ 11  Abrahama a re: “Ke entse joalo hobane ke ne ke nahana hore batho ba mona ha ba tšabe Molimo ’me ba tla mpolaea ka lebaka la mosali oa ka.+ 12  Ntle ho moo, kannete ke khaitseli ea ka. Ke morali oa ntate oa ka empa eseng oa ’mè oa ka. Ke ile ka mo nyala.+ 13  Ha Molimo a re ke tlohe ntlong ea Ntate+ ’me ke be moleleri, ke ile ka re ho Sara: ‘U etse tjena ho bontša hore oa nthata:* Ha u bua ka ’na hohle moo re eang teng, u re: “Ke abuti oa ka.”’”+ 14  Ka mor’a moo, Abimeleke a fa Abrahama linku le likhomo, a mo fa le basebeletsi ba banna le ba basali ’me a khutlisetsa Sara ho Abrahama. 15  Abimeleke a re: “Ke u fa naha ea ka. Lula hohle moo u batlang.” 16  A re ho Sara: “Ke fa abuti oa hao+ lichelete tsa silevera tse 1 000. Ke pontšo ea hore ha u na molato ka pel’a batho bohle ba nang le uena le batho ba bang kaofela ’me ba tla u hlompha.” 17  Abrahama a etsa thapeli ho Molimo oa ’nete ’me Molimo a folisa Abimeleke le mosali oa hae le basebeletsi ba hae ba basali eaba ba qala ho ba le bana. 18  Jehova o ne a entse hore basali bohle ba ntlo ea Abimeleke ba se ke ba e-ba le bana* ka lebaka la Sara, mosali oa Abrahama.+

Linaletsana

Kapa: “a lula e le molichaba.”
Kapa: “se lokileng.”
Ka mantsoe a mang o ne a e-s’o ka a robala le eena.
Kapa: “u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “o ne a thibile ka ho feletseng popelo e ’ngoe le e ’ngoe ea ntlo ea Abimeleke.”