Genese 33:1-20
33 Jakobo a bona Esau a tla le bahlanka ba hae ba 400.+ A arola bana. Ba bang a ba fa Lea, ba bang a ba fa Ragele ’me ba bang a ba fa basebeletsi ba babeli ba basali.+
2 A beha basebeletsi ba basali le bana ba bona ka pele,+ ka mor’a bona ea e-ba Lea le bana ba hae+ ’me ka mor’a bona a beha Ragele+ le Josefa.
3 A ea ka pel’a bona ’me a khumama* ka makhetlo a supileng ha a ntse a atamela abuti oa hae.
4 Empa Esau a matha ho ea kopana le eena, a mo haka a ba a mo suna* eaba ba lla habohloko.
5 Ha a bona basali le bana a re: “Ke bo-mang baa ba nang le uena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Molimo a hauhetseng mohlanka oa hao ka bona.”+
6 Basebeletsi ba basali ba atamela le bana ba bona ’me ba khumama,
7 Lea a atamela le bana ba hae ’me ba khumama. Josefa le Ragele le bona ba atamela eaba baa khumama.+
8 Esau a re: “Ke hobane’ng ha u ile oa romela batho le liphoofolo tseo ke kopaneng le tsona?”+ Jakobo a re: “Hore u tle u nkhauhele moren’a ka.”+
9 Esau a re: “Ngoan’eso, ke na le maruo a mangata haholo.+ U se ke oa mpha a hao.”
10 Empa Jakobo a re: “Kea u kopa hle, haeba u nkhauhetse ke kopa u nke mpho ena hobane ke u tliselitse eona e le hore ke bone sefahleho sa hao. Ke bone sefahleho sa hao joalokaha eka ke bone sefahleho sa Molimo hobane u nkamohetse ka thabo.+
11 Ke kopa u nke mpho* e ileng ea tlisoa ho uena+ hobane Molimo o nkhauhetse ’me ke na le lintho tsohle tseo ke li hlokang.”+ A mo phehella ho fihlela a e nka.
12 Hamorao Esau a re: “A re tsamaee ’me ke tla li hula pele.”
13 Empa Jakobo a re ho eena: “Moren’a ka u hlokometse hore bana ba sa le banyenyane+ hape ke hlokometse linku le likhomo tse anyesang. Haeba li potlakisoa haholo ka letsatsi le le leng, liphoofolo tsohle li tla shoa.
14 Moren’a ka ke kopa u tsamaelle pele, ’na ke tla tsamaea ke iketlile le liphoofolo tsa ka le bana ho fihlela ke fihla Seire ho uena.”+
15 Esau a re: “Ke kopa ho siea ba bang ba batho ba ka le uena.” Jakobo a re: “Hobane’ng? Ke mpa feela ke batla hore u nkhauhele moren’a ka.”
16 Letsatsing leo Esau a khutlela Seire.
17 Jakobo a ea Sukothe,+ a ikahela ntlo ’me a hahela liphoofolo tsa hae masaka. Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Sukothe.*
18 Jakobo a tloha Padane-arame+ ’me a fihla a sireletsehile motseng oa Shikeme+ o naheng ea Kanana+ eaba o hloma litente tsa hae haufi le motse oo.
19 A reka tšimo ka likotoana tse 100 tsa chelete+ ho bara ba Hamore ntate oa Shikeme eaba o hloma tente ea hae moo.
20 A hloma aletare moo ’me a e bitsa Molimo ke Molimo oa Iseraele.+

