Genese 3:1-24

  • Motho o etsa sebe (1-13)

    • Leshano la pele (4, 5)

  • Jehova o ahlola marabele (14-24)

    • Boprofeta bo buang ka ngoana oa mosali (15)

    • Ba lelekoa serapeng sa Edene (23, 24)

3  Noha+ e ne e hlalefile* ho feta liphoofolo tsohle tse hlaha tseo Jehova Molimo a neng a li entse. Ea re ho mosali: “Na kannete Molimo o itse le se ke la ja litholoana tsa lifate tsohle tse serapeng?”+  Mosali a re ho noha: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng.+  Empa ha Molimo a bua ka litholoana tsa sefate se har’a serapa,+ o ile a re: ‘Ho hang le se ke la li ja ’me le se ke la li tšoara le ho li tšoara e le hore le se ke la shoa.’”  Noha ea re ho mosali: “Ho hang le ke ke la shoa.+  Molimo oa tseba hore mohlang le li jang, mahlo a lona a tla buleha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”+  Ka lebaka leo, mosali a bona hore litholoana tsa sefate seo ekare li monate le hore li ka jeoa. Kannete tsona li ne li khalisa. Kahoo, a kha tholoana ’me a e ja.+ Ka mor’a moo, a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a e ja.+  Mahlo a bona a buleha ’me ba hlokomela hore ha baa apara. Kahoo, ba ithatela thekeng ka makhasi a feie.*+  Mantsiboea ha ho ntse ho foka moea o pholileng, ba utloa lentsoe la Jehova Molimo serapeng* ’me monna le mosali oa hae ba ipatela Jehova Molimo har’a lifate.  Jehova Molimo o ne a ntse a bitsa monna a re ho eena: “U hokae?” 10  Hamorao monna a re: “Ke utloile lentsoe la hao serapeng ’me ka tšoha hobane ke ne ke sa apara eaba kea ipata.” 11  Molimo a re: “U boleletsoe ke mang hore ha oa apara?+ Na u jele tholoana ea sefate seo ke u laetseng hore u se ke oa ja tsa sona?”+ 12  Monna a re: “Mosali eo u mphileng eena o mphile tholoana ea sefate eaba kea e ja.” 13  Jehova Molimo a re ho mosali: “U entse’ng?” Mosali a re: “Noha e nthetsitse eaba ke ja tholoana.”+ 14  Jehova Molimo a re ho noha:+ “Ka lebaka la seo u se entseng, u rohakiloe har’a liphoofolo tsohle tse ruuoang le har’a liphoofolo tsohle tse hlaha. U tla hahaba ka mpa ’me u tla ja lerole bophelo bohle ba hao. 15  Ke tla etsa hore uena+ le mosali+ le hloeane+ le hore bana* ba hao+ le ngoana* oa hae+ ba hloeane. Ngoana eo o tla u khoba hlooho+ ’me uena u tla mo loma serethe.”+ 16  Molimo a re ho mosali: “Ke tla eketsa bohloko boo u tla bo utloa ha u imme. U tla utloa bohloko ba pelehi ha u ba le bana. U tla batla ho ba le monna oa hao ’me o tla u laola.” 17  Molimo a re ho Adama:* “Kaha u mametse mosali oa hao ’me u jele tholoana ea sefate seo ke ileng ka u laela ka re:+ ‘U se ke oa ja litholoana tsa sona,’ lefatše le rohakiloe ka lebaka la hao.+ U tla sebetsa ka thata* bophelo bohle ba hao hore u fumane lijo.+ 18  Lefatše le tla u melisetsa meutloa le lihlabahlabane ’me u tla ja limela tsa lona. 19  U tla ja lijo* ka mofufutso oa phatla ea hao* ho fihlela u khutlela mobung kaha u entsoe ka oona.+ U lerole ’me u tla khutlela leroleng.”+ 20  Ka mor’a moo, Adama a reha mosali oa hae Eva* hobane e ne e tla ba ’mè oa batho bohle ba phelang.+ 21  Jehova Molimo a etsetsa Adama le mosali oa hae liaparo tse telele tsa letlalo tseo ba tla li apara.+ 22  Jehova Molimo a re: “Motho o se a tseba botle le bobe joaloka rona.+ Joale ke tlameha ho etsa ho hong e le hore a se ke a kha tholoana sefateng sa bophelo+ ’me a e ja eaba o phela ka ho sa feleng.” 23  Jehova Molimo a mo leleka serapeng sa Edene+ ho ea lema mobu oo a ntšitsoeng ho oona.+ 24  Ka mor’a ho leleka motho, a beha likerubime+ le sabole e tukang e neng e bilika e sa khaotse ka bochabela ho serapa sa Edene. A etsa sena e le ho lebela tsela e eang sefateng sa bophelo.

Linaletsana

Kapa: “e le masene.”
Kapa: “feiga.”
Kapa: “ha a ntse a tsamaea serapeng.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
E bolelang “Motho; Batho.”
Ka Seheberu: “U tla ja lihlahisoa tsa lona ka bohloko.”
Kapa: “U tla sebetsa ka thata.”
Kapa: “bohobe.”
E bolelang “Ea Phelang.”