Genese 12:1-20

  • Abrame o tloha Harane o ea Kanana (1-9)

    • Tšepiso eo Molimo a e entseng ho Abrame (7)

  • Abrame le Sarai ha ba le Egepeta (10-20)

12  Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao le ntlong ea ntate oa hao, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.+  Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale ’me batho ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.+  Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke bitsetse bomalimabe ba u bitsetsang bomalimabe.+ Malapa ’ohle a lefatšeng a tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hao.”+  Abrame a tsamaea feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse ’me Lota a tsamaea le eena. Abrame o ne a le lilemo li 75 ha a tloha Harane.+  Abrame a nka lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona,+ a tsamaea le mosali oa hae Sarai,+ Lota ngoana oa ngoan’abo+ le basebeletsi bao a ba fumaneng Harane eaba ba ea naheng ea Kanana.+ Ha ba fihla teng,  Abrame a tsamaea ka har’a naha eo ho ea fihla Shikeme,+ haufi le lifate tse kholo tse sebakeng se bitsoang More.+ Ka nako eo, Bakanana ba ne ba lula naheng ea Kanana.  Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena.”+ Abrame a haha aletare sebakeng seo, moo Jehova Molimo a ileng a hlaha ho eena.  Hamorao a tloha moo a ea sebakeng se lithaba ka bochabela ho Bethele.+ A hloma tente ea hae pakeng tsa Bethele le Ai.+ Bethele e le ka bophirimela ’me Ai e le ka bochabela. O ile a hahela Jehova aletare+ moo eaba o qala ho bitsa lebitso la Jehova.+  Ka mor’a moo, Abrame a hlomolla litente ’me a leba Negebe,+ a tsamaea a hloma litente libakeng ka ho fapana. 10  Ha e-ba le tlala naheng eo ’me Abrame a ea Egepeta ho ea lula teng ka nakoana*+ hobane tlala e ne e le kholo+ naheng eo a tsoang ho eona. 11  Ha a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosali oa hae Sarai: “Mamela hle, kea tseba hore u mosali e motle.+ 12  Ha Baegepeta ba u bona ba tla re, ‘Enoa ke mosali oa hae.’ Ba tla mpolaea empa uena ba ke ke ba u bolaea. 13  Ke kopa u re u khaitseli ea ka e le hore ke se ke ka etsahalloa ke letho. U tla be u sirelelitse bophelo ba ka.”+ 14  Hang ha Abrame a fihla Egepeta, Baegepeta ba hlokomela hore Sarai o motle haholo. 15  Likhosana tsa Faro le tsona tsa mo bona ’me tsa bolella Faro kamoo a leng motle kateng eaba Sarai o isoa ka tlung ea Faro. 16  Faro a tšoara Abrame hantle ka lebaka la Sarai ’me a mo fa linku, likhomo, litonki tse tona le tse tšehali, basebeletsi ba banna le ba basali le likamele.+ 17  Jehova a otla Faro le ba lelapa la hae le basebeletsi ba hae habohloko ka lebaka la Sarai mosali oa Abrame.+ 18  Faro a bitsa Abrame a re: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Ke hobane’ng ha u sa mpolella hore mosali eo ke oa hao? 19  Ke hobane’ng ha u itse ke khaitseli ea hao?+ Ke batlile ke mo nyala. Mosali oa hao ke enoa. Mo nke ’me u tsamaee!” 20  Faro a laela bahlanka ba hae hore ba felehetse Abrame le mosali oa hae le lintho tsohle tseo a nang le tsona.+

Linaletsana

Sena se ka bolela hore a tla lokela ho etsa ho hong hore a hlohonolofatsoe.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “ho ea lula moo e le molichaba.”